MOSEBETSI O LOKELANG HO ETSWA
Transcript
MOSEBETSI O LOKELANG HO ETSWA Ho fana ka tshebeletso e ikgethang ho beng kaofela ba diphoofolo tse ruilweng ka ho lwantsha le ka patlisiso e atlehileng ya boshodu ba diruuwa. tshwauwa hape ho latela melao e fanweng. 1. M OLAO WA BOSHODU BA MOHLAPE, 1959 (NOMORO YA 37 YA MOLAO WA 1959) KAROLO 6 Motho ya rekisang diruuwa o tla fana ka tokomane ya lesedi: Tokomane ya lesedi e lokelwa ho tlatswa ke motho ya fanang ka mohlape: ➤➤ Karolo 6 (1) Motho e mong le e mong ho kopanyelletsa le mofantisi, moemedi kapa mmaraka o rekisang, ya bapatsang, ya fanang kapa ka mokgwa leha e le ofe a rekisa diruuwa leha e le dife ho motho leha ele ofe ka nako ya ho amohela o tla fa motho yeo a mo rekisetsang, a bapatsang, a mo fang kapa ho tsamaisa, o tla mo fa tokomane e bitswang tokomane ya lesedi. ➤➤ Karolo 6 (3) Motho leha e le ofe yeo a amohelang tokomane ya lesedi ho ya ka molawana (1) o tla e boloka ho yena bonyane ka nako e ka etsang selemo. diruuwa leha e le dife kapa dihlahiswa tseo e seng tsa hae a sebedisa mebila ya setjhaba kapa ka thoko ho mebila ya setjhaba ntle leha e ba o tshwere ho yena setifikeiti (setifikeiti sa tloso) seo a se fuweng ke monga diruuwa kapa dihlahiswa kapa moemedi ya dumelletsweng ka molao ke mong wa diruuwa. 2. M OLAO WA LESEDI LA DIPHOOFOLO, 2002 (NOMORO YA 6 YA MOLAO WA 2002) KAROLO 8 KAROLO 7 Diruuwa kapa dihlahiswa tse romelwang ka makoloi, tse romelwang kapa tse thothwang ho sebediswa mebila ya setjhaba kapa ka thoko ho mebila ya setjhaba: Mesebetsi ya monga diruuwa: ➤➤ Karolo 8 (1) e bontsha hore ha ho na motho ya ka kgannang, ho romela kapa ho thotha ➤➤ Beng kaofela ba dikgomo, dinku, dipodi le dikolobe ba lokela ho ngodisa letshwao la lesedi ofising ya mongodisi wa lesedi la diphoofolo. ➤➤ Monga diruuwa ka mong o lokela ho tshwaya diphoofolo tsa hae ka tsela yeo a laetsweng ka teng. ➤➤ Dikgomo , dinku, dipodi le dikolobe kaofela tseo letshwao la tsona la lesedi le sa hlakang kapa le sa bonahaleng, le lokela ho ➤➤ Beng ba phoofolo leha e le efe e nang le letshwao la lesedi, ya batlang ho rekisa, ho bapatsa kapa ho fana ka phoofolo mahareng a matsatsi a 14 ka mora hore e be monga phoofolo yeo, o lokela ho fa monga phoofolo e motjha tokomane ya lesedi. Sena se bolela hore mahareng a matsatsi a 14 phoofolo e ka tsamaiswa ka ntle le hore e tjheseletswe ka letshwao la monga yona e motjha kaha e se e ntse e na le letshwao la monga yona wa pele mme le tokomane ya lesedi e se e fanwe. ➤➤ Monga phoofolo ya batlang ho rekisa, ho bapatsa kapa ho fana ka phoofolo, o lokela ho tshwaya phoofolo ka letshwao la hae pele a e tsamaisa. Monga phoofolo o lokela ho fa monga phoofolo e motjha tokomane ya lesedi. Monga phoofolo e motjha o lokela ho boloka tokomane ya lesedi ka nako e etsang selemo. Sena se bolela hore ka mora matsatsi a 14 phoofolo e ka se tsamaiswe ka ntle le hore e tjheseletswe ka letshwao la monga yona e motjha le tokomane ya lesedi. 3. D ILEMO TSA DIPHOOFOLO KA NAKO YEO DI FUMANANG LETSHWAO (MOLAO 11) Kgomo ➤➤ E ka takwa mokgora ho tloha ha e na le kgwedi e lenngwe. ➤➤ E lokela ho tshwauwa ha e na le dikgwedi tse tsheletseng. – hape ➤➤ Di ka tjheselletswa ka letshwao ho tloha ha di na le dikgwedi tse tsheletseng. Dipere ➤➤ E ka tjheseletswa ka letshwao ➤➤ Di ka takwa ho tloha ha ➤➤ E lokela ho tjheseletswa ka ➤➤ Di ka tjheseletswa ka Diruuwa tse nyane 4. M OLAO WA 2000 WA POLOKEHO YA NAMA (NOMORO 40 YA MOLAO WA 2000) ha e na le dikgwedi tse tsheletseng - hape letshwao ha e na le meno a mabedi a ka pele a tsitsitseng (lekgatheng la meno a mabedi). ➤➤ Di lokela ho takwa mokgora ho tloha ha di na le kgwedi e lenngwe. Dikolobe ➤➤ Di lokela ho takwa mokgora ho tloha ha di na le kgwedi e lenngwe. di na le dikgwedi tse tsheletseng – hape letshwao ho tloha ha di na le dikgwedi tse leshome le metso e mmedi. KAROLO 7 Ho thibela ho hlajwa ha diphoofolo dibakeng tse ding ntle le dilagapaleng, le ba dumeletsweng ka ho kgetheha: Dimpshe ➤➤ Di ka takwa mokgora ho tloha ha di na le kgwedi e lenngwe Job No.: JS/282/3572d ho bona se lokelwa ho bolokwa se notletswe kapa ho thibelwa ka dinako tsohle. ➤➤ Karolo 7 (1) e bontsha hore ha hona motho yeo mohlomong a ka a) hlabang phoofolo leha e le efe sebakeng leha e le sefe ntle le selagapala; b) d umellang ho hlajwa ha phoofolo leha e le efe sebakeng leha e le sefe ka tlasa bolaodi ba hae ntle le haeba sebaka seo ke selagapala; kapa c) a ka rekisang kapa ho fana ka nama bakeng sa ho jewa ke batho le diphoofolo ntle le haeba e hlajwa selagapaleng; kapa ➤➤ Karolwana (1) ha e sebetse ha ho hlajwa bakeng sa ho jewa ke wena kapa bakeng sa morero wa setho kapa bodumedi. ➤➤ Karolo 7 (2) e bontsha hore ha ho na dihlahiswa tsa nama kapa diphoofolo tse fumanweng phoofolong e hlabuweng jwalokaha ho nahanetswe ka hloko ho temana (a) e ka nna ya rekisetswa motho leha e le ofe. 5. DITEMOSO ➤➤ Beng ba diphoofolo tse ruilweng ba lokela ho boloka diterata le diheke kaofela di le boemong bo loketseng ho sireletsa diphoofolo tsa bona tse ruilweng. Ho hirwa ha mosebeletsi ya kwetlisitsweng ka ho kgetheha a ka nahanelwa ho lebela terata letsatsi le leng le le leng. A ka bona haeba terata e na le masoba le mekoti e ka tlasa terata e ya lokiswa hanghang. O lokela ho hlahloba hore di lokisitswe wena ka bowena ➤➤ Sebaka sa ho laitjha ka masakeng kapa polasing se leng hole mme o sa kgone ➤➤ a o nahanela ho H reka polasi e nngwe e eketsehileng, hopola, “bahiri ba leng siyo ha ba bokelle dimela”. Ho e na le hoo leka ho reka haufi le polasi yeo o dulang ho yona ➤➤ Thibela hore diphoofolo tse utsitsweng hore di patwe sebakeng sa hao. Metebong ke sebaka se ratwang moo ho patwang diphoofolo tse ruilweng tse utsitsweng ha e le bosiu. Diphoofolo tse ruilweng tse sa tsejweng tse fumanehang metebong di lokela ho tlalehwa hanghang sepoleseng (SAPS). ➤➤ Diphoofolo tse ruilweng tse leng metebong di lokelwa ho balwa ke monga diruuwa ka boyena, bonyane hanngwe ka beke. ➤➤ Ha bahiruwa ba leng metebong le bona ba nale diphoofolo tsa bona, tsela e sebetsang ya ho thibela boshodu ba diruuwa ke ho dumella diphoofolo hore di kopane le ho fula hammoho. (ha o belaela hore bahiruwa ba nkga lefotha). ➤➤ Dinyewe tse ngata tse leng lekgotleng la dinyewe di ya hlolwa ka baka la tsekisano e mabapi le lesedi le loketseng la diphoofolo. Haeba phoofolo e tshwauwe ka letshwao le tjheseditsweng le ngodisitsweng kapa mokgora, ditsekisano di ka qojwa. Bahiruwa ba lokela ho tshwaya diphoofolo tsa bona tse ruilweng ka tsela e loketseng, ho latela Molao wa Lesedi la Diphoofolo, 2002 (Nomoro ya 6 ya Molao wa 2002), ka mokgwa o amohelwang ke wa ho tjhesetsa letshwao. ➤➤ O lokela ho ba hlokolosi ka ho kgethehileng nakong ya ha kgwedi e felletse, mafelo a beke le qalong kapa mafelong a kgwedi, kapa nakong yeo wena o tsebang ho ya ka phihlelo ya hao, ha boshodu ba diruuwa bo jele setsi (ho hlajwa ha diphoofolo). ➤➤ Beng ba diphoofolo tse ruilweng ba lokela hore ka nako tsohle ba tlalehe dinyewe tsa boshodu ba diruuwa tse etsahalang sebakeng sa bona hanghang. Ha o senya nako, menyetla ya katleho le yona ya fokotseha. ➤➤ Ho hlakile hore ke ha bohlokwa ho disa le bala diphoofolo kamehla. Hape o lokela ho beha diruuwa tsa bahiruwa leihlo. Haeba ho sa kgonehe ho bala diruuwa tsa hao letsatsi le leng le le leng, leka ho bala diphoofolo tsa hao bonyane habedi ka beke ka matsatsi a sa tshwaneng. O lokela ho qoba ho etsa dintho ka tlwaelo leha e le efe, haholoholo metebong, hobane bahiruwa ba hao e ka nna yaba mahlabaphio a mashodu a diruuwa. Kgaello le matshwao a bontshang hore ho ka etsahala hore o utsweditswe a lokela ho tlalehwa hanghang. Beng ba diruuwa ba lokela ho bala diphoofolo ka bo bona mme ba ka se tlohelle bahiruwa hore e be bona ba di balang kapa ho kenya tletlebo leha e le efe. ➤➤ Ha o nahanela batho ba kentseng kopo ya ho batla mosebetsi, o lokela ho etsa dipatlisiso ho bahiri ba nako e fetileng ho fumana lebaka la nnete hore hobaneng mohiruwa yeo a tlohetse mosebetsi wa hae wa nako e fetileng. O lokela ho etsa dipatlisiso le sepoleseng (SAPS) ho fumana haeba motho ya kentseng kopo ya ho batla mosebetsi o na le rekoto ya tlolo ya molao. Fumana hore ke mofuta mang wa tlolo ya molao yeo motho ya kentseng kopo ya ho batla mosebetsi a nang le yona. ➤➤ Bahiruwa ba lokela ho kwetlisetswa hore ba kgone ho bona haeba ho na le ntho e sa tsamayeng ka tshwanelo. Kopa bahiruwa ba hao hore ba hlokomele seo ba se buwang ka se etsahalang polasing ha ba nale batho bao ba sa ba tsebeng. Ho bua feela ho ka lebisa ho lahlehelweng ke diruuwa. ➤➤ Tlalehela Yuniti ya Boshodu ba Diruuwa hanghang ha barekisi ba bapatsang kapa barekisi ba diruuwa ba tswang dinaheng tsa boahisane ba ntse ba kena le ho tswa sebakeng sa hao. O lokela ho boloka tlaleho e loketseng ya bao ho ka etsahalang hore ba reke diruuwa hang feela ha o kena ditherisanong tsa ho rekisa. ➤➤ Ho bohlokwa ho ngodisa diruuwa ka botlalo mme ha ho na se ka nkelang seo sebaka. Tiiseha hore o boloka tlaleho e ngotsweng fatshe kamoo o ka kgonang mme o boloke tlaleho e le nakong wena ka bowena. ➤➤ O se ke wa dumella batho ho lelera polasing kapa batho ba botswa le ba sa sebetseng hore ba dule sebakeng sa hao. Batho bao le sa ba tsebeng ba kenang polasing kapa ba etelang basebetsi ba lokela ho fumana tumello ya hao pele. Etsa hore ho be le tsamaiso e laolang baeti, moo ho ngolwang fatshe lesedi la baeti ba tlang polasing, ba etela mang le hore ba tsamaya neng. ➤➤ Hangata ho etsahala hore beng ba diruuwa tse leng moeding ba nka karolo thekisetsanong e seng molaong le baahi ba dinaha tsa boahisane ka tsela e itseng jwaloka ho hirisa makgulo a ho fula. Ho na le mehato ya molao e lokelang ho latelwa maemong ao, empa ha a sa latelwa, diketso tse jwalo di bula menyetla ya tlolo ya melao le boshodu ba diruuwa. ➤➤ Hangata ho etsahala hore dinyewe tsa boshodu ba diruuwa di phumulwe kapa ho qeaqea ha batletlebi ba bang hore ba ye lekgotleng la dinyewe ho mamela nyewe. O lokela ho bontsha thahasello dinyeweng tse rarollotsweng mme o be teng dinyeweng kaofela tsa lekgotla la dinyewe. SA BOHLOKWA KA HO FETISISA ➤➤ Bala diphoofolo tsa hao tse ruilweng KAMEHLA. ➤➤ Tlaleha dinyewe KAOFELA tsa boshodu ba diruuwa HANGHANG. ➤➤ Boloka TLALEHO YA DIPHOOFOLO TSE RUILWENG e le tlasa taolo. ➤➤ TSHWAYA diruuwa tsa hao ka tsela e loketseng.
Documenti analoghi
Meditation Ke Eng?
I the soul. I am light, eternal and peace. Mna mphefumlo Nna moya o philang Ndilukhanyo Kekganya
Ndiluxolo Ke kgotso
193.08 KB - IHSN Survey Catalog
V46. SHOW CARD: Batho ba bang ba ikutlwa hore ba na le kgetho e lokollohileng le taolo e
phethahetseng maphelong a bona, ha batho ba bang ba ikutlwa hore seo ba se etsang
ha se na kamo ya nnete ho ...
- iBrarian
Ho kopitsa sengolwa ho tswa moithuting e mong kapa ho tswa dibakeng tse ding (mohlala
ho tswa bukaneng ya tataiso, buka e kgethetsweng ho balwa kapa ho tswa inthaneteng ka
ho otloloha) ha ho a dume...
maele le maelana a basotho ngoaha kete wa 2000
Ho hlokomedisa Basotho hore ho na le kgetho e fetang 1000 ya maele le maelana
kapa dika-puo tsa Sesotho ao ba ka kgethang ho a sebedisa letsatsi le letsatsi ntle
le ho sebedisa maele a merabe le di...