Meditation Ke Eng?
Transcript
Meditation Ke Eng?
BRAHMA KUMARIS THUTO YA PELE MOYA/PELO - / KE MANG? Meditation Ke Eng? Ho ya ka moetlo, ho tloha kgale batho an neb a ipha nako ba tlohele seo ba se etsang ho ipha motsotso le modimo. Ho ipha motsotso le modimo ho a thusa ho phodisa kelelo, fela ke ntho ya nako e kgutshwanyane hobane e fela kapele. Ke hao ho hoo ho hlokalang mokgwa oo re ka o sebedisang hore kellello e tsebe ho hlaka le hona hoba le kgotso nako teletsana. Hore re fumane kgotso le ho hlaka hona, re hloka ho ihlahloba ka botebo. Ho ihlahloba ka botebo ho tla rethusa hore re itsebe hore re bo mang. Meditation de yona ntho eo e ka re thusang. Meditation, ke ha motho a nka sebaka hore a thole a imamele.Ho imamela hona le ho thola, e leng yona meditation, ho thusa ho iphekola ka hare, ho iphekola moyeng. Hore pheko ena ya kahare e tle e phethehe, re tshwanetse re itsebe hore motho ke eng, re bo mang. Potso he ke hore re bo mang? Re bo mang? Ka setho ha motho are be botsa hore re bo mang, re araba ka ho hafa motho lebitso, sefane kapa seo motho a se anang (isithakazelo). Mabitso a bohlokwa hore ho seke hwaba le moferefere lefatsheng? Fela ana re ona mabitso are rona na? Ha re nkeng example ya dikeledi. Ha dikeledi a nyalwa, mabitso are hae a fetoha, an hona ho bolela hore motho ya bitswang dikeledi ha a sa phela na? Tjhe, ho fetohile fela letswaho la dikeledi, fela motho yena ontse a le teng. Nakong engwe ha motho are botsa hore re bo bang? re mofa mosebetsi oo re o etsang. Re e rere, nna ke ngaka, ke moruti, ke tithere, ke leponesa, magiseterata kapa jwalo jwalo. Ha re nkeng example ya lona leponesa, ana ha ntate leponesa a ka fellwa ke mosebetsi re tlare ha a sa sa le teng na? Tjhe, ho fedile fela letshwaho la boponesa, motho yena ontse a phela. Nakong engwe ofana ka karabo ya hore, ke ntate wa semangmang, ke mme wa semangmang. Kapa seo o dumelang ho sona, jwale ka, ke mosione, ke mokereste, ke moposetola. Kapa moo otswang teng, jwalo ka, ke moAmerika, ke moSouth Africa, jwalo jwalo. Dipotso ke hore: Ha ngwana hao a ka hlokahala ho sala eng? Ha bodumedi ba ha obo fetoha ho sala eng? Ha tloha Africa o nka bodule ba Japan re o bitsa mang? Ya ho qetela ke yona mmele ya rona. Motho o ba, leseya, ngwana, motho e moholo, motsofe. Ho hlakile mona hore mmele o a fetoha, fela ho na le setho se sa fetoheng. Hare shebisisa ntho tsena tse re fanang katsona ha motho are botsa hore re bo mange, ke ntho tse fetohang kaofela. Potso ke hore, ana setho sena se bitswang motho le sona se a fetoha na? Tjhe setho sena ha se fetohe ho fetoha matswhaho fela. Ke eng setho sena se sa fetong? Ke eng setho sena? Setho sena se sa fetoheng se bitswa soul (moya). Ka setho, soul ena e bitswa moya/pelo. Soul ke yona ntho e sa fetoheng ha matswaho ohle are ntse a fetoha? Soul ena ke naledi e dutseng bohareng ba phatla, ke ka hoo e nang le ho bitswang lihlo la boraro. Soul e matla haholo, ke a mokgwa oo e tswantshwang le letsatsi. Letsatsi le dula lehodimong mong tulong ele nqwe, fela le kgona ho fana ka kganya lefatshe ka bophara, le tlisa ho mofuthu, le thusa pula, le a hodisa, le tse ding tse ngata. Jwalo fela, soul e tlisa bophelo. Ha soul e siya mmele, motho ho thwe o hlokahetse. Soul ke yona mokganni mmele. Soul ha e kena mmeleng, motho o qala ho hema, madi a qala matha, pelo e otle, jwalo jwalo. Ha e tsamaya, ho thola hore tu. Jwalo ka ha re boletse, Soul ena, ke naledi eo o keng wa ebolaya. Ena le bophelo bo sa feleng. Ha ena qalo le pheletso. Soul ena le mekwa e mehlano: 1. 2. 3. 4. 5. Lerato Ho hweka Lethabo Kgotso Matla Ntho e makatsang ke hore diketso tsa batho ba bangata ha di tswhane le mekgwa e metle ena ya soul. Hobaneng hole jwalo? Karabo ke hore bongata barona re itebetse hore re bo mang. Re lebetse botle ba rona, re nahana hore re matswaho ao re neng re buwa ka ona. Meditation ke mokgwa o tla re thusa ho re hopotsa hore re bo mang? MEDITATION COMMENTARY Who am I? Ndingubani, Ke mang? Who am I really? Ndi ngubani kanye kanye? Ke mang hantle-ntle? Am I this body? Ndi ngu lo mzimba? A ke mmele ona na? Am I this name that was given to me? Ingaba ndileli gama ndilithiyiweyo? E kaba ke le bitso lena ke lineyilweng? Am I just a woman ? Ingaba ndingu mntu wesifazana? E kaba ke motho wa mosadi fela Someone’s daughter? Intombi yomntu? Moradi wa motho emong? Or someone’s mother? Okanye ndi ngu mama umzalikazi? Kapa ke mme motsoadi ? I am none of these. Andizizo zonke ezizi nto. Ha ke dilo tsena kaofela I am a soul. Ndingu mphefumlo Ke moya ophilang (breath of life) I am tiny star. Ndiyi nkwenkwezana Ke naledinyana A tiny point of light. Ndilichaphazana lokhanyo Ke khanya enyinyane I sit in the centre of my forehead. Ndihlala ebunzini lam. Ke dula mophatleng yaka. Right here between my eyes. Apha phakathi kwa mehlo am omabini Hona mo hare ha mehlo aka omabedi. I am indestructible. Andina ko uku tshatyalaliswa. I do not die. Andifi Ha ke shwi I am invisible. Andibonwa ngeliso lenyama. Ha ke bonwi ka leihlo la nama. I am eternal. Ndiphila unaphakade Ke phila bo phelo bo safeleng …….. I am peace. .Ndiluxolo Ke kgotso I the soul. I am light, eternal and peace. Mna mphefumlo Nna moya o philang Ndilukhanyo Kekganya Ndiluxolo Ke kgotso . THUTO YA BOBEDI LE BORARO MOLAO WA DIKETSO Hobaneng Ketso di sa tswane le botho ba rona eleng Soul? Ho thuto ya pele re ile ra buwa ka hore moya(soul) ke setho se nang le mekgwa e metle, e leng: matla, ho halalela, kgotso, lerato, lethabo. Fela hare sheba diketso tsa batho lefatshe ka bophara, ho hlakile hore, ketso tsa rona ha di tshwane le mokgwa wa rona wa nnete eleng ketso tsa rona tse ntle. Hobaneng hole jwalo? Karabo e ho mokgwa oo soul e bopilweng ka teng? Tlhaloso ya sena e tla etsa bonolo hore re bone hore hobaneng ketso tsa rona di sa tshwane le mokgwa wa rona. Soul e bopilwe jwang? Soul ena le dikarolo tse tharo: Kelello, Mahlale le Mabadi. Mosebetsi wa Mind (kelello) Ngwana Hopola Bopa menahano Nahana Mosebetsi wa Intellect (Intellect) Motswadi Mosebetsi wa Habits (Mekgwa)Disebedis wa Thusa ho nka qeto tse nepahetseng Ena le matla a ho bona nnete le hofosahala hobane e sebetsa ka bohalaledi. Laela kelello Mekgwa eo re itlwaeditseng yona Dimpho tsa rona Bokgoni ba rona Bofokodi ba rona Kelello (Mind) Kellelo ke setho se tshwanang le ngwana ya monyenyane. E tlalatlala hohle, e hloka motswadi ya ka e bontshang tsela. Motswadi enwa ha se motswadi fela, ena e tshwanetse hoba motswadi ya nang le bokgoni ba ho bontsha ngwana tsela. Motswadi enwa ke mang? Mahlale (Intellect) Mahlale ke ona motswadi. A laola ngwana enwa e leng kelello. Ha mahlale a hlwekile a halalela, a kgona ho laela ngwana hantle a mmontse tsela e nepahetseng. Meditation ke yona tsela ya ho hwekisa mahlale, ke ka hoo re eletsang batho hore ba e etse meditation. Tlwaelo (Habits) Tlwaelo ke mekgwa eo re itlwaeditseng yona. Tlwaelo di kaba ntle kaba mpe kapa ntle. Mohlala wa tlwaelo ke tse ntle ke: ho tsuba, ho nwa, botswa, leshano. Mohlala wa tlwaelo tse ntle ke: ho kgothala, molemo, ho hlweka, ho hlompha. MOLAO WA KARMA Karma ke lentswe la sehindi le bolelang ketso. Jwale ka ha re tseba, ketso e kaba e molemo kapa mpe. Ha re buwa ka diketso, ke kenyeletsa tse latelang: menahano, mantswe a re wa buwang, le mesebetsi ya rona. Ketso tse ding di utlwisa bohloko ha tse ding thabisana. Hotswa ho motho hore o kgetha ketso tse feng. Ho bohlokwa ke ho tseba hore ketso enqwe le engwe e na le moputso. Ke eng (Karma) molao wa mesebetsi? Fela tjeka ha re ena le melao e laolang lefatshe re na le melao e laolang bophelo ba mwwe oya. Melao ena e mengata, o mong ya melao wa bohlokwa ke molao wa Karma (Diketso). Molao wa Diketso ore, Ketso engwe le engwe ena le moputso wa yona. Ha o etsa bobe, o kotual bobe. Ha o kotula botle, o kotula botle. Molao ona o ama motho e mang le e mong. Ha o kgethe. Diketso di akaretsa monahano,dipuo, mekgwa le meya. Diketso tsa rona di tshwana le ntlo ya poloko ya tjhelete. Ntlong ya poloko, ha o kenya tjhelete e a oketseha, ha o entsha e a fokotseha. Dikentso, ketso tse ntle di tshwana le ha o Kenya tjhelete, ha tse mpe di tshwana le ho ntsha tjhelete. Ha o etsa ketso tse ntle, o ba moruwi wa lethabo ha mmoho le ketso tse ntle tse tlang ho o latela. THUTO YA BONE MODIMO – MOYA OF PHAHAMENG Modimo ke Mang? Modimo moya o tsejwang ke batho ba bangata lefatsheng ka bophara. O a ratwa ebile o a hopolwa. Batho ba bang morata hoo ba iketsang sehlabelo. Ke eng ka modimo e etsasang lerato le leholo hakana dipelong tsa batho? Moimo o bitswa Mang? Batho ba merabe le ditumelo tse fapaneng ba mobitsa ka mabitso a fapaneng, jwalo ka, Modimo, Shiva, God, Johova, Nkulunkulu, Modimo, Allah, hoya jwalo jwalo. Mekgwa ya modimo ke e jwang? Tsebo ya rona ke hore Modimo ke moya ebile o lesedi. Ha ana mmele, ha a na qalo le yona pheletso. Modimo o lerato le fetisisang, o matla, o kgotso, o a halalela, le tsebo, o hlwekile. Phapang ya Modimo le soul tsa rona ke eng? 1. Ha ana mmele o leng wa hae ka hoo o dula a halaletse ka ho safeleng 2. O phahame ho feta tekano 3. O tseba tsohle 4. Ha a utlwe bohloko ebile ha a utlwe monate 5. O phela ka ho sa feleng 6. Ke nnete Mosebetsi wa Modimo ke eng? Ba bang bare ore shebile tsatsi le letsatsi, bare o ngola tsohle tseo re di etsang bukeng e kgolo, ebe wa otla kaba wa re putsa. Re tswallana jwang le modimo? Re tswallana ka tsela tse ngata le modimo: Modimo ke ntate, ke mme, mosuwe, motswalle, moeletsi, ke moratuwa, jwalo jwalo. Mosebetsing wa Modimo ke eng? Mosebetsi wa modimo ke hore hlwekisa, ho re retle re hopole hore re bo mang. Re hopole bottle ba rona boo re bo lebetseng jwalo ka hore: re lerato, re a halalela, rena lekgotso, re lethabo, re matla. Ke efeng tsela e re ka e sebedisang ho kopana le modimo? Le ha Modimo a le lehodimong hona le kgonahalo ya ho ikopanya le yena. Mokgwa oo re o sebedisang ke ho nahana ka yena, le ho mohopola ka tsela ya hothola (meditation). Re sebedisa monahano hobane monahano o kgona ho fihlella tulong eo mmele o sa kgoneng ho fihlela. Modimo o dula kae? Modimo o dula lehodimong moo meya kaofela e tswang teng le moo e tla kgutlelang teng. Tulo ena ke tulo e hlwekileng, e halalelang, ho renang kgotso le ho thola, ha hona phetoho.
Documenti analoghi
MOSEBETSI O LOKELANG HO ETSWA
ho rekisa, ho bapatsa kapa ho
fana ka phoofolo, o lokela ho
tshwaya phoofolo ka letshwao
la hae pele a e tsamaisa.
Monga phoofolo o lokela ho
fa monga phoofolo e motjha
tokomane ya lesedi. Monga
ph...