SST62-1230E Na Ee Ke Pontsho Ya Bofelo Monghadi? VGR
Transcript
SST62-1230E Na Ee Ke Pontsho Ya Bofelo Monghadi? VGR
NA EE KE PONTSHO YA BOFELO, MONGHADI? 1 Na Ee Ke Pontsho Ya Bofelo, Monghadi? ` Ke o leboha, haholo, Moena Neville. Dumelang mantsiboyeng, metswalle ya ka e kgabane. Ke thabo ho kgutla hape, bosiung, tshebeletsong ya Morena, Modimo wa rona. 2 [Moena Neville o mabapi le maekrofone, “O sebetsang ke ona, mona.”_Mong.] Ona ke wona. Oh, ee. Ho lokile. 3 Ke le tshwareletse haholo, hoseng hona, hoo ke utlwang eka ke loketse ho potlaka ruri bosiung bona. Kgele, kamoo ho neng ho le hobe, mme ho engwe, mme ho hobe hakaalo bosiung bona. Ka baka leo, ho se ho se hokae re tla le etsetsa sebaka se itseng, le a bona, hang feela ha kereke e fedile. Tjhe, empa ha re lekanya ho dula nako e telele haholo bosiung bona. 4 Empa, hosane bosiu, re lekantse ho qeta nakwana. Hosane bosiu, ha ba bang ba lona ba ka kena, hosane bosiu, kgele, re lebeletse ho ba le monyaka o moholo Moreneng. Ho tla ba le ba bang ba banna ba kgabane mona hosane bosiu. Re tla, rona bohle re na le nako^ 5 [Monyane wa Moena Branham, Edgar Branham, o re, “O moratuwa, ema! Ke bile le kopo ho o kopa. Ke lebeletse ho o bolella. Empa, bongata ba batho mona ba re kamehla o be o ntse o potlakile, ho tswa tshebeletsong. Empa hosane o ka fumana nako yohle eo o e batlang, ho tloha ka hora ya bosupa ho isa ho leshome le metso e mmedi, ha feela o ka e nka. Jwale, ke seo mokgopi o mona o nkopileng ho o kopa sona. Ka baka leo jwale o ka nna wa ba hlalosetsa sona, ha o no sa hopole jwalo.”_Mong.] 6 Re tla jesa selallo ka kgitla bosiu, hosane bosiu. Ke a kgolwa le tla_le tla rata ho ba le^ho kena nthong eo. Nakong eo bohle ba hlabang ditlatse mme ba hweletsa, le ho thunya, le ho nwa, le ntho tse ka tseo, re tla inama feela ka tshabo pela Modimo [Sekgeo lebanteng_Mong.] mme re je selallo, le ho qala selemo ka dikano tsa rona, dipelo ho Modimo, boinehelong ho Yena. 7 Mme ho tla ba le dibui tse ding tse kgabane mona hosane bosiu, ehlile ruri. Ho na le ba bang ba kgabane^Moena ya tswang Georgia o teng kwano, Moena Palmer, sebui se setle. Moena Junior Jackson o tla ba teng mona hosane bosiu; Moena Beeler, Moena Neville. Oho, kgidi, kgidi! Ho ya jwalo le jwalo, banna ba batle ba Modimo ba tla ba teng mona, Moena Wilbur 2 LENTSWE LE BUILWENG Collins, le baena bao bohle ba nnileng ba re fa melaetsa e meholo hakana. Mme mohlomong le ba bang ba tla fihla, ka hona re ka lebella nako e hlohonolofetseng hosane bosiu. 8 Jwale, mosadi wa ka o itse, “O se bolele taba ena,” empa ke tla e bua leha ho le jwalo. Ke maswabi ha ke itse “empire,” hoseng hona bakeng sa “umpire.” [Moena Branham le phutheho ba tsheha_Mong.] Billy, o na dutse morao mane, a re, “Ke eo a e ya.” 9 Ke itse, “Empire”; o loketse ho ba le “empire.” Ke ne ke bolela, “umpire.” 10 Ke tshwana leha ba boletse kaha moDatjhe, le a tseba. “Le se nkuke hodima seo ke se buang, empa seo ke se bolelang.” 11 Ka re, “Ke nahana ba nkutlwisisa, ka mora dilemo tsena tsohle.” Le a tseba, ekaba^ 12 E se ka ba dilemo tse mashome a mararo ke le ka morao ho sefala sena mona. Dilemo tse mashome a mararo ka tabernakeleng ena! Le loketse le be le ntseba jwale, na ha le lokela? Oho, kgidi! Ruri thuto yaka e lekantswe, e seetswe moedi. Empa ha ke_ke kgone ho bua, empa ke etsetsa Morena lerata la nnete. 13 Mme, moena, ke kgolwa e ne e le Ngaka Lamsa, wa lefapha la Bibele ya Lamsa, ya neng a le phetolelong, ya itseng^ 14 Ka mohla o mong ke ne ke bua, mme ke sa tsebe o na le teng mono. Mme a kgutla mme ke bua ka Urime Thammime, mme he a bua ka Lesedi leo. Mme a re, “Molato ke eng ka batho bana kajeno?” Mme ka re^A re, “Lebaka leo batho, bafotoledi, ba hlolehileng ho fetola Bibele hantle, bafetoledi ba lekile ho fetolela ka seYiddishe se hodimo. Mme Jesu, ho bueng, o buile boemong ba bo-eseng-mang, jwaloka ha batho ba seterateng ba ne ba bua. 15 Mme, le a tseba, ho na le Lengolo mane ho Luka, le itseng, “Batho ba tlase ba ne ba Mo utlwa ka thabo.” O buile ka puo ya bona. Ke a tshepa ho jwalo, hape. 16 Re thabetse Morena. Jwale, ke a tseba, ke bone mafumahadi ao a eme hohle. Ho hobe ho bona banna ba eme, ha ke sa bua ka banana ba le bashanyana, le mafumahadi, le jwalo, ho engwe hohle maboteng, le bana ba banyenyane. Empa, feela re hloka sebaka se lekaneng sa ho dula. Ka baka leo, re rapela hore, nako e tlang ha re tshwara dikopano, ka morao ho veke ena, ka mora nako ena^ 17 Le a tseba, ntho e latelang, ho ya ka tsebo ya rona, ke Ditiiso tseo tse Supileng. Mme, ha Morena a rata, re tla qala ka tsona hang feela hoba kereke e qetwe, ho hahuwa, re tle re kene ka mona. Re tlela ho kgakola hape. Mme mohlomong kaekae ho tloha vekeng e le nngwe kapa ho ya ho tse tharo, mme mohlomong diveke tse tharo, kopano, ya letoto jwale, e tlang NA EE KE PONTSHO YA BOFELO, MONGHADI? 3 bakeng sa tseo_tseo Ditiiso tse Supileng. Ka baka leo, re lebeletse nako e kgolo ho Morena, nakong eo. Mme re tla^ Lona bohle batho ba tswang ka ntle ho motse, re tla le romella ka poso ditlankana le ntho e nngwe le e nngwe, le ho le tsebisa hantle feela nako, mohlomong veke, kapa tse pedi, pele ho nako. 18 Sehahi, ho latela kamoo ke utlwisisitseng Billy a bolela bosiung bona, o tlabe a qetile ka la leshome la Hlakola. Tjhe, haeba a qetile ka la leshome, mohlomong re tla qala ka la leshome le metso e mehlano, he. Ka hona, hang feela hoba ba qete, re tla qalella hantle ka ntho eo. 19 Motsofe Kgaitsedi Kidd o ile a ntetsetsa, nakwaneng ya ho feta, mme a batla a le makgatheng a ho lla. A re, “Moena Branham, re lekile ka matla ho dumisa koloi eo ya kgale, mme e hanne ho duma. Ka baka leo,” a re, “o rapele hore e tle e dume, mme ke tla tla hosane.” Mme a re, “Ke a ipotsa na nka fumana sebaka sa ho dula na?” 20 Ka re, “O se tshwenyehe, re tla ba le_le phaposi, Kgaitsedi Kidd, hang feela ha o fihla^” 21 Wa re, “Ho hlohonolofatswe pelo ya hao.” Ha thwe, “O a tseba, haeba o tla tshwara ditshebeletso ho fihlela hora ya leshome le metso e mebedi,” ha thwe, “ha ke batle ho tswela ntle ka morao ho hora ya leshome le metso e mebedi.” 22 Le a tseba, yena le Moena Kidd ba batla ba le dilemo tse mashome a robedi le metso e mehlano, e mong le e mong wa bona, mme ba sa le tshebetsong ya efangeli. Le a tseba ba etsang? Ba na le sehatisi sa mantswe, mme ba nka Melaetsa yaka mme ba ye kokelong ho ya kokelong e nngwe, ho tswa tlung e nngwe ho ya ho e nngwe, ba letsa ditheipi. Jwale, ha seo e se, ho se tele! Ke hona ho se behe meja fatshe. Ke ho boloka Tumelo, ho isa pheletsong, ho shwa ka Sabole e le letsohong. Ke wona mokgwa wa ho tsamaya. Ke tsela eo ke batlang ho sebetsa ka yona. Uh-huh. 23 Mme jwale he, mme a re, “O a tseba, ha nka tswela, mmileng kwana, ka hora ya leshome le metso e mmedi,” a re, “mme ka mora hora ya leshome le metso e mmedi bosiu, ho leka ho fihla hae, homme matemona ao wohle a tahilweng, a re, “a kgannang,” ha thwe, “a mathela mona le mane, ho nowa.” A re, “Matemona ao a tletse hohle,” a re, “Ke ne ke tla tshohela lefu.” 24 Moena Pat, ruri ke nthwana batho ya kgale. Ke ba bakae ba tsebang Kgaitsedi Kidd? [Phutheho e re, “Amen.”_Mong.] Yena feela ke^Mothwana ya shebahalang a tletse kgalalelo! 25 Mme, nakong ha, nahanang feela, dilemo le pele ke hlaha (mme ke motsofe), keha le hodima dithaba kwana, yena le Moena Kidd. O ne a ye a hlatswe, letsheare lohle, lepolankeng la ho hlatswetsa, ho fumana disente tse leshome le metso e 4 LENTSWE LE BUILWENG mehlano kapa mashome a mabedi bakeng sa diphahlo, ho mo romela ntle sebakeng se seng, siung boo, ho rera. Merafong eo ya mashala hodimo mane Kentucky, moo o^motho e mong o na loketse ho o disa ka sethunya, ho ka nyoloha leralla, ho ya moo o neng o lokela ho rera. Oho, kgidi! Ke ntano, nahana: A ke loketse ho nkelwa hae Lehodimong, moalong wa boiketlo wa dipalesa, Ha ba bang ba lwanne ho hapa kgau le ho sesisa mawatleng a madi? Ke tshwanela ho lwana haeba ke tshwanela ho busa; totisa sebete saka, Morena! 26 Hoo ke hore, homme ke batla tshehetso ya Hae, ka Lentswe la Hae. Ke seo ke se batlang siung bona. Jwale, ke kgolwa dihatisi di se di tsweletse jwale. 27 [Moena e mong o re, “O se lebale hlohonolofatso ya lesea.”_Mong.] Oh, ee. Ke na le^Ke maswabi. 28 Kgaitsedinyana o na nkile lesea mona, hoseng hona, a batlileng le hlohonolofatswe. Mme ka mmolella hore ruri re tla etsa hono bosiung bona, homme jwale. Mme, hosane bosiu, re tla ba le hlohonolofatso ya masea, ditshebeletso tsa phodiso, ntho e nngwe le e nngwe eo re ka kgonang ho feta ho yona. Re tla ba le nako e ngata. Ka baka leo, haeba kgaitsedinyana eo a le teng mona, mme a tshwere mothwana wa hae. 29 Mme ke a kgolwa ke na le batho ba itseng ba tswang hole haholo, mme ba ne ba le teng mona hoseng bakeng sa puisano e ikgethileng, le bakeng sa ho hong. Mme eka ba ne ba loketse ho kopana mono hoseng hona, mme Billy a lokela ho ba emisa ho fihlela bosiung bona. Mme a se ke a kgona ho ba fumana kae kapa kae, le a bona, bosiung bona. Ha o le teng mona, kgaitsedi, ke bile morao mane nakwana e ngata, ke lebeletse, le ho bona haeba a ne a ka fumana mofumahadi eo. E le ba babedi ba bona, ke nahana jwalo, ba neng ba le puisanong e ikgethileng ho hlaha hole kwana ntle ho naha. Ka baka leo, re_re a tshepa, ha nka le fosa, nka kgona ho finyella ho lona kapele kamoo nka kgonang, mohlomong hosane bosiung, ho keneng. 30 Jwale, ke a kgolwa, na enwa ke yena mofumahadi, ya tlang, ka leseanyana ka_ka jampara e boputswa ba lehodimo? 31 “Jampara”? Meda, ke_ke_ke ne ke sa bolele hono, moratuwa, seo e ka bang sona. Eka mosenyana wa ntho^ Jampara, ke ba bakae ba tsebang e_e jampara ke eng? Kgele, ehlile. Ke ofarolo ya kgale ya bakana, ho nna. Ka baka leo_ka baka leo^ 32 Kgele, ke leseanyana la Dallase. Be, ke hantle haholo. Moena, na o ka tla kwano hodimo. Ntshwareleng. [Moena Branham o sutha maekeng mme o ya lehlakoreng le leng la sefala_Mong.] NA EE KE PONTSHO YA BOFELO, MONGHADI? 5 33 Tjhe, tjhe, eka ke rata leselanyana leno mono, leo o le kentseng. Lebitso la lona ke mang? [Ntate o re, “Rebekah Lynn.”_Mong.] Rebekah Lynn, L-y-n-n. Mme lebitso la_la hao le qetellang ke mang? Stayton. Rebekah Lynn Stayton. Na ho nepahetse? Na nka mo nka? [“Ka sebele.”] Ke a tseba ho batla ho le boima, ho fana ka motho jwalo feela. Na ha ho hotle? Ngwananyana e motle ke enwa. Rebekah Lynn Stayton. 34 Lapa lena le fetile hara tse ngata. Mofumahadi enwa, e monyenyane mona, le molekane wa hae, ba sa tswa bolokeha nakwaneng le ho kenngwa tsebong ya Morena. Mme jwale, kopanong ya bona, Modimo o nehelane ka Rebekah enwa e monyenyane, mme ba le tlisa ho Morena. 35 Jwale, batho ba bangata, ba bitsa e sa feleng^kolobetso ya masea, kerekeng ya Methodise le tse ding tsa tsona tse ngata, mme ba ba fafatsa ka e sa le masea. Jwale, hoo ho itoketse, ho ya kamoo ke lekanyang. Empa feela re leka ho dula le seo Bibele e reng se etswe. Mme ka Bibeleng, mono (ha ho) le ho leka ntho e kang ho kolobetsa maseanyana; ha ho sebaka ho theoseng ka hisetoti, ho fihlela kereke ya Katolike ya Pele, ho ya kamoo re tsebang kateng, eo e neng e le^ho latela Evangedi. 36 [Ngwana o a lla, “Ngwee!”_Mong.] Ka hona, ke tsela feela ya ho re, “Amen.”^?^Ka hona, le a bona, le loketse ho fumana tlhaloso. 37 Ka hona, empa, ka Bibeleng, ba tlisitse bana ba banyenyane ho Jesu, A tle a ba hlohonolofatse. Mme A bea matsoho a Hae hodima bona le ho ba hlohonolofatsa. Mme, hono, re sa tswellisa hono. Jwale a re inamiseng dihlooho tsa rona. 38 Ntata rona ya Mahodimong, mosadi enwa e motjha le monna e motjha ba tla bosiung bona le Rebeka enwa e monyenyane e motle ya neilweng, tlhokomelong ya bona, ho hodisetswa tshabong ya Modimo. Mme ba mo tlisa nehelong ho Morena. Mme ere mme a sa fetisa ho tswa matsohong a hae ho ya ho a ka, jwale ke fetisetsa ho tswa matsohong a ka ho Wena, Rebeka enwa e monyenyane. Modimo eba le yena le ho mo hlohonolofatsa. Hlohonolofatsa ntatae le mmae. A bohle ba phele ka botshepehi, maphelo a malelele, mme, ha ho ka etswa, ba bone ho Tla ha Morena Jesu. A ngwana enwa a hole tsebong ya Morena. Mme haeba, ho ena le hosasa, e ke e be paki e kgolo ya Hao. Fana ka sena, Morena. Jwale, ha O no le lefatsheng mona, mosadi enwa le banna ba ne ba tla tlisa bana ho Wena. Empa, rona, baboledi ba Evangedi, re baemedi ba Hao. Ka baka leo, re O neha lesea lena, bakeng sa bophelo ba tshebeletso Mmusong wa Hao, lebitsong la Mora wa Hao, Morena Jesu Kreste. Amen. 6 LENTSWE LE BUILWENG 39 O hlohonolofatswe, Rebeka-nyana! Ke mothwana emosa hakakang! Modimo o ke o le hlohonolofatse bobedi ba lona, le lesea, ho le abela maphelo a malelele, a thabileng, tshebeletsong ya Modimo. 40 Atamela kwano, maoto a mmalwa. Ha ke tsebe haeba ke le matla a lekaneng, kapa tjhe. Enwa ke moshanyana kaofela. Lebitso la hae ke mang? [Mme o re, “Stanley Victor.”_Mong.] Stan^ [“Stanley.”] Stanley Victor^ [“Cleveland.”] Cleveland. Cleveland, Cleveland, Stanely e monyenyane. Ke lebitsonyana le letle hakakang, mme ke moshanyana e motle hakakang! “Tjhe, ke nahana hore, nyoloha.” [Moshanyana o a ema.] “Ke nahana ke tla ema feela.” Ke moshanyana ya kgabane. Oh,^?^Ha re tlwaela ho etsa hona. Re mpa re ho etsa feela, o a tseba, mme ha ho ntho e tsepameng ka yona. Ke nnete. Ruri ke thakanyana le mosa. Mme ke_ke ke lebetse lebitso le qetellang. Ha ke hopole ke le qapodisa hantle. [“Cleveland.”] Cleveland. Ho lokile. A re inamiseng dihloho tsa rona. 41 Ntate ya Lehodimong, ba babedi bana ba tlisa lesea lena, Stanley Cleveland e monyenyane, ho hlohonolofaletswa ho Morena Jesu. Mme jwaloka ha moruti wa kereke a sa eme mona, le nna, ho ema mmoho kopanong mesebetsing ya Morena, re O fa ngwana enwa bakeng sa tshebeletso bophelong. O mo file mme le ntate; mme jwale ba mmeha ho nna, diatleng tsa ka; mme ke mo tlosa diatleng tsa ka ho ya ho tsa Hao. Modimo, hlohonolofatsa ntate le mme. Hlohonolofatsa moshanayana e monyenyane, mme a bohle ba phele halelele, maphelo a thabileng bakeng sa Hao. A ngwana a hodisetswe tshabong ya Modimo, ho Mo sebeletsa, le ho Mo tshaba, le ho Mo rata, matsatsi ohle a bophelo ba hae. Jwale, ba tlisitse bana ho Wena, O tle o ba hlohonolofatse; le rona, ka matsoho a rona hodima ngwana, O mo hlohonolofatse ka Lebitso la Morena. Mme a ke a phele halelele, bophelo bo thabileng bo atlehileng ba ba mmele le matla, mosebetsing wa Hao. Lebitsong la Jesu. Amen. Modimo a o hlohonolofatse, Stanley e monyenyane. Le na le moshanyana ya kgabane mono. 42 Jwale ke sa tla kopa mohaunyana feela, ho mathaka a manyenyane homme ba dilemong tsa bo-leshome. Mme ke a tseba ho thata. Le ke ke la ema tswe halelele, hoba ditho tsa lona di a honyela. Empa ke atamela ntho bosiung bona eo ke so ka ke e etsa pele. Mme ho na le ntho eo ke tla bua ka yona, eo ke eso ka ke nahana ho bua ka yona ka ntho e jwalo. 43 Ke ka hona, hoseng hona, ke sa batlang ho bea nako eo ka pela Molaetsa, mme ha ke a qetella ho bua ka Nnete yaka ya Makoma, mme ha ke hopole nka kgona le ka mohla. Ke a tshepa nke ke ho etse. O makatsa hakakang! NA EE KE PONTSHO YA BOFELO, MONGHADI? 7 44 Empa, bosiung bona, ke tlile ho bua ka ntho eo ke sa e tsebeng. Mme jwale, ruri hoo ke tabahadi, ho moreri ho bolela ha a tlilo bua ka ntho eo a sa tsebeng ka yona. Empa ke ipelesitse tshwanelo, ho latela bokgoni bo botle ba tsebo ya ka, hape, e le hore kereke ena e tle e utlwisise. Mme nke ke, le ho leka, ka le hanela ntho efe feela, e molemo. 45 Mme jwale, lebanta lena, ke nahana bashanyana ba etsa lebanta. Mme ha ho ka etsahala o fumane lebanta, mang le mang ya utlwang lebanta, hopola, ha ntho e nngwe e hlolla, ho wena, o se e bue ntle leha e le lebanteng. O se bolele taba e kgahlano le e lebanteng. 46 Batho ba bangata ba ye ba ngole, hodima Peo Ya Noha, mme ho thwe ke itse tjena-le-tjenana. Ke ye ke nke lebanta, ke le bapale hape hape. Ha ke a bua ka tsela eo. Le a bona, batho ba ahlola dintho ka phoso. 47 Le a tseba, Jesu, ka mohla o mong, ka morao ho tsoho ya Hae, ho theoseng ka lebopo, le baapostola, homme Johanne a itshetlehile sefubeng sa Hae. Mme ba re, “Ho tla etsahala eng ka monna enwa?” Jesu a re, “Ekare ha a dula Ke be ke fihle ekaba eng ho lona?” “Mme polelo ena ya nna ya tsamaya, e reng, ‘Johanne o tla phela a be a bone Jesu a etla.’” 49 Mme Lengolo le re, “Kanthebo, O ne a sa bolela ka tsela eo.” Le a bona, ha A_A rialo le ka mohla. O itse, “Ekare ha a dula Ke be ke fihle ekaba eng ho lona?” Ha A re o tla dula. Empa, le a bona, ho eba ditsebe, ho bonolo haholo. 50 Mme, jwale, ha_ha se hore ke ahlola motho ka baka la ho etsa hono. Hoba, ke e etsa, ka bonna. Mme batho bohle ba e etsa; ekare ha baapostola, ba tsamaileng le Morena wa rona, ba sa ka ba Mo utlwisisa. Mme le ka mohla ba ne ba sa Mo utlwisise ka ho hlaka. 51 Hantle pheletsong, ba ne ba re, “Bonang, jwale re a utlwisisa. Jwale re a dumela. Mme jwale re kgodisehile ha O tshwanelwa ho botswa letho ke motho, hoba O tseba tsohle.” 52 Mme Jesu a re, “Jwale le a dumela?” Le a bona? Ka mora nako ee e kaale, le a kgona qete-^Na qetellong ebile ya le tjhabela, le a bona, la ba la dumela?” 53 Mme hoo ke botho feela. Mme bohle re batho, ka baka leo re tla nne re utlwisisa ka phoso. 54 Empa ha eka e a o hlolla, bapala lebanta o boele morao. Mamela hantle he. Ke tiile Moya o Halalelang o tla o senolela yona he. 55 Jwale he, mathaka a manyenyane, ha feela le ka kgina “di-amene,” lona bana. Be butleng feela ho se hokae, hobane 8 LENTSWE LE BUILWENG ke_ke batla taba ena e utluwe ruri, hoba ba bangata ba ke ke ba eba le lebanta. Ka hona, ke batla le etse bonnete ba hore le a e tshwara. Mme a re e atameleng, ka, nka re ka metsotso e mashome a mararo a metso e mehlano, kapa mashome a mane, ka tshabo hakaalo feela kamoo re tsebang ho ho etsa. 56 Hoba, ena ke nako e tshabehang ho nna. Ke moo ntho e nngwe e etsahetseng, moo ke sa tsebeng ke etseng. Le a bona? Ke eme mokgamong wa metsi o patisaneng ka ho fetisisa nkileng ka ema ho ona, mehleng ya molaetsa wa ka, ho ya kamoo ke tsebang. Ka baka leo, a re inamiseng dihlooho tsa rona jwale, pele re atamela Lentswe. 57 Ntate ya Lehodimong, hape, nako e fetileng e seng kaalo, ka rera ka sehlooho sa Ho Lekanya. Mme Ho Lekanya ke ho “sebetsa ntle le ho fuwa tokelo.” Mme mohlomong, bosiung bona, Morena, ke ipelesitse tshwanelo ya ho hlalosetsa batho ntho e itseng, ntle le ho fumana pono ya yona. Ha ho le jwalo, Morena, mpee leihlo, moo dintlha di lokelwang ke ho hlahlojwa; kwala molomo wa ka, Morena. O kile wa kwala molomo wa tau, ka lemeneng mmoho le Daniele, hore e se mo hlokofatse. Mme, Morena, ke a rapela, hore, ha nka leka ho hlalosa ntho ka phoso, O sa ruile matla ho kwala molomo. Empa ha e le Nnete, he, Morena, E hlohonolofatse, le ho E romela. Mme O tseba maemo le hore ntho e atamelang ke eng. Mme ke ka mokgwa oo ke tlang, ekasita le ho fihla motsotsong ona wa ho qetela, sefaleng, le ho leka ho hlalosa dintho tsena. Mme ke O rapela ho re thusa. 58 Hlohonolofatsa kereke ena e nyenyane. Sehlopha sena se kenang mona tlasa marulelo, se jakileng le rona mona motseng, ho tswa ditjhabeng tse ngata. Oh, ha meriti ya mantsiboya e thea, re thabetse jwang ho fumana sebaka seo re ka tlang ho sona. Lefatshe le sa ferekane hakana mme ba sa tsebe moo ba emeng teng, re thabile, ha, “Lebitso la Morena e le qhobosheane e matla, mme ba lokileng ba tshabela ho Yona mme ba bolokehe.” E seng hakaalo Mantswe a mangata, empa tshenolo! 59 Ka baka leo, re a rapela, Ntate, jwaloka ha Masedi a mantsiboya a ne a tla tla, ho dikeleng ha letsatsi; mme re dumela ha eo e le nako eo re phelang ho yona, ho dikeleng ha letsatsi. Mme re O leboha re hlabehile, Morena, ho tswa dipelong tsohle tsa rona, ka baka la dintho tseo O re etseditseng tsona. Mme, Morena, ho theosa le mongwaha jwalo, ke O leboha ka ho dumella dipono tseo O faneng ka tsona, e nngwe le e nngwe ya tsona ka ho phethahala hantle feela, mme tlhaloso e nngwe le e nngwe ya toro ya eba ka tsela eo hantle feela. Ka baka leo, re a tseba e ne ekaba Wena feela, Morena; hoba re batho ba buswang ke lefu, bohle re tswaletswe sebeng, mme ha ho ntho e lokileng ka ho rona. Empa, ho nahana hore NA EE KE PONTSHO YA BOFELO, MONGHADI? 9 O ne o ka tshwara ntho e kang eo, e tshwanang le motho, le ho ba hlatswa ka metsi a Lentswe le ka Madi a Kreste; le ho otlolla letsoho leo ka tsela e jwaana, ho fihlela motho a sa sebedise kelello ya hae, empa ho dumella Mohopolo wa Kreste, Ya tsebang tsohle, ho O dumella ho kena ka hare le ho bua le ho sebedisa tabernakele. Re a O leboha, Ntate. 60 Jwale re rorisa Lebitso la Hao le Halalehileng. Mme re hlohonolofatsa sehlopha sena, bosiung, ka Lebitso la Hao. Re hlohonolofatsa moruti, Moena Neville, mohlanka wa Modimo ya kgabane. Re hlohonolofatsa bahlanka, bahlokomedi, setho ka seng sa Mmele wa Kreste, mona esita le lefatshe ho pota hammoho, ka Lebitso la Morena Jesu. 61 Oh, ha re sa bona seriti se lefifi, se entseng leswiti, se tshabehang se feta pontsheng ya Bokreste, re a tseba nako e ntse e atamela. Ho tla ba le Tlhwibilo, mme Kereke e tla nkelwa hodimo. Morena, a re hwanteng re ye pele, re shebile Maqadi le Mophethi, Kreste. Fana ka sena, Morena. Mme ere re sa tswela pele jwale, ka Lebitso la Morena Jesu, ho ipelesa dintho tsena tse behilweng pelong tsa rona, re rapela hore O tle o be le rona le ho re thusa. Le ho fumana thoriso ho yona, Morena hoba re itlamella ho Wena, ka Lentswe la Hae, ka Lebitso la Jesu Kreste. Amen. 62 Jwale, haeba le tshwere pensele le pampiri, ke lakatsa hore le ngole dintho tse itseng fatshe, jwaloka^kapa ntho efe kapa efe eo le e lakatsang. E tshwareng feela e lokile. Mme hape, lebanteng, hape, ha le rata ho ngwapa Mangolo fatshe, nako efe kapa efe, hoba ke dumela ha e le Lengolo le buang. 63 Jwale re batla ho bala mohlodithero bosiung bona, kapa ho bala palo ya Lengolo, ho tswa Bukeng ya Tshenolo ya Jesu Kreste. Mme ke dumela ha ena e le Tshenolo ya Jesu Kreste, ka mokgwa wa ho ngolwa Bukeng. Mme Tshenolo efe feela e ka thulanang le Tshenolo ena, e tla be e fosahetse. Mme ke kgolwa ha hoo ho lokelwa ke ho phethwa^ho phethweng_ho phethwa hape. Tshenolo efe kapa efe e ke keng ya kgohlelana le Tshenolo ena, le ho tlisa Tshenolo ena leseding, ke tshenolo e fosahetseng. Mme e tshwanetse ho dumellana le Mangolo. 64 Jwale, kgaoloong ya 10 ya Buka ya Tshenolo ya Jesu Kreste, ke ratile ho bala ditemana tsa pele tse mmalwa, temana tsa pele tse supileng, 1 ho isa ho 7. Mamelang ka hlokomelo jwale, mme le nthapelle. Yaba ke bona lengeloi le leng le matla_le leng le matla le theohang lehodimong, le ipopileng ka leru: le rwetse mookodi hloohong, sefahleho sa lona se^le jwaloka letsatsi, le maoto a lona e ne eka ditshiya tsa mollo: Le ne le tshwere bukana e phetlilweng letsohong la lona: la bea leoto le letona la lona ho lewatle, le leoto le letshehadi hodima lefatshe, 10 LENTSWE LE BUILWENG Mme a howa ka lentswe le phahamileng, jwaloka tau ha e puruma: eitse hobane le howe, diaduma tse supileng tsa utlwahatsa mantswe a tsona. Yare hobane diaduma tse supileng di utlwahatse mantswe a tsona, ka re ke a ngola: yaba ke utlwa lentswe le tswang lehodimong le re ho nna, Kwahela se boletsweng ke diaduma tse supileng, mme o se ke wa di ngola. Mme lengeloi leo ke neng ke le bone le emeng hodima lefatshe le hodima lewatle la emisetsa letsoho la lona le letona nnqa lehodimong, Mme la hlapanya ka ya phelang ka mehla le mehla, ya bopileng mahodimo, le se ho wona, le lefatshe, le tse ho lona, le lewatle, le^ho lona, hore tieho ha e sa tla ba teng: Empa mehleng ya lentswe la lengeloi la bosupa, ha terompeta ya lona e tla lla, ke moo sephiri sa Modimo se tla phetheha, ka moo o boleletseng bahlanka ba wona, baporofeta kateng. 65 Mme sehlooho sa ka, haeba ke loketse ho e bitsa hono, bosiung bona, ke sena: Na Ee Ke Pontsho Ya Bofelo, Monghadi? 66 Bohle re tseba ha re phela e_e nakong e kganyang bakeng sa Kereke, empa nako e bohloko bakeng sa mosadumeleng. Mme re phela ho e nngwe ya dinako tse kotsi ho tsohle, ho tsohle tse kileng tsa eba teng, ha e sa le lefatshe le qala. Ha ho moporofeta, ha ho moapostola, le kgale, nakong efe kapa efe, ya kileng a phela nakong e kang eo re phelang ho yona jwale. Bona ke bofelo. 67 Bo ngotswe sebakeng. Bo ngotswe bophareng ba lefatshe. Bo ngotswe lehlaseding le leng le le leng la ditaba. Bona ke bofelo, haeba le ka kgona ho bala mongolo. Baporofeta ba phetse mehleng eo mongolo o neng o le leboteng bakeng sa setjhaba. Empa rona re phela mehleng eo mongolo o leng leboteng bakeng sa nako. Ditjhaba tsohle, lefatshe, ntho e nngwe le e nngwe, nako e fihlile pheletsong. Ka baka leo, re tshwanetse ho hlahloba Mangolo, ho fumana hora eo re phelang. 68 Ka mehla, moporofeta wa nnete wa Modimo o tla ya Mangolong. Haho le jwalo o kgodisehile hore e tla ba jwalo. Ka Testamenteng ya Kgale, ha baporofeta ba ne ba bolela taba, ka mehla teng moo, sebakeng se seng kae-kae, ho ne ho ena le moporofeta ka Lentswe, ya neng a dula le Lentswe. O ne a lebella Modimo bakeng sa dipono. Mme ha pono ya hae e ne e le kgahlano le Lentswe, eba pono ya hae e ne e fosahetse. Ke oo mokgwa wa Modimo ho fihliseng Lentswe la Hae bathong ba Hae. 69 Na le kgona ho nkutlwa, motsheo mono, ho lokile? [Moena Branham o a thola_Mong.] Ke batla ke sa tsebe hore ke qale kae. NA EE KE PONTSHO YA BOFELO, MONGHADI? 11 70 Jwale, ebile monyetla o moholo ho nna, ho tseba ha tabernakele ena ebile kereke yaka ya pele. Ke ntho e tlotlehang. Mme nke ke ka hlola ke lebala, leha ke^Jesu a ka dieha homme ka phela ka ba dilemo tse makgolo. Ke tla nne ke hopola tsatsi leo ke neng ke hloma lejwe leo la sekgutlo, mane sekgutlong; le pono eo A ileng a mpha yona hoseng hoo, ya tabernakele ena. Mme le a e hopola lona bohle. E ngotswe dibukeng. Mme ruri e phethilwe ho ya fihla letereng, ha ho ntlhana ya yona e fositseng. 71 Mme, jwale, ha ke dumele ho na le ntho efe kapa eo A kileng a e bolela dilemong tsena tsohle tsa bophelo ba ka, dintho tseo ke di boleletseng batho, ha e se tse etsahetseng. Mme batho ba bangata ba tlile ka ditoro, tseo A ileng a ntumella, ka mohau wa Hae, ho ntumella ho di kwahollela batho. Mme bongata bo tlile ka ditoro le mathata ao ke ileng ka hloleha ho a kwaholla. 72 Empa lona batho ting ha ke eso leke ho le hlahisetsa malepa a tshwereng dikarabo tsohle. Ke lekile ho tshepahala, le ho le bolella seo e neng e le Nnete, mme ke kgonne ho le bolella ho latela ka moo A neng a mpolella. Mme ha e ne e mphihlela, ke hona ke neng nka le bolela. 73 Mme ke batla ho le hlokomedisa. Tsatsing lena leo re phelang ho lona, ho na le tse ngata^Ha se_ha se feela ho bua ntho e itseng kgahlano le batho. Empa ha le bona motho ya tshwereng karabo ntho e nngwe le e nngwe, hoo ho thulana le Lentswe. 74 Jesu o boletse, “Le balepera ba bangata ba ne ba ke teng mehleng ya Elia, empa a le mong feela a fodiswa.” Dilemo tse kaalo, mashome a robedi kapa ho feta, tseo Elia a di phetseng, mme molepera a le mong a fodiswa. Bahlolohadi ba ne ba le bangata mehleng ya Elia, empa a romelwa ho a le mong feela. Mme re fumana ho na le dintho tse ngata tseo Modimo o di etsang, homme tseo A sa di senoleleng bahlanka ba Hae. Mme mohlanka ha a moholo ho Morena wa Hae. 75 Mme, le hona, Modimo o ke ke wa arolelana kganya ya Wona le motho. Ke Modimo. Mme ha mohlanka a fetohela sebakeng seo a lekang ho nka sebaka sa Modimo, eba Modimo o nka bophelo ba hae, le ho mo isa hole kae-kae, kapa ho hong. Re tshwanetse ho hopola taba eo. 76 Jwale, diponong tseo le dikwahollong, nke se bolele kwahollo pele ke bontshisisa hantle, ka pono, seo toro e neng e le sona. Mme bongata ba lona bo a tseba hore bo nnile ba mpolella ditoro tsa bona, mme mohlomong le ho bolelwa e sa bolelwe. Mme ereha ke bona toro e kgutlela ho nna, ke kgutle ke le bolelle hore ho na le ho hongata ha yona hoo le ho siileng, ke ntano le bolella hoo le ho siileng. Le a tseba hoo ke nnete. Haeba e le nnete, e reng, “Amen,” lona banna. [Banna ba 12 LENTSWE LE BUILWENG bangata ba re, “Amen.”_Mong.] Dintho tseo le sa kang la mpolella tsona. Ka hona he, le a bona, haeba^Jwalokaha Nebukadnesare a boletse, “Ekare ha le sa ntsebise seo ke se lorileng, ke tla tseba jwang hore le ka nnea kwahollo ya yona?” 77 Empa ditshekamelo tsena tsohle, ha re a tshwanela ho cli nka mme re re, “HO RIALO MORENA.” Ha re a tshwanela ho etsa hono. Re tshwanetse ho fumana lentswe ka ho otloloha, le karabo e tswang ho Modimo, pele re ka re ke Modimo. E seng tshekamelo, e seng tshisimoho, ho sa tsotelehe e futha ha kakang. O ka re, “Ke dumela ekaba ka mokgwa ona.” 78 Empa ha o bolela, “HO RIALO MORENA,” ha se wena. Hlokomelang kalaneng. Na le kile la e bona e hloleha? HO RIALO MORENA e phethahetse, le ka mohla ha eso ho hlolehe. Mme ha feela e le HO RIALO MORENA, e ke ke ya hloleha. 79 Empa, ha kana, O ntshireleditse, hoba ke nnile ka Mo emela. Ha ke a ka ka leka ho batla botumo, kapa kganya ya lefeela ya batho. Ke lekile ka bohohle baka ho phela ka boikokobetso, le ho phela mofuta wa bophelo boo ke nahanang ho re Mokreste o loketse ho bo phela. Mme ha ke a kgona ho etsa hoo ka bonna ka hare, empa O entse hono ho fihlela tsatsi lena le hodimo. Jwaloka ha ke bolela, hore ke Yena Ya ileng a nketella pele. 80 Dintho tse ngata di ka bolelwa mokgweng ona, empa ho ne ho tla qeta nako e ngata haholo. Empa lona bohle le elellwa dintho tsena. Mme lebaka leo feela ke le laetseng ho re “amen,” nakwaneng ya ho feta, lona batho ting ba mpoleletseng ditoro, mme ke tle ho le bolella seo le se siileng, hoba Molaetsa wona o a hatiswa. Batho ba ditjhaba tsohle ba tla utlwa sena. Mme ha ba utlwa “amen” eo, eba ba tseba ho na le mantswe mono, a neng a dutse tlasa thuto ena, ba tsebang haholwanyane ho ka etsa ntho efe feela e phoso, kapa ho re “amen” nthong e itseng e phoso. Amen ke “a ho be jwalo.” E a e tiisa. 81 Jwale, bophelo bohle ba ka, ho tloha ke le moshanyana, ho bile le ntho e ntlhophang. Mme ke bile le bophelo bo hlollang haholo, bo thata ho utlwisiseheng. Esita le mosadi waka o ingwaya hlooho mme o re, “Billy, ha ke kgolwe ho na le motho ya o utlwisisang.” 82 Mme ka re, “Le nna ha ke ikutlwisise.” Hoba, ke a ineela, ka na ka itlamella ho Kreste, dilemong-lemong tse fetileng. Ke Yena ya etellang. Ha ke leke ho e utlwisisa. Ke ya moo A mpiletsang teng feela, ho latela tsebo yaka e ntle. 83 Ke lebohela haholo bakeng sa mosadi ya kgabane le bana, le bakeng sa mosadi le bana ba nang le kgodiseho ya hore nke ke ka ba bolella ntho e phoso. Ho re, ba e dumela. Nako le nako ha o ba bolella ntho, ba itshwarella ho yona. Ba tseba tseba nke ke ka ba bolella taba e phoso. NA EE KE PONTSHO YA BOFELO, MONGHADI? 13 84 Mme na nka bolella e mong wa bana ba Modimo ntho e phoso, jwale he? E seng ka boomo. Tjhe, monghadi. Modimo o batla bana ba Wona ba kene kwetlisong ya mofuta o loketseng. Mme o tshepahale ho bona, mme o be le nnete ho bona, mme O tla e hlohonolofatsa, ke a kgolwa. 85 Jwale, ho tsamayeng jwalo, ho theosa leetong, ho bile le dintho tse etsahalang, tseo ke sa kang ka di utlwisisa. Mme e nngwe ya dintho tseo ke sa kang ka di utlwisisa, keha ke sa le moshanyana mme dipono tseo di ntlela. Mme ke ne ke ye ke di bone mme ke bolelle batswadi ba ka ka dintho tse neng di tla etsahala. Ba nahane hore ke tshwere feela ke methapo. Empa, ntho e makatsang, di etsahale jwalo feela kaha E di boletse. O ka re, “Na e ne e le pele ho tshokoloho ya hao?” E. 86 “Dineo le dipitso di tlile ntle le pako,” Bibele e itsalo. O tswalwa lefatsheng lena bakeng sa morero o itseng. Mme ha o^Pako ya hao ha e tlise dineo; di reretswe ho wena. 87 Jwale, tseleng jwalo, mme ha ke sa le moshanyana e monyenyane, tabatabelo yaka e le^ke sa kgotsofala naheng eo ke neng ke phela ho yona. Ke labalabetse, ka mokgwa o itseng, ho leba Bophirima. 88 Mme ke ne ke sehwe, hoba ke thunngwe, ha ke sa le moshanyana. Mme ho tleng ha ka, hoba ke hlaphohelwe sethethefatsing sa pele [“anasetetiki”_Moft.], yaka hoja ke le dipabong, ke lepella. Ethere e ne e nkidibantse. Mme ke idibane dihora tse robedi, ke lakanya jwalo. Ba ne ba tshwentswe ke ho nkgutlisetsa bothong baka hape. Ba ne ba entse oporeishene e kgolo, ho se sebolaya dikwatsi [“peniselene”_Moft.]. Madi; meomo e batla e phatlotse ka sethunya ka ho phethahala, ka sethunya se se lelele. Motswalle e mong wa moshanyana a ile a kgwephetsa sethunya sa hae. 89 Mme ha ho le jwalo dikgweding tse ka supang morao ho moo, ka kenngwa tlasa sethethefatsi se seng. Mme yare ha ke etswa tlasa sethethefatsi seo, yaka hoja ke ne ke eme makgulong a bophirima. Mme sefapano se seholo sa gauta se le sebakeng, le kganya ya Modimo, e tswa ho sona e tjhabetse fatshe. Nna ke eme mono ka mokgwa ona. 90 Nakong eo Lesedi, leo le le bonang setshwantshong bosiung bona, le netefaditsweng e le Tlholeho e mohlolo, ka patlisiso tsa mahlale; ho nna, e le lona Lesedi le otlileng Paulosi la mo dihela fatshe. E le lona Lesedi le eteletseng bana ba Iseraele, bosiu. Na le lemohile mona, Lengeloi lena? “Le ne le apere Leru.” Le a bona, E ne e le “Leru motsheare.” Jwale, lona Lesedi leo. 91 Jwaloka ho batho ba sa utlwisiseng, sethatong ha hopolwa hore e ne e fosahetse, hore ke ne ke mpa ke rialo feela. Empa ha etsahala hore Moya o Halalelang o pate disebediswa tsa mahlale, le batho mono, bakeng sa netefatso, mme ba Le nka setshwantsho, makgetlo a mmalwa. 14 LENTSWE LE BUILWENG 92 Ka re, “Ke bona motho ya kgurumeditsweng ke botsho ho isa lefung,” seriti se setsho se ba okametseng. Dibekeng tse mmalwa tsa ho feta ha ke ne ke le motseng. Mme nakong eo re rerang, le_ha le a lokela ho nka ditshwantsho, le a tseba, ha ho ntse ho rerwa mono. Mme yareha ha^Ke ntho e tshwanang le mohla ntho eo e katlatswang; empa ha etsahala hore motho e mong o ne a nkile khamera. Mme ka re ho mosadi ya dutseng mono, moeti^Ke le kwana_kwana Southern Pines. Ke re, “Ho na le seriti hodima Mofn. Sekete-kete.” Mofumahadi eo ke neng ke eso ho ka ke mmona bophelong ba ka. “O tswa ngakeng; mme mefetse e mebedi, o le mong letsweleng ka leng, o se o tetswe. O sirilwe ke leswiti le letsho, ho isa lefung.” 93 Mme Ntho ya re ho kgaitsedi ya dutseng haufi, ya neng a nkile khamera e hadimisang lesedi, ha thwe, “Nka setshwantsho.” Mme a sa batle ho etsa hono. Leha ho le jwalo, “Nka setshwantsho,” mme le jwale a nna a kganana. Mme la tla hape, mme a nka setshwantsho^mme a katlatsa setshwantsho. Mme ke seo moo se leng teng, ho latela mahlale. Se letlapeng la ditsebiso; leswiti la katiba e ntsho. 94 Yaba, yare hoba mosadi a dumele mme le thapelo e etswa, setshwantsho sa katlatsa hantle ka morao ho seo, se hlakile. Ka re, “Seriti se tlohile.” Le a bona? Mofumahadi eo o a phela, ka mohau wa Modimo. 95 Le bona seo ke se bolelang? Ha o bolela nnete, o ka tshehwa ho se hokae, o ka utlwisiswa ka phoso ho se hokae, empa Modimo o tla netefatsa hono, hore ke nnete, ha feela o ka dula le yona. Le a bona? Tiisetsa feela. Ho ka nka dilemo, empa jwaloka ha ho no etsahale ho Abrahama le ba bang, empa ka mehla O tla e netefatsa. 96 Ha Lengeloi leo mono^Mme ke nahana hore, ntle ho mosadi waka, ho na le batho mona bosiung bona, ho tswa dilemong tse mashome a mararo tse fetileng, ba neng ba eme haufi ha Hoo ho theoha. Na ho na le motho ya hara mokgupi jwale ya neng a le teng mono ha Lengeloi, le theohetseng nokeng kgetlo la ho qala, pontsheng ya batho? Phahamisang matsoho a lona. E, ke bao moo ba leng teng. Le a bona? Jwale, ke bona Mof. Wilson a phahamisa letsoho la hae. O na eme mono. Mosadi waka, mane, o ne a le teng mono. Mme ha ke tsebe hore ba bang ba bona ke bomang, ba neng ba eme lebopong mona, ka pela bongata, ngata, ba batho, ha ke ne ke kolobetsa ka hora ya bobedi motsheare wa mantsiboya. 97 Mme ho tswa lehodimong le kang koporo, moo ho hlokahetseng pula ka diveke, ke enwa A etla ka ho hoba, mme ha thwe, “Jwaloka ha Johanne Mokolobetsi a rometswe, ho etella ho tla pele ha Kreste, o romelwa ka Molaetsa, ho etella pele ho Tla ha Kreste la bobedi.” NA EE KE PONTSHO YA BOFELO, MONGHADI? 15 98 Banna ba bangata, ho tloha ho borakgwebo, motse, ba eme lebopong, ba mpotsa na Le ne le bolelang. Ka re, “E ne e se bakeng sa ka. Ke bakeng sa lona. Nna ke a dumela.” Uh-huh. Mme La tswella. Mme yareha Lengeloi leo le tsamaya, ha le hopola, La leba nnqa bophirimela ha Le ne le nyoloha; hantle ka ntle, hodimo, ka hodima borogo, le ho ya nnqa bophirimela. 99 Haisa-isa, ka kopana le setsebi sa dinaledi, e leng Molepi. Mme ba mpolella kaha lesihla la dinaledi tse ileng tsa kopana senkgomeng sa mokgwa o itseng. 100 Ha banna ba bohlale Babilona ba ne ba bonela nnqa tlase Palestina, naledi tsena tse tharo senkgomeng, le nkutlwile ha ke e bolela hangata. Na le a tseba hoo ho pakilwe, vekeng tsena tse mmalwa tsa ho feta, ho beng nnete? Moena Sothmann, na o tshwere lehlasedi leo bosiung bona, kae kapa kae moo a leng teng? E lehlaseding, leqephenyana la lehlasedi la Sontaha, ya la robong la Tshitwe. Hono, moqolotsi o ile a ya mono, mme ba epolla dintho tsena tsohle. Mme hantle-ntle re phela jwale, ho pakilwe, hore re^Isao etlabe e le 1970. Re tswile nakong ka dilemo tse supileng, ho latela majwe a epolotsweng, le ho bontsha hore e phoso. Ho morao ho feta ka moo le lekanyang. Ha ke a bona Moena Fred, le hona. Moena Sothmann, na o teng moo? Na lehlasedi leo le teng ho wena, Moena Sothmann? O le tshwere. O tshwere lehlasedi leo. Mohlomong hosane bosiu ke tla re o le bale. Ha re na nako, bosiung bona. Ka baka leo, le ka kgona ho bona. 101 Mme, hlokomelang, hantle. Balepi bano, Balepi ba baJode hodimo Babilona, ho ithuta dinaledi, ba bona dinaledi tseo di kgohlela senkgomeng sa tsona. Mme, hoba a ho etse, ba tseba hore Messia o ne a le lefatsheng. Mme, ke bana ba etla, ho kena ka Jerusalema, ba bina. Leeto la dilemo tse pedi! “O kae Ya tswetsweng Morena wa baJode?” Ho ya hodimo-le-tlase ka seterata. Mme, kgele, Iseraele ya ba tsheha, “Sekgakgatha see sa mahlanya!” Ha ba ka ba tseba letho kaha yona, empa Messia o ne a le lefatsheng. Mme, jwale, le tseba pale eo yohle, seo ba se boletseng. Jwale, re tla bala hoo, hosane bosiu. 102 Jwale, ho keneng tabeng ena, ya hore dipono ha di hlolehe, hoba di tswa ho Modimo. Mme ho tla jwalo leetong, ho bile le ntho e nkgulang, e nthutlang. 103 Ya ntoo re he, yareha Molepi a mpolella ka dintho tsena, ke sa le moshanyana, molebedi wa tlhaho; kapa le pele ho moo, ke dumela e ne e le yona, kaha dintho tsena. Le jwale ya ntshosa, hoba ke ne ke tshaba seo Molepi a neng a le sona. Empa hamamorao ka fumana hore Balepi ba Bibeleng ba ne ba nepile, hoba Modimo o e bonahatsa Lehodimong pele A e bonahatsa lefatsheng, ka ho lebella makgotla ao a lehodimo. 16 LENTSWE LE BUILWENG 104 “Modimo ha o ye ka tshobotsi ya batho, hara ditjhaba tsohle,” Petrose o itsalo. Jwale, empa ba O tshabang, hara ditjhaba tsohle, Modimo o ba amohela. [Sekgeo lebanteng_Mong.] 105 Mme re fumana hore, he, ka leka ho qhela mohopolo. Empa, oh, ho tla nka dihora, ho kena, ka moo e neng e kgannela nnqeng eo, ka ho se kgaotse ho kgannela nnqeng eo. Empa ke ne ke e tshaba. 106 Molepi enwa a re ho nna, “O ke ke wa atleha ka Botjhabela.” Ha thwe, “O hlahetse tlasa pontsho.” Mme a re, “Wena^Pontsho eo, senkgome seo, ha di ne di fapana, ntle kwana, tsatsing la tswalo ya hao, di ne di lepeletse nqa bophirima. Mme o tshwanetse ho ya bophirima.” Ka re, “E lebale.” 107 Ke_ke sa amane le yona kae kapa kae. Mme ho tleng jwalo, le hona, ho sa dutse ho le jwalo, ha ho a ka ha e tlosa pelong yaka. 108 Yare he, mohla ke neng ke le hodimo mono bosiung boo, mabapi le dipono tsena. Ke sa kgone ho di utlwisisa. Baena beso ba Baptise ba mpolella ha ntho eo e ne e le Diabolosi. Mme yare ha Lengeloi leo le hlaha, La e maneha Lengolong ruri, le ho re, “Jwaloka mehleng eo!” 109 Nakong eo baprista ba ntseng ba tsekisana ka dintho, ho sa tswejwe hore ke mofuta ofe wa dipurapera tseo ba loketseng ho di apara, le diaparo le ntho e nngwe le e nngwe, le ho pheha kgang ka diqabang tsa bona; Balepi keha ba latetse naledi ho Kreste. 110 Nakong eo baboledi ba reng Jesu e ne e le moikaketsi, Belsebule; Diabolosi a ema a re, “Re a O tseba hoba O mang, O Mohalaledi wa Modimo. Na O tlile ho re hlokofatsa pele ho nako?” 111 Ha Paulosi le Silase ba ne ba theosa, ho rerwa Evangedi. Senosenyana se dutseng seterateng^Mme bareri ba naha eo ba re, “Banna bana ke baikgakanyi. Ba pshatla dikereke tsa rona, le dintho tse jwalo, ba phethola lefatshe, ka tshilafalo ya bona.” 112 Empa ha etsahalang? Molepi eo e monyenyane, senosenyana seo, sa re, “Ke banna ba Modimo, ba re bolellang tsela ya bophelo.” Mme Paulose a kgalema moya oo ka ho yena. O ne a sa hloke thuso ya letho ho paka hore yena e ne e le mang. 113 Ka mehla Jesu o na a kgalemela ho ikgutsetsa. Empa hoo ho bontsha ha ka nako tse ding matemona a tseba haholwanyane ka ditaba tsa Modimo ho feta ka moo baboledi ba tsebang; ba kgomarela bokereke hona. Ho ne ho le jwalo, ka Bibeleng, mme Modimo ha o fetohe. 114 Ka tsatsi le leng, ho theoheng, dilemong tse hlano tse fetileng, ho tswa ha Moena Norman, ke ne ke qhoba ke theosa NA EE KE PONTSHO YA BOFELO, MONGHADI? 17 tseleng. Mme ke sa tswa tshwara tshebeletso mono, hodimo, homme Morena Modimo a itlhahisa ho nna ponong. Mme ke ne ke dutse ka pela keiti yaka, hodimo mona tlung yaka. Mme yaka hoja maemo a lehodimo a ne a le mabe. 115 Bongata ba lona batho ting le tla hopola pono eo. E ngotswe bukeng yaka ya dipono. Ke di ngola fatshe ho etsa bonnete ba hore ha ke di lebale. 116 Mme ponong ena ka bona, ho ena le ntho e sa tswa feta tseleng, mme ho ena le majwe a neng a tletse hohle jareteng yaka. Mme ho ena le diheletsi le difadi [“dikreitata le dikeraporo”_Moft.], hodimo le tlase tseleng, homme difate di kgaotswe di tsomutswe. Yaba ke qala ke thinya ho kena keiting, mme e ne e katilwe hohle ke majwe. Mme ka tswa, ka ho re ho monna, “Hobaneng, ho le ka sebopeho see?” Mme a hla a kgohlahala ruri, a ntshutumeletsa morao, mme a re, “Ke mokgwa wa lona bareri!” 117 Ke re, “Ke ne ke mpa ke o botsa, ‘Hobaneng o etsa hona?’ O_o tshelela ka kwano lehlakoreng laka la seterata, mona. Hobaneng o entse hona?” Mme a batla a ntjabela, mme a ntshutumeletsa morao. 118 Mme ke nahane, “Ke tla mmolella hore ha a tsebe seo a buang ka sona.” 119 Yaba Lentswe le a bua, ha thwe, “O se etse jwalo. O mmoledi.” Mme ka re, “Hantle haholo.” 120 Mme yaba ke a reteleha, mme, ka ho le letona la ka, ka pela keiti ya ka ho ne ho eme, e le koloinyana ya makgulong. Le a tseba ke eng, koloinyana e kgurumeditsweng, dipere di qhanehilwe ho yona. Mme lehlakoreng le kwana le bapileng le la mokganni e le mosadi wa ka. Mme ka hetla, homme bana ba ka ba dutse morao mono. Ka hlwella koloing. Ka re ho mosadi wa ka, “Honey, ke eme ka hohle ka moo nka emang.” Yaba ke qhautsa diqhaana le ho thakgola pere e ka pele, mme ka qalella ho leba nqa bophirimela. 121 Mme Lentswe la re ho nna, “Mohla sena se hlahang, o lebe nnqa bophirimela.” 122 Moena Woods, sehahi se mona kerekeng, le mohlokomedi^ Ke ba ba kae ba hopolang pono jwale, le hopola ha ke ne ke le bolella? Ehlile. E ngotswe pampiring. Mme ka re ho Moena Woods^O rekile, kerekeng, sebaka sena se bohareng, mono. Mme o ne a batla ho haha ntlo ya majwe mono. Ka re, “O se ho etse, Moena Woods, hoba ba ke ke ba o buseletsa tjhelete ya hao. Mohlomong, ha ho ka etswa^” Moo ke dilemo-lemong tse fetileng, dilemo tse hlano tse fetileng. Ka re, “Ba tlilo, mohlomong, ho fetisa borogo boo le mona, mme mohlomong majwe ao ke mokato wa ka o pshatlilweng, le ditselana tsa ka le 18 LENTSWE LE BUILWENG dintho, tse rapaletseng mona.” Bakeng sa majwe, e le makote a konkreite. “Mme ba ntano haha ntho eo tlase mona, hoba ba boletse pampiring ke seo ba neng ba leka ho se etsa.” Tjhe, a se ke a e haha. Qetellong ba etsa qeto, ntho e ka etsang selemo morao ho moo, kapa tse pedi, ba ne ba tlil’o e fetisa le mono, le tlase ka nnqeng ena. Ka hona ha dula ho le jwalo, ka baka leo, homme ka e lebala feela, mme ka e lesa ya ya. 123 Jwale, ntho e hlollang e etsahetse nakong e ka bang selemo e fetileng. Ke ne ke tshwere ditshebeletso tlase bosiung bo bong ha Moena Junior Jackson; ya dutseng mono hantle, moreri wa Methodise ya amohetseng Moya o Halalelang, le ho kolobetswa Lebitsong la Jesu Kreste, mme o alosa e nngwe ya dikereke tse tlatsang le rona. 124 Ho le bontsha feela ka moo Modimo o sebetsang ka batho bana, ke bolela taba ena ka pelo yohle ya ka. Ha ke tsebe phutheho e nngwe lefatsheng lohle, phutheho e kopaneng ho feta, moo ke dumelang hore Moya wa Modimo o ka hare, ho feta phutheho ena. Ba na le diphapang tsa bona. Ruri ha ba moo ba loketseng ho ba teng, ha ho le a mong wa rona, empa ba atametse hakaalo ka motho ofe kapa ofe eo ke mo tsebang. Mme ke tla le bontsha, ka ho tseba se neng se tla etsahala. 125 Moena Jackson a lora toro. A sa kgone ho iphapanya yona; mme ke ne ke siya kereke ya hae, mme a sa kgone ho mamella taba eo. 126 Ekaba nako e kae e fetileng, Moena Jackson? [Moena Jackson o re, “Ke e lorile ka Hlakola ya ’61, Moena Branham.”_Mong.] Hlakola ya ’61, a fumana toro. 127 Mme a tla ho nna, le ho re, “Ho na le ntho e dutseng pelong ya ka. Ke tshwanetse ho o bolella, Moena Branham.” Ka re, “Qhoba, Moena Jackson.” 128 Mme a re, “Ke lorile toro.” Mme ke eo moo e ne e le teng! Ka dula ke sa sisinyehe, mme ka mamela le ho lebella. A re, “Ke lorile ho ena le lerallahadi, le tshwanang le le ka ntle kwana naheng, moo ho neng ho ena le jwang bo boputswa ba lehodimo kapa moo ntho e itseng e neng e le teng.” Mme a re, “Hodima leralla leo, moo metsi a neng a hohotse mobu, ho ena le lejwe le ka hodimo, kwana hodima hloro ya leralla, jwaloka hloro ya thaba. E ne e le lefika; ho se jwang. Mme moo metsi a neng a hlatswitse, a ne a betlile mongolo wa mofuta o itseng hodima majwe ana. Mme o ne o eme mono, o kwaholla mongolo ona o hodima majwe ana.” Mme a re, “Mme rona bohle,” mme mokgwa oo a e beileng ka wona ke ona, a re, “Baena ba tswang Georgia, le mathokong ho pota, re ne re eme bohle mmoho, re o mametse o kwaholla mongolo oo o mohlolo hodima majwe ao, thabeng eo.” NA EE KE PONTSHO YA BOFELO, MONGHADI? 19 129 Mme a re, “Yaba o nka ntho e itseng, e kang e tswa sebakeng, ntho e kang moqala o hlathang, kapa_moqala o kunyullang.” Na e ne e se yona, moena? “Ntho e kang eo, moqala o hlathang, o bohale haholo. Mme a re, “Ntho eo, hore o kgonne jwang, ha ke tsebe.” Mme a re, “Wa otla bokahodimo ba thaba eo, wa e petsola ka nqa tsohle, mme wa phahamisa sekwahelo sa yona. E ne e le sebopehong sa piramite [Moaho o kgutlo-tharo_moft.]. Homme wa qothola bokahodimo ba yona.” Jwale, moo e ne e le dikgwedi le dikgwedi-kgwedi le pele Molaetsa wa piramide o rerwa. Mme a re, “Ka tlasa hono ena le lejwe le le sweu, kranaete. Mme wa re, ‘Letsatsi kapa lesedi, ha le eso ho ka le tjhabela Hona pele. Shebang ntho Ena. Hlokomelang Hona.’” 130 Mme hoo ke nnete, hoba, popong ya lefatshe, lefatshe le bopilwe pele lesedi le eba teng. Rona bohle re tseba hono. Modimo wa tsamaya hodimo metsi. Mme_mme ha ho le jwalo, tshimolohong, A bua bakeng sa lesedi. Mme, ka tlhaho, ka tlase ka mono, mongwaheng oo mmopo o neng o hlolwa, lesedi ha le eso tjhabele hodima lejwe leno. 131 Mme a re, “Shebang Hona. Lesedi ha le eso ho ka le Ho tjhabela pele.’” Mme yareha bao bohle ha ba etla, mme ke ba bolella ho ela Hoo hloko, mme bohle ba tla ho nyarela. 132 Empa a re, nakong eo ba shebileng, a hlwedisa le khoneng ya leihlo la hae, ke dumela e ne e le yona, mme a ntjheba. Ka thobela ka thoko, mme ka qalella ho theosetsa nqa Bophirimela, nqa bodikela letsatsi; ho hlwa leralla, ho theosa leralla; ho hlwa leralla, ho theosa leralla; ke ntse ke nyenyefala le ho nyenyefala, ho fihlela ke nyamela ka botlalo. 133 Mme a re, eitse, hoba ke etse hono, a re, “Yaba baena ba retoloha, ka morao ho nakwana, mme a re, ‘Na o nyametse? O lebile kae?’” Mme a re, “Ba bang ba leba nnqeng yane, ha ba bang ba nkela nnqeng e nngwe, mme ba bang ho e nngwe.” Empa, ba mmalwa haholo ba sala mme ba shebana le seo ke ba boleletseng sona. 134 Jwale hlokomelang tlhaloso ya toro. Kwana, ha ke eso mmolelle ntho le e nngwe, ha ho letho la tsena leo ke le boleletseng, ofe kapa ofe wa bona. Empa, ka re, “E.” Mme pelong ya ka, ke thothomela. Ke ne ke shebile. Jwale, mongolo o makatsang^Be butleng, ke tla e tlohela ho se hokae. 135 Nakong e seng kaalo ya ho feta, Moena Beeler^Moena Beeler o na le rona ka tlwaelo. Na o teng moo, Moena Beeler? E, morao mona. Billy a re, “Moena Beeler o kgaohile dikotokoto. O fumane toro e makatsang.” 136 Ke ile ka ya ho Moena Beeler, mme a re, tlase tlung ya hae bosiung bo bong, ha ke ne ke arabela dimemo tse itseng. Mme a re, “Moena Branham, ke fumane toro e makatsang.” Ha thwe, “Ke lorile ke theosa ka molapo wa metsi, ho ya nqa bophirimela. Mme ho ena le tsela ka ho le letshehadi. Homme nna ke le ka 20 LENTSWE LE BUILWENG letsohong le letshehadi, ke lebile nnqa bophirimela tseleng, eka, ke tsomana le makgomo. Mme ka tsohong le letona, hoba ke fihle tlase moo ha etsahala ke hlokomele, ke wena eo moo o neng o le teng. Mme o thiba mohlapehadi wa makgomo, mme ho ena le dijo tse ngata hodimo mono. Mme a re, “Mme yaba o nka dikgomo tseo mme wa di kganna o di kgutlisetsa hodimo nokeng.” Mme yaka, eka ke ile ka mo qhwaya hore a hlokomele dikgomo tseo. Mme a re, “Jwale ho tla ba bonolo dikgomong tseo, ke a tseba di tla nka tsela e hlokang tshitiso e ngata. Empa Moena Branham o batla di dule ka lehlakoreng le letona la noka eo, ka baka leo ke tla kgutla ke nyolohe ka tsela ena mme ke di thibele ho tshelela mose o kwano, le ho di thibella lehlakoreng lane.” Empa, a hlokomela, ha ke a ka ka sala dikgomo morao, empa ka tswella, nqa bophirima. A re, “O tlamehile a be a tsomana le tse lahlehileng.” 137 A sa phetha toro eo, ka e bona. Mme he, hlokomelang, a hla a tshwenyeha ka nna, ka hona a kgutlela morao ho sheba. Mme a re ke ne ke tobile thabeng e thata, mme hang yaba ke a nyamela. Mme a ipotsa hore molato e ne e le ofe. A theosa. Mme hape a ena le molatswana ka lehlakoreng la hae, o neng o kgelohela letsohong le letshehadi. Ke nahana ho nepahetse, Moena Beeler. Eya. Mme a elellwa ho hlaha^Mme ka lehlakoreng la ka e le diphororo tse kotsi. Mme a nahana hore mohlomong nkabe ke wetse diphororong tseo le_le ho timela. Yaba o a elellwa, mme a re o ile a qamaka ka nqa tsohle, mme a hlokomela sephetho sa diphororo tseo, di ne di theohetse ka nnqeng ena mme di entse sediba sa nnete se tsaraletsang metsi hodimo, empa metsi a sa kgutlele mobung hape. A sheba ka nnqane ho nokana ena kapa molatswana, mme a bona diphoofotswa tse itseng tse tsebe di tjhitjana. Mme a re, “Ke a kgolwa nka nka e nngwe.” Mme yaba o a tshela. 138 Yaba o qala a nahana ka nna. Mme a hlwella hodima tutudunyana, ho bona ha ho ne ho ka ba le feranyana, motjhoporonyana o mosesane, le a tseba, ke tshohileng ke potetse ka yona. Empa, a re, “Ho ne ho se letho.” Mme a qala a tshwenyeha. A re, “Ho etsahetse’ng ka moena rona? Ke a ipotsa ho etsahetse’ng ka Moena Branham?” Mme eitse ha a se a tshoha, a re a nkutlwa ke bua. Mme ke eme hodima thaba, le ho bolella Moena Beeler kwahollo ya toro eo ke neng ke mo fileng yona nakong e seng kaalo ya ho feta; le ho mmolella ho emela Morena, hore tsatsi le leng ke tla kopana le yena sehlekehlekeng. Mme ke eo moo a neng a le teng. 139 Jwale, kwahollo ya toro ke ena. Ho latela boholo ba molapo, e ne e le molapo wa bophelo. Mme ke lebile bophirma ka wona, mme ho jwalo le ka yena; hobane, o ne a le tseleng, a matha hanyenyane^tseleng ena ho theosa. Mme ka lehlakoreng le leng e le jwang bo bongata, empa mefero e opaneng, le dibajwa, le dikgwa; empa ka hare ka mono ho ena le jwang bo bongata. NA EE KE PONTSHO YA BOFELO, MONGHADI? 21 Mme ke ka mokgwa oo re tsomang Morena, le Dijo tsa Morena, ka ho feta mathateng. Ho thiba dikgomo; e le kereke ena; ho di thibella ka lehlakoreng lane. Ka tlwaelo dikgomo di ye di ye tseleng e boreledi, mokgatlong wa phutheho, ha di ka kgona; moo e leng hore, tsela e ne e tshwantsha mokgatlo wa phutheho. Ka di kgannela tseleng hape, ho bona hore ha di ye mokgatlong ofe kapa ofe wa kereke. 140 Jwalokaha o bone lerako le neng le ke ke la fetwa, le nthibetseng hore ke se ye bophirima, e ne e le tseko eo ya lekgetho le mmuso. Ha ho motho ya utlwisisang hore ke phonyohile jwang ho yona le ka mohla. E ne e le lerako le nthibeletseng, empa Morena a mphethisa ho lona, mme ka feta ho lona. Ke tla kopana le wena, Moena Beeler, sehlekehlekeng. 141 Ka baka leo jwale, he, hang ka morao ho mono, Moena Roy Roberson. Moena Roy, na o teng bosiung boo? E, ke_ke dumela^Eng? [Moena e mong o re, “Ka lehlakoreng ka mane.”_Mong.] Ka lehlakoreng lane. O ile a mpitsa, mme a bile le toro. Mme a lora re thiba dikgomo. (Jwale, ke ya boraro eo.) Ho thiba dikgomo. Mme ho ena le jwang, bo kgutlang dimpeng, mafulo a nonneng. Rona baena bohle re le mmoho. Mme ra fihla tulong e itseng bakeng sa dijo tsa motsheare, mme Moena Fred Sothmann a ema le ho re, “Elia, moporofeta e moholo, o tla bua mona kajeno, ka hora ya leshome le metso e mebedi.” Mme hoba rona bohle re je dijo tsa motsheare, motho e mong le e mong a tsamaya, mme a ipotsa hobaneng ba sa emela ho E utlwa e bolelwa. 142 Jwale, le bona ka moo e hokanang le Moena Jackson! Le a bona, hoo ho otla hantle, hantle, seo Moena Beeler a se boletseng! Ha ho motho ya ileng a emela, ho fumana. 143 Hlokomelang, hang ka morao ho moo, Kgaitsedi Collins (a o teng mona, Kgaitsedi Collins?) a lora toro ya ho beng mona kerekeng, mme ho ena le lenyalo le mothathing wa ho tshwarwa. Mme hoba a etse jwalo, a bona ho kena Monyadi, a phethahetse; empa Monyaduwa a sa phethahala ha kaalo, leha ho le jwalo e le Monyaduwa; jwale, hoo ke Kereke. Mme ho ena le ho kang selallo, kapa e_e tshebeletso e tsweleng mona, eka ho tsholelwa dijo tsa motsheare. Mme taba ena ya mo tjhabela ka hoba Moena Neville o ne a tshola dijo tsa motsheare ka kerekeng, empa a re e le Dijo tse babatsehang ka ho feta tseo a kileng a di bona. O ne a lapile hona. Empa yaka hoja, torong, o ne a sa lokela ho Di tshola, mme yena le Moena Willard ba ne ba tla nyolohela Ranch House ho ya ja. Mme hoba ba ho etse, Lesedi le ka letsohong le letona la tima. Jwale, le a tseba na Hoo ke eng. 144 Jwale, Dijo. Monyaduwa ha a phethahala, empa Monyadi o phethahetse. Monyaduwa ha a eso phethahale, empa kwana Dijo tse neng di abjwa e ne e se dijo tse tlwaelehileng, ke Dijo tsa moya tseo le nnileng la di fumana, ho tla jwalo. 22 LENTSWE LE BUILWENG A ke emise torong eo ya bone, motsotso feela. 145 Kana ha le hopole, Moena Fred Sothmann, Moena Banks Woods, mohla re leng ntle kwana Arizona ngwahola, re tswile ho tsoma dikolobe tsa javelina, homme Morena a bua? Na ha le tsebe dintho tseo A di entseng ka ho phethahala, ho bontsha se neng se tla etsahala, ha re ntse re tsamaya tseleng? Ha hoo e le nnete, lona baena ba babedi e reng, “Amen.” [Baena bao ba re, “Amen.”_Mong.] Le ka mohla ha e hlolehe. 146 Mme ka bona ponong nakong eo re ntseng re qhoba, ka tsatsi le leng, e_e pono ya Morena ya ntlela, mme ke ne ke itokisetsa, nakong eo, ho kgutlela lapeng ha ka, ho ya mose ho mawatle. Mme eitse ha ke eya mose, tjhe, ka bona sekepeng^ kapa pela lewatle, koung ya dikepe. Mme ho ena le monna e monyenyane, e mokgutshwane mono, mme a re, “Ke o hlophiseditse mokorwana, Moena Branham.” Mme e le sekweiti se senyenyane, se ka bang_se ka bang bolelele ba leoto, empa se le se sweu twa. Mme a re ho nna, “Ke sa hao ho tshela ka sona.” “Oh,” ka re, “se_se_se ha se a lekana.” 147 A re, “Se ka tsamaya dimaele tse mashome a mane ka hora, ho ya hodimo-le-tlase ka nnqeng ena. Hoo ke hore, hodimo-letlase lebopong.” 148 “Empa,” ka re, “se ke ke sa ntshedisetsa mose wane.” Mme a ntoo sheba fatshe he, mme a re, “Tsamaya jwaloka bona.” Mme ka sheba, mme Moena Sothmann le Moena Banks Woods e le bao, ba dutse sekepeng se takilweng botala, se nkile thepa ya ho kampa ka morao ho sona. Moena Banks ka katiba e penameng ka mokgwa ona; Moena Fred ka ya hae e tsipuwe kapele. Mme a re, “Tsamaya jwaloka bona.” 149 Ka re, “Tjhe. Nke ke.” Mme monna enwa a re ho bona, monna e monyenyane, a re, “Na le basesisi?” Moena Banks a re, “E.” Moena Fred a re, “E.” 150 Empa ka re, “Ha se bona. Nna ke mosesisi, mme ke a tseba o ke ke wa tsamaela hono, mme ke a kgolwa nke ke ka leba nqeng eno.” Ha thwe, “Na o ka se tsamaye le bona?” Ka re, “Tjhe. Tjhe.” 151 Ha ho le jwalo, ka reteleha. Mme, hoba ke etse hono, monna e monyenyane boemelong ha mphihlela hore e ne e le moena ka ya ratehang, Moena Arganbright. 152 Mme ka kgutlela morao ponong ena, mme ho ena le moahonyana, o molelele. Mme Lentswe la ntano re ho nna. (Homme lona bohle le hopola sena, kapa bongata ba lona.) Lentswe la re ho nna, “Kenya Dijo. Di bokelle ka hare. Ke wona feela mokgwa wa ho ba dudisa mona, ke ho ba fa Dijo.” Mme ka kenya ka hare, ke kentse, dirotohadi tse tletseng NA EE KE PONTSHO YA BOFELO, MONGHADI? 23 dihwete tse kgabane le meroho e kgabane, le dintho, tseo nkileng ka di bona. Na le a e hopola jwale, pono? [Phutheho e re, “Amen.”_Mong.] 153 Jwale, mme ka le bolela hamamorao seo kwahollo e neng e le sona. Ke ne ke loketse ho ya Zurich, Switserlane, le Moena Argabright, bakeng sa tshebeletso ya masiu a mahlano. Mme ka bolella baena pele ho etsahala, “Nke ke ka ya.” Mme ke ne ke le tlase le Moena Welch Evans tlase mono, ha ke ne ke ntsha kwahollo. 154 Bosiung bo bong, ke dumela Moena Welch o ne a tle ho ntata, re eya leetong la ho tshwasa dihlapi, mme a bolela ha Moena Arganbright a ne a mpitsa. Ka re, “Ho lokile, ke ena moo e leng teng. Ba tlilo ntlhakola.” Mme hangata^ 155 E seng ka Moena Miner; ke e mong wa metswalle e kgabane. Empa ka dinako tse ding, ha feela ba ka^Ha ba ka nahana hore o tlilo rera ntho e itseng kgahlano le thuto ya bona, ba ye ba bolele feela hore o tlilo ba teng mono, e le ho romella metswalle ya hao mono. Mme ba re^ 156 Moena Arganbright a ntetsetsa le ho re, “Moena Branham,” hantle feela seo Moya o se boletseng. Ha thwe, “O tle, tloo le mosadi wa hao,” ha thwe, “hoba ha o no lokela ho rera hakaalo,” ha thwe, “hoba ke a kgolwa ba o beetse bosiu bo le bong feela.” Le ho re, “Ho ka etsahala le bono o se bo rere.” Mme ka re, “Tjhe.” 157 “Ha ho le jwalo,” ha thwe, “tloo, wena le mohatsa’o, le tle bohle, o a bona, mme ha o entse hono, ke tla le nkela leetong la bohahlaodi. Kgele, mohatsa ka le mohatsa’o, le bao bohle, re tla feta le hodimo Switserlane le ho ya feta kwana Palestina.” Ka re, “Tjhe.” 158 Ke ne ke ena le kwahollo. Ka bolella Moena Welch, kapa Moena Fred le bao, “Ke tla le bolella hoseng, empa pele mosadi waka o lokela ho bua ho hong.” Mme eitse ha ke mmitsa, yaba o hana ho ya. Ka re, “Ke ena moo e leng teng.” Le a bona? 159 Jwale, mokorwana oo, o mosweu e ne e le tshebeletso eo e le nngwe. Ho itoketse ho ya hohle mona, lebopong, ka tshebeletso e le nngwe, empa ha ho a lekana, leha o ne o le mosweu, ho mpiletsa mose ho mawatle. 160 Moena Fred, le moena mono, ponong ba ne ba lekanya, ba emetse, “Tsamaya jwaloka mohahlaudi, bakeng sa boithabiso.” Empa ha ke a ka ka tsotella ho etsa hono. Mme ho haneng hore e ne e le basesisi, ho ne ho bolela e ne e se bareri. Empa, ke ne ke le moreri. 161 Mme hape Dijo ka mohahonyaneng oo, o molelele. Ha ke a ka ka ya mose; mme ka kgutlela mohahonyaneng ona, mme ra etsa ditosene tsa ditheipi, tsa piramite le ntho e nngwe le e nngwe, le ho bontsha batho hora eo re phelang. 24 LENTSWE LE BUILWENG 162 Jwale e bapiseng le tse ding, ditoro. Ena e ne e le pono. Dijo, ke Ena moo e leng teng. Nnqalo ke ena. 163 Hlokomelang. Yaba ho etsahalang? Hang hoba pono eo ya bone e hlahe, kapa hoba ke bolellwe toro eo ya bone, yaba ho tla Moena Parnell. O teng mona, kae-kae, mona hantle. Mme Billy o ne a le siyo mona, mme monna eo o ne a hlahafetse. O tswa Bloomington, ke a kgolwa, kapa Bedford? [Moena e mong o re, “Lafayette.”_Mong.] Lafayette, a tshwerwe dikopano. Mme a lora, mme a theohela ho Moena Woods. Mme a re, “Ha ke kgone ho e tlohela e fete. Ke loketse ho e phetha, ke loketse ho phethela Moena Branham. E a ntlhopha.” 164 Mme Modimo o a tseba, ha ho toro le e nngwe dipakeng tsa tsona; di tlile feela nngwe, pedi, tharo, nne, hlano, tshelela. 165 Moena Parnell a re, “Ke bile le toro e hlollang. Ke lorile ke tlilo tshwara tshebeletso hodimo mono, mme ha ho le jwalo, kapa ho seng jwalo ho ena le tshebeletso mona kerekeng e ntjha, ntho e kang eo.” Le ho re, “Kereke ena e ntjha,” ka moo ho etsahetseng, a ipotsa hobaneng ho ne ho se tshebedisano mmoho pakeng tsa bobedi boo, kapa ntho e ka mokgwa oo. Mme a re o ne a eme mona, monahanong, “Tjhe, ke se ke le kahare, ke tla lebella feela, mme ke tla etela tshebeletso.” Ha thwe, “Motho a tla a tsamaya ka mohahong, ka sutu e sootho, le bukana. Eka o ne a ngola.” Mme a bolella Moena Parnell, a re, “‘Ena ke kopano e seetsweng moedi. E bakeng sa batikone le bahlokomedi.’” Be, a ikutlwa hanyenyane eka o hlabehisitswe. Ka hona a tswa ka monyako wa kereke e ntjha, kapa yona ena e lokisitswe, e se hahilwe botjha hape. Mme yareha a tswela ntle, le ne le kgetheha, maemo a mabe a lehodimo, nako ya mariha. Mme ha ho le a mong wa batho bana ya tsebileng letho ka hona. 166 Mme yareha a etswa ka monyako, keha ke eme mono, ke shebile nqa bophirima. Ka re, “O se utlwe o hlabehisitswe, Moena Parnell. Ke tla o bontsha, seo o loketseng ho se etsa.” 167 Mme Moena Parnell, leha e le mang kapa mang wa bona, ba tseba ha ke a ba bolella kwahollo ya letho. E hlahella hona jwale hantle; leha, ke e bone ha ba ne ba e bolela. Na o lemohile ke tswile ka potlako e kae mono, Moena Parnell? Ho balehela taba ya ho o bolella. Le ho tswela pele, ntle leho bua letho ho Moena Woods kapa motho ofe, ha ho motho. Ho e tlohela feela, hoba ke ne ke batla ho bona moo e lebisang teng. Na le nkutlwile hamamorao ha ke re, “Ke kgathatsehile”? Ke seo e neng e le sona. 168 Mme ha ho le jwalo, Moena Parnell, o boletse ha ke itse ho yena, “Moena Parnell, qalella. Mme sebaka sa pele seo o tla fihla ho sona etlaba Sefora.” Sefora, “Sefora,” e bolelang tlami, kapa ho emisa, kapa ho hong. Ka re, “O se ke wa dula NA EE KE PONTSHO YA BOFELO, MONGHADI? 25 mono. O ntano tloseletsa, ntho e latelang, mme o tla fihlela mosadimoholo; mme o se eme mono. Tsamaya hape, o tla fihlela mosadimoholo ruri; o se eme mono.” Mme nakong ena yohle ha re ne re, ha re ntse re buisana, re ntse re tsamaya hara lehlwa. Mme ka re, “Tsamaya ho fihlela o fumana Mosadi wa ka. Mme ha o fumana Mosadi wa ka, ema mono!” Mme a re o ile a sheba, mme re se re tswile lehlweng, ho kena lehwatateng. Mme ka nyamela. Mme a hetla, mme a bona mosadi wa hae a kga metsi sedibeng, mme bareri ba itseng ba mo hula, ho mo rutla pompong ena. Mosadi a mo shebile. Mme a phaphama. 169 Kwahollo ya toro ya hao ke ena. Mme nkabe ke o boleletse yona, bosiung boo, empa ka tloha ho tsamaya. Jwalokaha Sefora, le mosadimoholo e mong, mme le e mong,le mosadi wa mosadimoholo ya hodileng ruri; ke dikereke. Le a bona? Mme hantle-ntle Sefora ka ho beng e_e mosadi wa Moshe, Sefora; mme re lemoha ha ke mmoleletse ho se eme ho bona, ho sa tsotelehe ba ne ba tsofetse ha kae. E ne e le mekgatlo. O se eme ho tsona. Di se di phetse nako ya tsona. Empa ha a fihla ho Mosadi waka, e leng Kereke yaka eo Jesu Kreste a nthometseng ho yona, hona mona tsatsing la qetelo, mme ke ena moo E leng teng, “Ema mono!” Mme yaba ke ya bophirima. 170 Ya ntano ba Kgaitsedi Steffy. Mohlomong ha a yo mona, hoba o ne a le kokelong. Ha ke tsebe kae^Na Kgaitsedi Steffy^E, ke enwa moo a leng teng. Kgaitsedi Steffy o tlile lapeng laka bakeng sa thapelo, pele a eya kokelong bakeng sa karo, hore Modimo a tle a mo thuse le ho mo hlohonolofatsa. Mme ruri O ho entse. Mmea re, “Ke bile le toro e makatsang, Moena Branham.” Ka re, “O reng?” 171 Mme a re, “Ke lorile ke le ntle kwana Bophirima. Mme ke^” Eo ke ya botshelela. Mme a re, “Ke lorile ke le ntle kwana Bophirima, naheng ya sekgalekgale. Mme eitse ha, hodima leralla, ho ena le monnamoholo ya tsofetseng ruri ya emeng teng, ditedu tse tshweu tse telele, mme moririnyana oo a neng a ena le wona o hotse o lepeletse sefahlehong sa hae. Mme a ena le ntho e tshweu e thatetsweng, ntho, seaparo,” mme a re, “moya o ne o se pheula.” Ke nahana ke nnete, Kgaitsedi Steffy, ka tsela eo. Le ho re, “Ka nna ka atamela. O ne a eme, hodima thaba, a shebile nnqa botjhabela.” Le ho re, “Ka ipotsa, ‘Monnamoholo enwa ke mang?’” Mme a atamela haufi, haufi. Mme hoba a fihle haufi, a elellwa hore e ne e le mang. E ne e le Elia ya sa shweng, moporofeta, a eme mono a shebile Botjhabela. 172 A re, “Ke tshwanetse ho mmona.” A ena le tlhoko. Mme a matha a nyoloha leralla le ho itihela mono, ho bua le yena, le ka lebitso la Elia. Le ho re, ha a bua^A utlwa lentswe le re, “O batlang, Kgaitsedi Steffy?” Mme e le nna. 26 LENTSWE LE BUILWENG 173 Toro ya hao e phethahetse hona moo, Kgaitsedi Steffy. Hoba, hang ka morao ho moo, ka ya Louisville. Seo a neng a se hloka e le thapelo. Le a bona? Mme a feta hantle ho itoketse, kokelong; mme pontsho ya ho ya ha ka bophirima ke shebile nnqa botjhabela, mohlapeng wa ka. Hlokomelang. Eitse^ 174 Ka ya Louisville; mme ho ha ke kgutla, ke kena ka keiti, ho ne ho ena le thupa e kgokgothetsweng mono, keiting ya ka. Mong. Goynes, wa seterata sa motse mona, o ne a nyolosa ka tselana. A re, “Billy, tloo kwano mona.” A re, “O loketse ho suthisa keiti ya hao mmoho le dintho, motero, motero wa majwe, le keiti.” Ka re, “Tjhe, ho itoketse, Bill.” Ka re, “Ke tla_ke tla ho etsa. Neng?” 175 A re, “Ke tla o bolella. Ke tla o bolella neneng.” Ka re^ “Hantle feela mathwasong a selemo, ba tla qala ho etsa hono.” Ka re, “Ho lokile.” 176 Ka baka leo ka qalella ho kgutlela ka tlung, mme mosadi a re, “Ke loketse ho ya reka dikrosari hang.” Mme ka theosa ka tselana. Mme moshanyana, Raymond King, e leng moenjenere wa motse. Haesale ke mmitsa “Tsebe ya Letsopa,” hoba, ha re sa le mmotlana, re sesa mmoho, o na otle thaka le leng tsebeng ka kgwabi ya letsopa, mme haesale re mmitsa, “Tsebe ya Letsopa.” O hahile hantle tlasana seterateng hojana le nna, ntho e ka etsang_ e ka etsang lemati la bobedi ka tlasa ho Moena Woods. Mme ka hona ke re, “Letsopa, tloo mona motsotso.” A re, “Ho lokile, Billy.” Mme a tla mono. Ka re, “Thupa ee eo o e kgokgetheletseng mono?” 177 A re, “Billy, ho bolela hore, ba tlilo kenyeletsa ntho eo yohle.” Ha thwe, “Difate tsena tsohle, metero ena, le ntho e nngwe le e nngwe feela, o loketse ho suthiswa.” 178 Ka re, “Be, enjenere e mpoleletse hore sebaka sa ka se tla mahareng a tsela.” 179 Ha thwe, “E, empa ba tlilo e atolosa. Ba tla se kenyeletsa le sona, leha ho le jwalo.” Ha thwe, “Le sa ka le sona.” 180 Ka re, “Be, Moena Woods ke_ke sehahi sa majwe, mme,” ka re, “Ke tla_ke tla mo nka a e suthisetse morao.” 181 Ha thwe, “Billy, o se e ame. E re rakonteraka e etse hono. Ke ntlo ya boruti, ha ke re?” Ka re, “E, monghadi.” Ha thwe, “E re a etse hono.” Ha thwe, “O tseba seo ke se bolelang.” Ka re, “E.” NA EE KE PONTSHO YA BOFELO, MONGHADI? 27 182 Mme yaba ke a tsamaya, mme, homme ka pele hakaalo, ntho e nngwe ya e tjhabisa. [Moena Branham o thantsha monwana wa hae_Mong.] Ka ya hae, ka kena ka phaposing ya ho balla, ka nka buka eo, mme ke eo moo e neng e le teng. E ne e se makote a samente; e ne e le majwe. Ka re, “Meda, itokise.” 183 Ditoro tse hlahlamanang tse tsheletseng, mme pono ya ntano di kwahela. “Ha dintho tsena di hlaha, o ye nnqa bophirimela.” 184 Ka letsetsa Tucson. Moena Norman o na le sebaka. Ha ke tsebe moo ke yang teng. Ha ke tsebe hore na ke etseng. Ke feela ka hare ho^Ke eme. Ha ke tsebe hore ke na ke etseng. Ke siya lehae leo ke sa tlamehang ho le lefella rente. Moputso wa ka ke lekgolo la didolara ka veke. Mme eka ke loketse ho lefa lekgolo la didolara ka kgwedi bakeng sa ntlo. Ke mmoho le baena le dikgaitsedi, moo ke ratwang. Mme ke a falla, ha ke tsebe ho kae. Ha ke tsebe hobaneng. Ha ke kgone ho le bolella hobaneng. Empa ho na le ntho e le nngwe feela eo ke e tsebang, ke ho re o latele seo A reng se etswe. Ha ke tsebe, ho re ke lebe nnqeng efe, ho etsweng. Ha se taba ya ka ya^ 185 Ke kgolwa ha Abrahama a ile a ikutlwa jwalo seo ha A ne a mo laela, “Tshelela, mose wane wa noka.” A sa tsebe a ka se etsang haese feela ho jaka, ho ikarola. Ke ne ke sa tsebe ke etseng. 186 Hoseng ha Moqebelo o fetileng, veke e le nngwe ho tloha maobane, ho ella horeng e batlileng ho ba ya boraro hoseng. Ke ne ke ile ka tsoha ho nwa metsi, le ho kgurumetsa Joseph, ka phaposing ya hae. Mme ka ntano kgutla, mme ke sa tswa paqama fatshe feela. Ka robala. Mme eitse ha ke robala^Ke ntsha ditoronyana tsena le dintho, le tle le bone motheo wa seo ke ikemisetsang ho se bolela. Ka_ka kgurumetsa Joseph, mme ka kgutlela morao le ho paqama, mme ka robala. Homme ka lora toro. 187 Mme ka lora ke bona monna eo e kang ntate wa ka, leha e ne e le monna e moholo. Mme ka bona mosadi eo e kang mme wa ka, feela a sa tshwane le mme wa ka. Mme monna enwa a kgohlahetse haholo ho mosadi wa hae. Mme o ne a nkile thupa e kgutlotharo, moo a neng a petsotse patsi ena. Mme e etsa^Le a tseba, leqhetso la patsi e rathilweng, bophareng ba sekoqo, le a tseba, le etsa thupa e kgutlotharo. Mme nako le nako ha mosadi enwa a qala ho ema, a mo qotse ka molala feela, le ho mmata hloohong, le ho mo dihela fatshe. Mme a rapalle mono, mme a habea le ho lla, mme a ntano leka ho iphumana hape. A pote ka kwana, ka boikgantsho, ka peta ya hae e tomolotsweng, thaka la seqhobane. Mme enereha ha a tsoha hape, a mo tshware ka molala, mme a nke thupa ena e kgutlotharo, mme a mo harinye ka yona hloohong, a mo dihele fatshe. A kgutlele morao a jere peta ya hae, jwaloka hoja a entse ntho e itseng e kgolo. 28 LENTSWE LE BUILWENG 188 Mme ke ne ke eme thokwana kwana, ke shebile hona. Ke nahane, “Nke ke ka betana le monna eo. O moholo haholo. Mme, hape le hona, eka ke ntate, empa ha se ntate.” Mme ke re, “Ha a na lebaka la ho tshwara mosadi eo jwalo.” Mme ka ya ke tenwa ke yena. Ka hona, he, hang feela, ka tlelwa ke sebete se lekaneng, mme ka leba ho yena, le ho mo tshwara ka molala wa hempe, mme ka mo shebisa ka kwano. Mme ka re, “Ha o na tokelo ya ho mo otla.” Mme ha ke rialo, ditshika tsa hlaha. Yaka ke seqhobane. Mme monna eo a sheba ditshika tseo, yaba o qala a ntshaba. Mme ka re, “Mo otle hape, o tla kopana le nna.” Mme a batla a eba lekgonono ho mo otla hape. Mme yaba ke a phaphama. 189 Homme ka robala mono ho se ho kae. Ke nahane, “Hoo ke eng? Ho a makatsa hore ke lore kaha mosadi eo.” Mme motsotswaneng feela, ke enwa A etla. Ka fumana kwahollo. 190 Mosadi o tshwantsha kereke ya lefatshe kajeno, lefatsheng lohle. Ke hlahetse hantle ka hara modubadube ona, mme ke nna enwa. Eka mosadi o ne a loketse ho ba e_e ho kang mme wa^le haeba e ne e le mma diotswa, empa leha ho lejwalo ke hlahetse hantle ka hara yona. Mme seo^Monna wa hae ke mekgatlo ya diphutheho e mo busang. Thupa e kgutlotharo eo a neng a e nkile, ke kolobetso e borarong ya mabitso a bohata. Moo, nako le nako ha a ne a qalella ho tsoha, phutheho e Le amohela, a mo harinye ka yona a mo dihele fatshe. Mme, ehlile, ka ho ba boholo bo bokaalo, ke ile ka reteleha, ke batla ke mo qwaya. Mme yaba ke kgorohela ho yena, leha ho le jwalo, mme ditshika e le ditshika tsa tumelo. Tse entseng hore ke nahane, “Ha Modimo o ena le nna, mme a ka mpha ditshika, a nke ke ke Mo emele. ‘Kgaotsa ho Mo otla.’” 191 Mohlomong e ne ekaba hora ya leshome ya letsatsi, ha mosadi a ne a leka ho kena ka phaposing, mme ya etsahala. Ka kena ponong hoseng hoo, mme ka mokgwa o itseng^Jwale, hopolang, e ne e se toro. 192 Ho na le phapang pakeng tsa ditoro le dipono. Ditoro di hlaha ha o robetse. Dipono, ha o sa robala. Re tswetswe ka mokgwa oo. Motho wa ka mehla, ha a lora, ke boikutlong ba bobedi [“subconscious”_Moft.]. Mme boikutlo ba hae ba bobedi bo hole le yena. Dithokutlo tsa hae di a sebetsa, ha feela a le boikutlong ba pele [“conscious”_Moft.]. Boikutlong bona ba pele, ke hore, o maemong a ka mehla, o a bona, latswa, ama, fofonela, utlwa. Empa ha o le boikutlong ba bobedi, o kgalehile, ha o bone, latswe, ame, kapa ho utlwa. Empa ho na le ntho e nngwe, ha o lora, ke ena ya ho re, o kgutlela boikutlong bona ba pele. Ho na le monahano, ke hore, o kgona ho hopola ntho eo o e lorileng, dilemo-lemong tse fetileng. Motho wa ka mehla o ka tsela seo. NA EE KE PONTSHO YA BOFELO, MONGHADI? 29 193 Empa Modimo ha a rera ntho e sa le pele, boikutlo bona ba bobedi ha bo hole kwana le mona, ho seboni, empa mafatshe ao a kopane hammoho, mme seboni, ponong, ha se robale. O sa le dithokutlong tsa hae, mme a e bone. 194 Ke ne ke hlalosetsa dingaka tse itseng taba eo, tsatsi le leng. Mme tsa ema le ho re, “Ho a babatseha. Ha re eso ka re nahana le ka ntho e jwalo.” Ha ke ne ke kentswe tlhahlobong ya leqhubu, mme ba re nna ke^Ha ba eso bone ntho e kang eo. Le a bona? “Be,” ha thwe, “ho na le ntho e etsahalang ka wena.” Mme ka bolela. Ka e bolela. A re, “Ke yona, hantle.” Le a bona? 195 Mafatshe a mabedi ao a dutse a bapile hammoho. Ha se ntho ya letho eo ke neng nka e etsa, mme ha e nketse ntho e kgolwanyane ho motho ofe kapa ofe. Ke hore feela, Modimo o e sebeditse ka tsela eo. Ha o robale. O sa le hona mona hantle, jwaloka borokong. O sa eme mona, o shebile ka ntle, ka mokgwa wona. 196 Mme lona bohle le e bone, lefatshe ho pota. Ha o robale. Ho emeng mona kalaneng, ho buisana le batho, le ye le nkutlwe ke kena diponong le ho kgutla. Ha ke palame koloing le lona, hohle feela hape, mme ke le bolelle dintho tse tla hlaha; le hona ntle le ho hloleha, ha e-so ka e ho etsa. Ho na le motho ya kileng a e bona e hloleha? [Phutheho e re, “Tjhe.”_Mong.] Tjhe, monghadi. E ke ke ya hloleha. E ke ke ya hlolela, ha feela e le Modimo. Hlokomelang, kalaneng hantle, diketeng, pela mashome a dikete tsa batho, esita le dipuong tse ding tseo ke sa tsebeng le ho di bua, leha ho le jwalo ha e hlolehe. Le a bona? Modimo! 197 Jwale, ponong ena, kapa jwaloka ha ke ne ke bolela, ka sheba mme ka bona ntho e makatsang. 198 Jwale, yaka hojane moranyana wa ka, Josefa, o ne a le lehlakoreng la ka. Ke ntse ke qoqa le yena. Jwale, ha le ka hlokomela pono hantle haholo, le tla bona hobaneng Josefa a ne a eme mono. 199 Mme ka sheba, mme ke moo ho ne ho ena le sehlahla se seholo. Mme hodima sehlahla sena, ka_ka senkgome sa dinonyana, dinonyana tse nyenyane, tse ka bang bolelele ba bohare ba intjhi, le bophahamo ba bohare ba intjhi. E le mekaubere e meyenyane. Dipheonyana tsa tsona di manametse fatshe. Mme ho e na le tse ka bang pedi kapa tharo lekaleng le ka hodimo, tse tsheletseng kapa tse robedi lekaleng le latelang, le leshome le metso e mehlano kapa mashome a mabedi lekaleng le latelang; di theohela sebopehong sa piramite. Mme baekanyana bao, baromuwanyana, mme ba ne ba kgathetse ruri. Mme ba ne ba shebile nnqa botjhabela. 200 Mme ke ne ke le Tucson, Arizona, ponong, hoba e entswe jwalo ka morero hoba A ne a sa batle ke hlolehe ho ho bona hore e ne e le ho kae. Mme ke ne ke itlhomolla sehlabahlabane, 30 LENTSWE LE BUILWENG se tswang lehwatateng, mme ka re, “Jwale, ke a tseba hona ke pono, mme ke a tseba hore ke Tucson. Mme ke a tseba dinonyana tseo di tshwantsha se seng. Mme di ne di shebile nnqa botjhabela. Mme hang tsa fihlelwa ke mohopolo wa ho fofa, mme ke tseo di thakgoha, nnqa botjhabela. 201 Mme hang feela ha di tloha, senkgome sa dinonyana tse kgolwanyane sa tla. Eka maeba, ka dipheyo tse dintlhana di ntjhotjho, tse batlang di le mmala o boputswa, mmalanyana o hlakileng ho feta oo baromuwanyana bana ba pele ba neng ba le ona. Mme di ne di finyella nnqa botjhabela, ka lebelo. 202 Mme hang feela hoba di nyamelle, ka reteleha ho sheba nnqa bophirima hape, mme teng ya etsahala. Ha eba le ho qhoma hantle-ntle ho sisintseng lefatshe lohle. 203 Jwale, le se fose taba ena. Mme lona, ba teiping, etsang bonnete ba hore le e tshwara hantle. 204 Pele, ho qhoma. Mme ha utlwahala jwaloka moedi wa modumo, e leng hore le se bitsang ha sefofane se tshela modumo, modumo ha o kgutlela lefatsheng hape. Ha reketla feela, ho kang, ho rora, ntho e nngwe le e nngwe. Hape, e ne e kaba e_e_e ho thwathwaretsa ho hoholo ha letolo, le lehadima, ntho e kang eo; ha ke a ka ka bona lehadima. Ke utlwile feela ho phatloha hoo ho hoholo ho hlaha, yaka hoja e le ho ella ka borwa, ho nna, ho ella Mexico. 205 Empa, ha reketlisa lefatshe. Mme hoba ho etsahale jwalo, ke ne ke shebile nnqa bophirimela. Mme hole kwana Bosafeleng, ka bona senkgome sa ntho e tlang. Mme ha bonahala e ka ba mathebana. Mme ho ka ba le a sa feteng bohlano, mme a sa fete bosupa ka bongata. Empa, a le sebopehong sa piramite, jwaloka baromuwa bana ba tlang. Mme, ha ho etsahetse, Matla a Modimo o Matlaohle a mphahamisetsa hodimo ho kopana le Wona. 206 Mme nka E bona. Ha eso ho ka e ntlohela. Matsatsi a robedi a se a fetile, mme ha ke kgone ho e lebala, le teng. Ha ke eso fumane ntho e ntshwentseng jwaloka ha eo e entse. Lelapa laka le ka le bolella. 207 Ka kgona ho bona Mangeloi ao, mapheyo ao a bopehetseng morao, a tsamaya ka lebelo le fetisang leo modumo o tsamayang ka lona. A etswa Bosafeleng, ka ho tshwedima, jwaloka ho panya ha leihlo. Ho panya ha leihlo la hao ha ho a lekana; ho re feela tshwedi, keha A se a fihlile mono. Ha ke a fumana le nako ya ho bala. Ha ke a e fumana, ha e se ho sheba feela. A le matla, Mangeloi a maholo, a matla, bosweu ba lehlwa; mapheyo a maname, le dihlooho. Mme a re feela, “Whew-whew!” Mme, hoba ho etswe jwalo, ka nkelwa lesihleng lena la piramite. 208 Mme ka nahana, “Jwale, ke ena moo e leng teng.” Ke shwele bohatsu kahohle. Mme ka re, “Oho, kgidi! Hona ho NA EE KE PONTSHO YA BOFELO, MONGHADI? 31 bolela hore ho tla hlaha ho phatloha ho tla mpolaya. Ke fihlile pheletsong ya tsela ya ka jwale. Ha ke a lokela ho bolella baheso, hoba pono ena e tlohe. Ha ke batle ba tsebe ka hona. Empa, Ntate ya Lehodimong o ntsebisise jwale hore nako ya ka e fedile. Mme nke ke ka bolella lelapa la ka, ba tle ba toute ka nna, ‘Hoba, o itokiseditse ho tsamaya.’ Mme Mangeloi ana a ne tletse nna, mme ke tla bolawa haufinyana ho phatloheng ha mofuta o itseng.” 209 Yaba ho a mphihlela, ha ke sa le lesihleng lena, “Tjhe, ha se yona. Hola ho ne ho o bolaile, ho ka be ho bolaile le Josefa.” Mme ka utlwa Josefa a mpitsa. 210 Be, ka ntoo reteleha hape, ke nahane, “Morena Modimo, pono ena e bolelang?” Mme ka ipotsa. 211 Mme ha mphihlela, (e seng lentswe) ho mphihlela feela. “Oh! Ao ke Mangeloi a Morena, a tlileng ho mpha thomo ya ka e ntjha.” Mme eitse ha ke nahana hono, ka phahamisa matsoho a ka, mme ka re, “Oho Morena Jesu, O batla ke etseng?” Mme pono ya ntlohela. Ntho e ka etsang hora, boikutlo bo le siyo. 212 Jwale, lona batho ting le tseba seo ditlhonolofatso tsa Morena di leng sona. Empa, Matla a Morena a fapane ho hang, Matla Morena tulong tse kang tseo. Ke A utlwile, makgetlo a mangata, ngata, pele, ponong empa le ka mohla e seng ka tsela eo. A utlwahala jwalo ka tshabo e kopaneng le hlompho. Ke ne ke tshohile hoo ke neng ke shwele bohatsu, moo botenng ba Dibopuwa tsena. 213 Ke le bolella Nnete. Jwaloka ha Paulose a boletse, “Ha ke bue leshano.” Ha le eso ka le mphumana ke bua ntho e phoso mabapi le ntho e kang eo. Ntho e nngwe e mothating wa ho hlaha. 214 Yaba, ka mora nakwana, ka re, “Morena Jesu, haeba ke tla bolawa, nke ke tsebe, ke tle ke se bolelle baheso ka hona. Empa ha e le ntho e nngwe esele, nke ke tsebe.” Empa, ha ho ntho e ileng ya arabela. 215 Hoba Moya o ntlohele, ntho e ka bang bohare ba hora, ke lekanya jwalo, kapa ho feta, ka re, “Morena, ha e le yona, he, hore ke il’o bolawa, mme O qetile ka nna lefatsheng, mme_ mme ke il’o nkelwa Hae jwale; e leng ho re, ha e le yona, ho itoketse, ke hantle. Ha ho le jwalo,” ka re, “hae le yona, nke ke tsebe. Kgutlisetsa Matla a Hao hodima ka hape, mme ke tla tseba hore ke se bolelle baheso kapa motho e mong ka yona, hoba O mothating wa ho ntlosa.” Mme ka^Mme ha ho se ileng sa etsahala. Mme ka lebella ho se ho kae. 216 Yaba ke re, “Morena Jesu, ha ho sa bolele hono, mme ho bolela hore O na le seo ke loketseng ho se etsa, se tla senolelwa nna hamamorao, jwale he romela Matla a Hao.” Mme A batla a ntlosa ka phaposing! 32 LENTSWE LE BUILWENG 217 Ka iphumana kae-kae, khoneng kwana. Ka kgona ho utlwa mosadi wa ka, kae_kae, a leka ho tsukutla lemati. Lemati la phaposi ya ho robala le ne le notletswe. Mme ke ne ke butse Bibele, mme e^Ke bala, ha ke tsebe, empa ke ne ke le ho, ke a kgolwa, Baroma kgaolong ya 9, temaneng ya ho qetela. ^Bonang, ke bea Sione lejwe la sekgutlo, lejwe le kgothometsang, lejwe le letle la sekgutlo, mang le mang ya dumelang ho yena a ke ke a swaba. 218 Mme ka nahana, “Ho a makatsa hore ebe ke bala hono!” Moya o ntse o nkukile, ka phaposing! Ka kwala Bibele mme ka ema mono. 219 Ka ya kwana fensetereng. E ka ba hora ya leshome ya letsatsi; kapa ka morao. Mme ka phahamisa matsoho a ka, mme ka re, “Morena Modimo, ha ke utlwisise. Lena ke letsatsi le mohlolo, ho nna. Mme ke batla, ke se mehopolong ya ka.” 220 Ka re, “Morena, hoo ho bolelang? A nke ke bale hoo hape, haeba e le Wena.” Jwale, hona eka bongwana. Mme ka nka Bibele, ho e phetla. Ke eo moo e neng e le hape, sebakeng se le seng, Paulose o ne a bolella baJode hore ba lekile ho^ho bolella Baroma hore baJode ba lekile ho E amohela ka mesebetsi, empa re E dumela ka tumelo. 221 Tjhe, ebile nako e kgolo haesale. Jwale le bona moo ke emeng. Ha ke tsebe se etsahalang. Ha ke tsebe seo nka se bolelang. 222 Empa jwale a nke ke, jwale, ho tloha jwale ho tswela pele, mohlomong, metsotso e ka bang leshome le metso e mehlano, mashome a mabedi, a nke ke leke ho bua se seng jwale mona. Hopolang, le ka mohla dipono tseo ha di eso ka di hloleha. Jwale ke tla nka Mangolo motsotso, ha le ka hlokomela, ho Tshenolo kgaolong ya 10. Jwale a nke ke bolele sena. Haeba pono e dumelana le Mangolo, e ka kwaholla feela ka Lengolo. Mme, hape he, ke batla hore le kopanye hona hammoho. 223 Mme, jwale, ho lona ba leng teng, le lona ba leng lebanteng, etsang bonnete ba hore le E bolela kamoo ke E buang, hoba eka utlwisiseha ka phoso ha bonolo haholo. 224 Na le potlakile? [Phutheho e re, “Tjhe.”_Mong.] Ho lokile. Feela^Ke le leboha ka ho kgutsa ha kana, ha monate. Jwale, “Lengeloi la bosupa^” 225 Jwale, benghadi (jwalokaha ke o reile sehlooho sena) na ee ke pontsho ya nako ya bofelo? Re phela ho kae? Ke nako efe ya letsatsi? Jwaloka selwani se imetsweng, nakong ya bosiu, se tsohang mme se sheba tshupanako, ho sheba seo e leng sona, ho kgantsha lesedi. Thapelo ya ka ke hore, “Modimo a re kgantsheng Lesedi.” NA EE KE PONTSHO YA BOFELO, MONGHADI? 33 226 Ke eme sebakeng se tshabehang, hola le ne le tsebile. Hopolang, ke le bolella ka Lebitso la Morena, ke le boleletse nnete, mme ho na le ntho e makgatheng a ho etsahala. 227 Ha ke tsebe. Jwale, ho lona ba leng theiping, tshwarang taba eno. Ha ke tsebe. Ke tla leka. Se tlileng ho nna, maobane, ke dutse ka phaposing ya ka ya ho bala. Ha ke re taba ena ke nnete; e ne e le ntho eitseng feela e neng e futha pelong ya ka, moo ke neng ke tsamaya difulurung. 228 Ke_ke ne ke loketse ho theoha, ho fumana nakwana ke ntoo tsamaya le Charlie, le ho ya tsoma le yena tsatsi le le leng, pele re tlameha ho arohana. 229 A nke ke re, ho re, ka hobane ke eya bophirimela, ha se ho re ke tlohela tabernakele ena. Ena ke kereke eo Morena Modimo a mphileng yona. Ntlokgolo ya ka ke ena. Mona ke hona moo ke dulang. Ke ya kutlong ya taelo eo ke e filweng, ka pono. Mora wa ka, Billy Paul, o tla dula e le mongodi wa ka. Ofisi ya ka e tla ba kerekeng mona hantle. Ka thuso ya Modimo, ke tla ba teng mona mona ha e^ntho ena e fetile, ho rera Ditiiso tse Supileng. Mme lebanta lefe kapa lefe leo ke le etsang, kapa ntho e nngwe e sele, e tla etswa mona kerekeng hantle. Mme mona hantle, ho ya kamoo ke tsebang, ke sebakeng seo nka rerang ka tokoloho ho feta kamoo nka kgonang sebakeng sefe kapa sefe lefatsheng, hoba mona ho na le sehlopha sa batho ba dumelang, mme se lapile le ho tiisetsa. Mme hona eka lehae, ho nna. Sena ke sona sebaka. Mme ha le ka hlokomela dipono di buile ntho yona eo, le a bona, moo Dijo di leng teng. 230 Jwale, empa, ha ke tsebe seo bokamoso bo se tshwereng, empa ke tseba Ya tshwereng bokamoso. Ke yona taba ya sehlooho. 231 Jwale, Modimo, ha ke le phoso, ntshwarele, mme esita le ho kwala molomo wa ka, Morena, nthong efe kapa efe e sa tlo ba thato ya Hao. Ke etsa hona feela hoba ke hatelleha, Morena. A batho ba ke ba utlwisise; ho hatelleha feela. 232 Lebaka leo ke nahanang ha kwahollo e sa tlang kapele, ebile ho latela boholo ba Modimo bo sa lekanngweng, hoba ke dumela hore ke e ngoletswe ka mona ka Bibeleng. Mme haeba e dumellana le Mangolo, ke Lengolo feela le ka e kwahollang. Mme haeba sena e le nnete, moena, kgaitsedi, ha ke a ikemisetsa ho le tshosa, empa re tlamehile ho hlokomela haholo jwale. Re itokisetsa ho^Ntho e nngwe e makgatheng a ho etsahala. Mme ke bua sena ka tshabo le hlompho ya Modimo. Mme na le nahana nka ema mona^Ekasita lona batho ting le dumela hore ke moporofeta; ha ke ipolele ho ba yena. 233 Tshisimoho ya ka e ne e le ena. Ngwahola, ke ile ka re, “Ke^Ntho feela eo ke e bonang, tsoseletso e fedile, matjhabeng, kapa setjhaba sena, le hona.” Ke ile ka nka leeto la thero ya Evangedi. Bongata ba lona bo ne bo tsamaile le 34 LENTSWE LE BUILWENG nna. Kgidi, ho ne ho itoketse. Re bile le monyaka o moholo, dikopopano tse babatsehang, matshwele a mangata, empa feela ha e a otla botsekeng. 234 Monongwaha, ke tla nka leeto la boromuwa. Kapele kamoo nka kgonang, ke tla ya Afrika, India, le ho pota lefatshe, ha nka kgona, leetong le leng hape la boromuwa. 235 Ha hoo ho sa sebetse, nke ke ka nka metsi kapa dijo le hona, mme ke tla hlwella tse ding tsa dithaba tseo tse phahameng kwana, mme ke tla dula mono ho fihlela Modimo a arabela ka mokgwa o itseng. Nke ke ka phela ka mokgwa ona. Ha ke kgone feela ho tswella. 236 Hona mona ekaba karabo. Ha ke tsebe. “Ho fihlela O mphetola,” na le hopola pono divekeng tse ka bang tharo tse fetileng, “ka ho ema letsatsing, ke rerela phutheho”? Bohle ba neng le mona Sontaheng sa ho feta. Disontaha tse ngata, lona batho ba sebaka sena ba fumanang dithepi, mme_mme le ne le teng ha di ne di etswa, le utlwisisa dintho tsena. Hobane, hoba jwale ke tla ama dibaka tsena, mme le e hlokomele. Ekasita le karolwana ya e nngwe le e nngwe e boletsweng, e bapa hantle le sena, ka baka leo e ka ba tlhaloso. Ha ke tsebe. Ke ka hona ke reng, benghadi, na ke yona? 237 Ke dumela hore “Lengeloi la bosupa” la Tshenolo wa 10 ke moromuwa wa mongwaha wa phutheho ya bosupa wa Tshenolo 3:14. Hopolang. Jwale e reng ke bale. Bonang moo nka balang. Jwale, lena e ne e le lengeloi la bosupa. Empa mehleng ya lentswe la lengeloi la bosupa, (temana ya 7) ha terompeta ya lona e tla lla, ke moo sephiri sa Modimo se tla phetheha, ka moo a boleletseng bahlanka ba wona baporofeta kateng. 238 Jwale, le a hlokomela, lena e ne e le lengeloi. Mme ke lengeloi la mongwaha wa phutheho ya bosupa, hoba mona e re, ke “lengeloi la bosupa,” la mongwaha wa phutheho ya bosupa. Ho fumana hore, ha le batla ho bona na ke mang^moo lengeloi le leng teng, Tshenolo 3:14, ke, “Lengeloi la phutheho ya Laodisea.” 239 Jwale, le hopola ha seo se ne se bolelwa mono, mangeloi le mengwaha ya diphutheho. Mme jwale, tabeng ena, e tla kgohlela hantle Ditiisong tse Supileng tsena tseo re tlang ho bua ka tsona. Mme Ditiiso tse Supileng tseo re lekang ho bua ka tsona, ha di etla kgetlong lena, ke Ditiiso tse supileng tse ngotsweng. Mme Ditiiso tsena tse tse Supileng, jwaloka ha le tseba, ke ponahatso ya mangeloi a supileng a diphutheho tse supileng; empa, ho na le Ditiiso tse ding hape tse supileng ka morao ho Buka, Ke ka ntle ho Bibele. Hlokomelang, re tla kena ho yona motsotsong. 240 Jwale, pele ke qala ka sena, na le kgathetse? Na le ka rata ho ema, ho fetola madulo? [Phutheho e re, “Tjhe.”_Mong.] Jwale mamelang ka hloko. NA EE KE PONTSHO YA BOFELO, MONGHADI? 35 241 Lengeloi la bosupa la Tshenolo 10:7 ke moromuwa wa mongwaha-phutheho ya bosupa. Le a bona? Jwale, shebang. “Mme mehleng^” Jwale hlokomelang mona. Empa mehleng ya lentswe la lengeloi la bosupa, ha terompeta ya lona e tla lla, ke moo sephiri sa Modimo se tla phetheha,^ 242 Jwale, ho letswa, moromuwa enwa, lengeloi la bosupa mona le utlwahatsa Molaetsa wa lona ho phutheho ya Laodisea. Hlokomelang mofuta wa Molaetsa wa lona. Jwale, e ne e se lengeloi la pele, ha le a fuwa Hono; lengeloi la bobedi, la boraro, la bone, la bohlano, la botshelela. Empa ke lengeloi la bosupa le neng le jere mofuta wona wa Molaetsa. E ne e le eng? Hlokomelang mofuta wa lona wa Molaetsa, “Ho phethela diphiri tsohle tsa Modimo, tse ngodilweng ka Bukeng.” Lengeloi la bosupa le lohanya diphiri tsohle tseo ditlhana tsa tsona di lokotsehang, hohle ho haola ka mekgatlo ena le diphutheho tse mabitso. Lengeloi la bosupa le a di bokella, mme le tla phethela sephiri sohle. Jwale, ke seo Bibele e se boletseng, “Ho phethela sephiri sa Buka e ngodilweng.” 243 Jwale a re hlokomeleng tse mmalwa tsa diphiri tsena, mme ha o batla ho di ngola fatshe. Pele, ke tla nka seo Scofield a se bolelang mona, ho Matheu 13. Haeba le batla ho bapisa tse ding ho theosetsa tlase, ha le sena Bibele ya Scofield. Le ka bala seo a nahanang hore tse ding tsa diphiri ke tsona. Jwale, temaneng ya 11. Mme a ba araba a re, Ke hobane lona le neilwe (barutuwa ba hae), ke hobane lona le neilwe ho tseba diphiri tsa mmuso wa mahodimo, empa e seng bona, ha ba ka ba newa. 244 Diphiri, “sephiri” ke sena. Sephiri ke Lengolo, ke Nnete e neng e kwahetswe pele jwale e senotsweng ka Kgalalelo, empa (eo e leng) karolwana e mohlolo e sa saletse leha kwana tshenolo e entswe. Diphiri tse kgolo-kgolo le diphiri tse kgolwanyane ke tsena: 245 Sa pele, sephiri sa Mmuso wa Lehodimo. E leng seo re buang ka sona jwale. 13, Mattheu 13:3 ho isa ho 50. 246 Jwale, sephiri sa bobedi ke sephiri sa phoufatso ya Iseraele kgabareng ya mongwaha wona. Baroma 11:25, le tse e amang. 247 Borarong, sephiri sa boraro ke sephiri sa ho fetolwa ha bahalaledi ba phelang nakong ya qetelo ya mongwaha ona. Bakorinthe ba Pele 15, hape le Bathessalonika 4:14 ho ya ho 17. 248 Sa bone, sephiri sa Kereke ya Testamente e Ntjha jwaloka Mmele o le mong o bopilweng ka baJode le Baditjhaba mmoho. Baefese 3:1 ho ya ho 11, Baroma 16:25, hape le Baefese 6:19, Bakolose 4:3. 36 LENTSWE LE BUILWENG 249 Sephiri sa bohlano, ke sa Kereke jwaloka Monyaduwa wa Kreste. Baefese 5:28 ho ya ho 32. 250 Sephiri sa botshelela ke sa Kreste ya phelang, e sa le yena maobane, kajeno, le ka ho sa feleng. Bagalata 2:20, le Baheberu 13:8, le dibaka tse ngata jwalo. 251 Sephiri sa bosupa ke sa Modimo, esita le Kreste jwaloka botlalo ba BoModimo bo aheleditsweng nameng, moo ka ho Yena ho ahileng bohlale bohle bo Kgethehileng. Mme bomodimo bo kgutlisetswa mothong. 252 Sephiri sa borobong ke sephiri sa bokgopo, se fumanwang ho Bathessalonika ba Bobedi, le jwalo-jwalo. 253 Sephiri sa leshome ke sa dinaledi tse supileng tsa Tshenolo 1:20. Re sa tswa feta mono, “Dinaledi tse supileng, tsa diphutheho tse supileng, baromuwa ba supileng,” le jwalojwalo. 254 Mme sephiri sa leshome le motso o mong ke sephiri Babilona, seotswa. Tshenolo 17:5 ho ya ho 7. 255 Ke tse ding tsa diphiri tseo lengeloi lena le loketseng ho di lohanya, “diphiri” tsohle, diphiri tsohle tsa Modimo. Mme tse ding: 256 Mme a nke ke bolele sena ka tshabo, mme ke sa lebise ho nna, empa ke lebisa ho Lengeloi la Morena. 257 Peo ya noha, seo ebile sephiri se patilweng, haesale dilemong jwalo. 258 Mohau, o a otlollwa; e seng tlotlollo, empa mohau wa nnete, wa sebele. 259 Ha ho ntho e kang dihele tse hlolang ka Hosafeleng, tse tukang. O tla tjha ka dilemo tse dimilione. Empa, ntho efe kapa efe e hlolang ka Hosafeleng, ha eso ka e-ba le qalo kapa qetelo; homme dihele di entswe. Diphiri tsena tsohle! 260 Sephiri sa kolobetso ya Moya o Halalelang, ntle le maikutlo, empa Botho ba Kreste bo sebetsang ka ho wena yona mesebetsi eo A e entseng. 261 Sephiri sa kolobetso ya metsi. Moo, batjhesehedi ba boraro bo bong ba e tlisitseng ho maemedi-bitso a “Ntate, Mora, le Moya o Halalelang.” Le sephiri sa boModimo se phethahatswang kolobetsong ya Lebitso la “Jesu Kreste,” ho latela Buka ya Tshenolo, seo Kereke ena e neng e loketse ho se amohela. Tseo ke tse ding tsa diphiri. 262 Ho kgutla ha Topallo ya Mollo. Amen! [Moena Branham o opa diatla tsa hae ka makgetlo a mararo_Mong.] Ke yona ntho e loketseng ho etsahala, mme re a e bona. NA EE KE PONTSHO YA BOFELO, MONGHADI? 37 Kgele, ka moo re neng re ka tswella, re ntse re bala diphiri! 263 Ho boneng Topallo eo ya Mollo e eteletseng bana ba Iseraele, Yona e dihetseng Saule fatshe tseleng e theohelang Damaseka; hape Yona e tlang ka ona Matla ano, ho sebetsa tsona dintho tseo, le ho senola lona Lentswe leo, ho dula Lentswe-ka-Lentswe le Bibele. 264 Ho letswa ha terompeta, ho bolela “Evangedi” ya terompeta. Mme ho letswa ha terompeta, ka Bibeleng, ho bolela, “Itokisetseng ntwa ya Mangolo.” Na le ntse le ngola hono? Ntwa ya Mangolo! 265 Paulose o boletse, ha le batla ho le ngola fatshe, Bakorinthe ba Pele 14:8. Paulose o boletse, “Ekare ha terompeta e letsa modumo o sa utlwahaleng, motho a ka itokisetsang?” Mme ha e se na modumo wa Mangolo, o netefaditsweng, e_e netefatso ya Lentswe la Modimo le bonahaditsweng, re tla tseba jwang hore re nakong ya qetelo? 266 Ha e bolela hore ba dumela ha Jesu Kreste e sa le yena maobane, kajeno, le ka ho sa feleng, empa ho latolwa dipontsho tsa Hae le meeka eo sedikadikwe sohle sa tlholeho se dumetseng ho Yena, le Kereke yohle e dumetse ho Yena ka ntho ena, re tla tseba jwang ho itokisa? 267 Motho e mong o tlile ka mmapa homme o se o takilwe; le motho e mong o tlile, ntho e nngwe, mme a tshase ntho ena, e kgahlano le ena. Ba bang ba tlile mme ba re Ke ena, ho kgutlela hape nthong ena. Homme ba bang ba ngotse dibuka, le dintho tse kang tseo. 268 Empa, Modimo o tla ka Matla a tsoho ya Hae! Mme ke mang ya tla bua kgahlano le Yona? Ha Jesu Kreste e le yena maobane, kajeno, le ka ho sa feleng, O etsa se tshwanang le seo A se entseng maobane, kajeno, le kahosafeleng. Ke seo lengeloi lena le loketseng ho se etsa, ho nka diphiri tseo, dintlha tseo tse lokotsehang tseo batho ba mathang ba lahleha ho tsona. 269 Hlokomelang, ha e letsa modumo o sa utlwahaleng, o seng mangolong, ke mang ya ka itokisang? Empa, terompeta, na le lemohile, o mong le o mong wa mengwaha, jwaloka ha ke boletse kaha kereke e kenang, ho bile le terompeta e llang, Tiiso ya nto maonollwa. Mme terompeta e bolela ntwa. Ha e sa letse modumo wa Mangolo, ho ka thweng ka yona? Empa e reng ke le hopotse sena. Le se e fose jwale. 270 Hlokomelang, mongwaha o mong le o mong wa kereke o bile le moromuwa wa ona. Re tseba seo. Paulose e ne e le moromuwa wa pele. Mme ha terompeta ya pele e ne e letswa, le Tiiso ya pele e ile ya manollwa. Paulose e ne e le moromuwa wa pele, jwaloka ha re fihletse. Mme a etsang? A tumisa ntwa hodima (eng?) kereke ya Molao [“Orthodox”_Moft.], ka ho se 38 LENTSWE LE BUILWENG dumele pontsho ya Messia eo Jesu a ba hlahiseditseng yona. Kgele, ba loketse ba be ba e tsebile. Ba loketse ba be ba Mo tsebile. 271 Hopolang, Paulose o tlile pheletsong ya mongwaha. Baromuwa bohle ba tla pheletsong ya mongwaha. Ke nakong ya qetelo, dintho tsena ha di_di tliswa. 272 Paulose, ka ho tseba Mangolo, le ho tseba ha Jesu e ne e le Messia, mme a kgarumela masinagoge ao, ho tswa sebakeng se seng ho ya ho se seng, ka Mangolo ana, mme a ntshetswa ka ntle ho e nngwe le e nngwe ya tsona. Ho fihlela, qetellong, a hlohlorile lerole le maotng a hae mme a retolohela ho Baditjhaba. E ne e le eng? Ho letswa ha terompeta; lengeloi, moromuwa, ya emeng mono ka Lentswe! Oho, kgidi! Le se fose hono jwale. Lentswe! Mme Paulose, ka tshenolo e sa silafatswang ya tlhaloso ya Lentswe la Modimo, a kgarumela e nngwe le e nngwe ya masinagoge ao. Ha mo qosa bophelo ba hae. 273 Kamoo re neng re ka theosetsa ho Ireneaese, yena eo, moromuwa wa mongwaha wa phutheho e latelang! 274 Le Mohalaledi. Martini, mongwaheng wa phutheho e latelang, nakong eo ba qalang ho nka thuto ya Banikola, e qala ho kena. Mme bao ba kgarumela mongwaha oo. Mohalaledi. Martini a kgarumela mongwaha wa hae. 275 Ya ntano ba Luthere, moromuwa wa bohlano, a kgarumela kereke eo ya Katolike, ka Lentswe la Modimo. “Ba lokileng ba tla phela ka tumelo,” a rialo. “Mme sena ha se Mmele wa Kreste ka seqo,” mme a lahlela selallo fatshe, le ho tswela ntle le ho kgarumela kereke eo ya Katolike. Terompeta eo e llile hantle. Ho nepahetse? [Phutheho e re,”Amen.”_Mong.] 276 John Wesele a hlaha, mehleng ya kereke ya Engelane. Nakong eo, ba neng ba re, “Ha ho sa na lebaka la ho tshwara ditsoseletso,” mme ya fetoha peo. Empa John Wesele a ema ka molaetsa wa mosebetsi wa bobedi wa mohau, kgalaletso, mme a kgarumela kereke eo ya Engelane ka terompeta eo ya Evangedi, a hlophisetsa ntwa. Ho lokile. O e entse! 277 Jwale re mongwaheng wa Laodisea, moo ba seng ba hlophisitse diphutheho hape; Methodise, Baptise, Presbeteriene, Luthere, Mapetekosta. Mme re lebeletse ho tla ha moporofeta, ho kgarumela mongwaha ona, le ho ba tlosa bokgopong ba bona. 278 Jwale, ha eo ebile tsamaiso, ho theosa jwalo le mongwaha, na Modimo o ka fetola tsamaiso ya Wona tsatsing lee? [Phutheho e re, “Tjhe.”_Mong.] A ke ke a e fetola. O tlamehile ho dula le kgato ya ka mehla. 279 Mme hopolang, moromuwa enwa e ne e le lengeloi la bosupa, mme o ne a loketse ho nka diphiri tsohle le ho di bokella hammoho. Hlokomelang, lengeloi la bosupa le ne le tla NA EE KE PONTSHO YA BOFELO, MONGHADI? 39 kgarumela kereke ya Laodisea, e ruileng. “‘Ke morui, ke mononi, mme ha ke hloke letho.’” O boletse, “O madimabe o ya soto, mofutsana, sefofu, o ya feela, mme ha o ho tsebe.” E ne e le Molaetsa wa hae. 280 O Modimo, re romelle moporofeta ya se nang tshabo ka HO RIALO MORENA, hore Lentswe la Modimo le netefaditsweng le tle le tsamaye ka yona le ho paka hore o rometswe ke Modimo. Mme ha a etla, o tla kgaruma kgahlano le mengwaha eo. Ehlile ho tla etswa. O tla fetolela kereke eo ya Laodisea kgahlano le yena. Ruri, o tla ho etsa. Ba ho entse mengwaheng e meng. Ho ke ke ha fetoha mongwaheng wona. E loketse ho tshwana. 281 Hlokomelang, jwale, kereke ya Laodisea. Moromuwa (o tla phethela) wa Laodisea, lengeloi la bosupa, le tla phethela diphiri tsohle tse lahlilweng ntweng, sethathong, bakeng sa Nnete. 282 Luthere o ile a hlahella, empa a sa tshwara Nnete yohle. O ne a ena le tokafatso. Ke hantle. 283 Yaba ho tla moromuwa e mong, ya bitswang John Wesele, ka tokafatso. O ne a se na Yona. Bibele e boletse. Kereke ya Filadelfia! 284 Yaba ho tla mongwaha wa phutheho ya Laodisea, ka kolobetso ya Moya. Empa ba E dubakanya ka hohle, mme ba kgutlela bofofong hape jwaloka ha ba entse kgetlong la pele. 285 Nakong eo, “O tla ba jwaloka Alfa le Omega,” letsoho la Hae le beilwe ka mokgwa o mong, le ka mokgwa o mong, “Wa Pele le wa Morao.” Moya wa Hae o ile wa tsholoha ka Letsatsi la Pentekosta le ho tlatsa sehlopha seo. 286 Ya nna ya tlhotleha butle-butle, ho fihlela e fihla mengwaheng e lefifi. Dikandelare tsa Gauta tse Supileng, mengwaha ya diphutheho tse supileng, ya ho qetela e ne e le yona e hole le Yena ka ho fetisisa. Moo e ne e le sek-^dilemo tse ka bang seketse tsa mongwa o lefifi, tsa Kereke ya Katolike. 287 Luthere a qala a hlahisa lesedi le latelang, haufi le Lentswe ho feta. Lesedi le latelang, la atamela haufi ho feta. 288 Lesedi le latelang, la Laodisea. Yaba e kgutlela morao jwaloka a e entse sebakeng sa pele, ho kena hantle modubadubeng oo e neng e le ho wona kgetlong la pele. Kana ha le bone seo ke se bolelang na? [Phutheho e re, “Amen.”_Mong.] 289 Jwale bonang. Ho na le Nnete e ngata e lahlehileng ka ntle mono, (hobaneng?) moo ba bang ba qekileng ka Nnete. Empa lengeloi lena la bosupa ha le ngwae-ngwaetse ka letho. Le bokella dintlhana tse lokotsehang, ho di kopanya tsohle hammoho. Mme ho letseng ha lona, “Sephiri tsohle tsa Modimo 40 LENTSWE LE BUILWENG di tla phethwa.” Kgidi! Modimo, mo romelle. Diphiri tsohle tse patilweng di ile tsa phethelwa ha a^Di senolelwa yena. Ka eng? Haeba tsena e le diphiri tse patilweng, monna enwa o tla lokela ho ba moporofeta. Mme na ha re qete ho feta, le ho bona hore moporofeta, ya neng a tla tla mongwaheng wa ho qetela, e ne etlaba Elia e moholo eo esale re mo shebeletse? [Phutheho e re, “Amen.”_Mong.] Hoba, diphiri tsena tse patilweng, ka baithuting ba thutamodimo, di tla tlameha ho senolwa; ho Modimo. Mme Lentswe le tla feela ho moporofeta. [“Amen.”] Mme re a e tseba. Etlabe e le Elia wa bobedi, jwaloka ha ho tshepisitswe. Oho, kgidi! Molaetsa oo a_a tla o tlisa etlabe e le diphiri, tsohle, dintho tsena tsohle. 290 Re na le kolobetso ya metsi. E ferekane ka hohle. Ho nepahetse. E mong o a fafatsa; e mong o a horometsa. E mong o nka “Ntate, Mora, Moya o Halalelang.” E mong o nka hona. E mong o kolobetsa ka makgetlo a mararo, sefahleho se kodumetse pele; bakeng sa, e nngwe bakeng sa Modimo o bitswang “Ntate,” e nngwe bakeng sa Modimo o bitswang “Mora,” e nngwe bakeng sa Modimo o bitswang “Moya o Halalelang.” E mong o re, “O fositse. O tshwanetse ho kolobetsa ka seetse, makgetlo a mararo, ka mokgwa oo.” Mme, oho, hlakantsutsu e kakang! 291 Empa ntho yohle e kopantswe, hoba ho na le Modimo o le mong feela, mme Lebitso la Wona ke Jesu Kreste. “Mme ha ho Lebitso le leng tlasa Lehodimo leo batho ba ka bolekehang ke Lona.” Ha ho le sehloho se le seng sa Lengolo, ha ho sebaka kae kapa kae Bibeleng, moo motho a kileng a kolobetswa ka tsela efe e sele haese feela ka Lebitso la Jesu Kreste. Le ka mohla ha ho moo Kereke e ntjha, kapa Kereke ya Jesu Kreste, e kileng ya fafatsa, ho horometsa, leha e le ntho efe kapa efe. Le ka mohla ha ho eso ho ka ho tshwarwa seboka, “Ke o kolobetsa ka Lebitso la Ntate, Mora, Moya o Halalelang.” Ke dihlomathiso le dintho. 292 Mme ntweng bakeng sa Nnete, dintlhana tseo di ile tsa lahleha, empa Modimo o boletse hore di tla kgutlisetswa hape tsatsing la ho qetela. “Ke tla kgutlisetsa,” ho bolela Morena. Re ile ra feta tabeng eo, nakong e seng kaalo ya ho feta, Sefate Sa Monyaduwa. Ho tla nka moporofeta. Bibele e bolela ha a tla ba teng mona. Ke nnete. Malakia 4, e bua hore o tla ba teng mona, mme re a dumela o tla ba teng. Re mo shebeletse. Mme re shebeletse ponahatso ya hae, mme re tla bona Lentswe la Modimo le netefaditsweng. 293 Ke ba mmalwa feela ba tla E utlwisisa. “Jwaloka mehleng ya Noe, ho tla ba jwalo ho tleng ha Mora motho.” Ho ile ha bolokeha eng? Meya e mehlano^Matsatsing a Lota, hantlentle ha e ba le bararo ba bolokehang. Mosadi o ile a tswa, homme a lahlehelwa. “Ho tla ba jwalo ho tleng ha Mora motho.” Ho tla ba le ba mmalwa ba bolokehang, ba fetolelwang mohlang NA EE KE PONTSHO YA BOFELO, MONGHADI? 41 oo; se seng sa diphiri, e leng sa ho nkuwa ha Kereke eo. Jwaloka ha Lota a nkilwe, jwaloka ha Lota a ntshitswe, ho tloswa; Noe a nkelwa hodimo; mme le Kereke e tla nkelwa hodimo, le yona. E mong a kena; mme e mong a tswa; mme e mong a ya hodimo. Le a bona? Ke hantle, ka ho phethahala. 294 Lentswe le a tla. “Buka e ngotsweng ka hare,” e tla phethwa ha ntho ena, diphiri tsena tsohle di qetilwe ho utlwahatswa. Jwale e reng ke le bale hape, jwale, le tle le be le bonnete. Jwale bonang. Empa mehleng ya lentswe la lengeloi la bosupa (lengeloi la ho qetela), ha terompeta ya lona e tla lla, ke moo sephiri sa Modimo se tla phetheha,^ 295 Jwale, ke eng “sephiri sa Modimo,” se seng sa tsona? Paulose o boletse ho Timothea wa Pele 3, ke kgolwa e ne e le yona, e itseng, “Ruri sephiri sa borapedi se seholo: hoba Modimo o bonahetse nameng (re Mo amme, re Mo bone), ho phahamisetswa Kganyeng, ho pakwa ke mangeloi, ho bonahatswa mona lefatsheng.” Modimo a etswa jwalo! Ehlile, ke sephiri se seholo, empa se rarolotswe sohle. E seng “Ntate, Mora, Moya o Halalelang,” Medimo e meraro; empa, Modimo o le mongtshebetsong tse tharo. Ya bo-Ntate, tlasa Moshe; boMora, tlasa Kereste; Moya o Halalelang, tlasa lekgathe lena. Makgathe a mararo a Modimo o le mong; e seng Medimo e meraro. Sephiri se phethilwe jwale. Bibele e boletse ho loketse jwalo ka sona. Mehleng eo^ 296 Ke bone tsatsi le leng, moo mahlale a lekang ho thulana le nna teng; hodima seo ba nnileng ba se bolela, ha ke ne ke re, “Motho ya dumetseng ha Eva a jele apole!” Jwale mahlale a bona a re, le e bone lehlaseding ka tsatsi le leng, dihlooho tse kgolo tsa ditaba, “O jele aporikothe.” Mepoto. Na hoo_na hoo ho ne ho ka mo thetsa? [Phutheho e re, “Tjhe.”_Mong.] Ruri ha ho jwalo. Le a bona? Ba mpa feela ba^Ke_ke sona seo Kaine a se nahanneng, le a tseba, mme o ile a kgutlisetsa yona ntho eo, empa Modimo a se ke a amohela sehlabelo sa hae. Mme Abele, ya lokileng, a ho senolelwa, “E ne e le madi; mme o tlisitse madi. O Modimo, kereke ena le mongwaha oo re phelang ho wona!” 297 “Buka e ngotsweng kahare” e phethilwe nakong eo lengeloi lena le kgaotsang, (jwale utlwisisang sena hle,) ka mora hoba Molaetsa wa lengeloi la bosupa o phethwe; sephiri sa BoModimo, sephiri sa peo ya noha, diphiri tse ding tsohle tsa dintho tsena tsohle. 298 BoMora bo hlolang ka Hosafeleng, [“Eternal Sonship”_Moft.], jwaloka ha ba bua ka bona. Ekaba Mora ka Hosafeleng jwang, haele moo Bosafeleng bo se na qalo le ka mohla kapa bo ke ke ba fella; mme mora ke ntho e tswetsweng ke e nngwe. E ka etsa kelello jwang? 42 LENTSWE LE BUILWENG 299 Ho ka ba le dihele ka Hosafeleng jwang, haele moo dihele di entswe? Ke dumela ho dihele tse tukang. Ehlile, Bibele e itsalo. Empa, ke ho timeletsa. Bibele e boletse, “Ho lehlohonolo ya se nang kabelo lefung la bobedi.” Le a bona? Le a bona, o ke ke wa timeletswa, lefu la bobedi. La pele ke la nama. La bobedi ke lefu la moya, mohla ntho e nngwe le e nngwe e fedileng. “Moya o etsang sebe, moya oo o tla shwa.” O tla otlelwa dibe tsa hao, mohlomong ka makgolo^dikete tsa dilemo. Empa ho ke ke ha eba le dihele tsa ka Hosafeleng, hoba Bibele e boletse dihele di entswe. Di ka etswa jwang homme di hlole ka Hosafeleng? Haeba ho kile ha eba^Bibele e boletse, “Dihele di bopetswe Diabolosi le mangeloi a hae.” Mme, ha ho le jwalo he, haeba di entswe, di ke ke tsa hlola ka Bosafeleng. Hoba, Bosafeleng, ntho eo e leng ya Bosafeleng, ha e ya ba le qalo le ka mohla kapa ho ba le pheletso. 300 Ke ka mokgwa oo re ke keng ra shwa, hoba haesale re le teng ka mehla. Re karolo ya Modimo, lehlomela la Modimo, mme ke Yena ntho e ka hlolang ka Hosafeleng e leng teng. [Moena Branham o kokota sefaleng hararo_Mong.] Amen. Le ke ke la shwa jwalokaha Modimo o ke ke wa shwa, hobane le hlola ka Hosafeleng, le Yena. Amen! A e ke e tle! Hallelua! Ke se ke batla ke kgathetse ke motlotlwana ona wa ditlokotsi, le hona. 301 Hlokomelang, “Buka e ngotsweng,” ha lengeloi lena le phethela diphiri tsena tsohle tsa dintlhana tse lokotsehang, tseo ba di lwanetseng dintweng, Luthere o lwanne, le Wesele o lwanne, le Mapentekosta a lwanne. “Empa ho na le e mong ya tlang,” Bibele e boletse, “hore matsatsing a ho utlwahala ha modumo wa hae, diphiri tsena tsohle^” Ba thuto ya bonngwe ba mathile ka Lebitso Jesu; boraro bo bong bo tsamaile ka Ntate, Mora, le Moya o Halalelang, jwaloka ha ba entse Lekgotleng la Nicaea, ntho e tshwanang; bobedi ba ne ba fosahetse. Empa, jwale, mahareng a tsela, Mangolong, teng ho dutse Nnete. Le bona moo re leng teng? Lengeloi la Morena! 302 Hlokomelang Tshenolo 5:1. Mamelang taba ena jwale. Mme ka bona letsohong le letona la ya dutseng teroneng buka e ngodilweng ka hare (mongolo o ne o le ka hare) le ka ntle, e tiisitsweng ka ditiiso tse supileng. 303 Jwale, ho na le mongolo ka hare ho Buka. Empa, ka ntle ho ena le Ditiiso tse Supileng, ka ntle ho Yona, tse neng di sa ngolwa ka hara Buka. Jwale, ke mosenodi enwa ya buang, Johanne. Jwale, hopolang, O ne o sa ngolwa ka hara Buka. “Mme mehleng ya lentswe la lengeloi la bosupa, diphiri tsohle tse ngodilweng ka hare di lokela ho phethwa.” Di loketse ho qetelwa tsatsing leo. Jwale na le bona seo ke se bolelang? [Phutheho e re, “Amen.”_Mong.] Na le ntse le ntatela? [“Amen.”] Jwale he e tla ba nako ya mantswe a supileng a NA EE KE PONTSHO YA BOFELO, MONGHADI? 43 Tshenolo wa 10 ho senolwa. Hoba Buka e phethwe, ho na le ntho e le nngwe feela e saletseng, mme hoo ke mantswe a makatsang a supileng a seaduma a neng a ngodilwe ka ntle ho Buka, ao Johanne a thibetsweng ho a ngola. E reng ke e bale. Yaba ke bona lengeloi, lengeloi le leng le matla le theohang lehodimong, le ipopileng ka leru: le rwetse mookodi hloohong, sefahleho sa lona se ne se le jwalo^letsatsi, le maoto a lona e ne e ka ditshiya tsa mollo: Le ne le tshwere bukana e phetlilweng letsohong la lona:^ (Bonang, jwale hlokomelang sena.) ^la bea leoto le letona la lona ho lewatle,^leoto le letshehadi^hodima lefatshe, Mme la howa ka lentswe le phahamileng, jwaloka ha tau e puruma: eitse hobane le howe, diaduma tse supileng tsa utlwahatsa mantswe a tsona. (Hlokomelang.) Yare hobane diaduma tse supileng di utlwahatse mantswe a tsona, ka re ke a ngola:^ 304 Ho na le ntho e boletsweng. E ne e se lerata feela. Ntho e nngwe e boletswe. O ne a re o a ngola. ^ke utlwa lentswe le tswang lehodimong le re ho nna,^ 305 Bonang moo mantswe a neng a le teng, le Diaduma. E seng Lehodimong; lefatsheng! Diaduma ha di a bua di etswa mahodimong. Di buile di etswa lefatsheng. ^mme ka re ke a ngola: ha ke utlwa lentswe le tswang lehodimong le re ho nna, Kwahela (tlhaku e kgolo K-w-a-h-e-l-a), Kwahela tse boletsweng ke diaduma tse supileng, mme o se ke wa di ngola. 306 Ke ka ntle, ka mora hoba Buka e phethwe. E seng o itse, “Ka pele.” O itse, “Ka ntle,” ka mora hoba E qetwe yohle, e phethwe. Eba, mantswe ana a Diaduma tse Supileng ke yona feela ntho e manehilweng Bukeng, e sa senolwang. Esita le ka hara Buka ha e a ngolwa. 307 Oho, kgidi! Eka nka fumana taba eo, hoo batho ba ka kgonang ruri ho bo-^Le se hlolehe. Le se leke, le se hlolehe. Le se leke hleng, kgetlong lena. Ke itokisetsa ho le siya. Le se hlolehe. Haeba le kile la mamela, mamelang! 308 Ditiiso tsena di ka morao ho Buka. “Mme mehleng eo lengeloi la bosupa le letsang, diphiri tsohle tse ngodilweng ka hara Buka di phethilwe.” Mme, hang-hang, Buka e neng e phetliwe, le ho ngolwa ka hare e kwetswe, “Diphiri tsa Modimo di phethilwe.” Mme diphiri tsa Modimo ke tsena: ho tsamaya ha Kereke, le dintho tsena tse ding tsohle. “Diphiri di fedile.” Ha lengeloi leo la bosupa le utlwahatsa sephiri se seng 44 LENTSWE LE BUILWENG le se seng, ho fedile. Mang kapa mang eo e ka bang yena, seo e ka bang sona. Lentswe la Modimo le ke ke la hloleha. Mme O boletse: Empa mehleng ya lentswe la lengeloi la bosupa, ha terompeta ya lona e tla lla, ke moo sephiri sa Modimo se tla phetheha, ka moo a boleleletseng bahlanka ba wona baporofeta ka teng. 309 Dintho tseo tsohle, jwaloka, oh, Roma jwaloka e_e seotswa, le dikereke tsohle tsa Protestanta, diphutheho tse hlophisitsweng tse hlophisang jwalo ka yona, di fetohile dihlola tsa yona. Le a bona? Diphiri tseo tsohle baporofeta ba buileng ka tsona, di tla senolwa hantle mona horeng ena ya ho qetela. 310 Mme ha lengeloi lena la bosupa le hlaha mongwaheng wa Laodisea mme le qalella le letsa Terompeta ya nnete, ka hobane E tla be e le kgahlano, ba ke ke ba E dumela. Ruri ba ke ke ba E dumela. Empa, etlaba moporofeta ya filweng tshusumetso, hoba ha ho mokgwa wa ho E lekanya. 311 Batho ba leka ho lekanya boraro, homme ba pudufale dihlooho mme ba hlanye. Ha ho motho ya ka bo utlwisisang. Le jwale ba sa ntse ba dumela ha Eva a jele apole, le dintho tseo tsohle. Hobane, ke neeletsano eo batho ba ileng ba tshwarella ho yona, jwaloka Jesu a fumane kereke. 312 Empa e tla tlameha ho ba moporofeta ya eteletsweng pele ka Kgalalelo, hoba Lentswe la Modimo le tla ho yena, ka kwahollo ya nnete ya tshenolo ya Jesu Kreste. Ka baka leo, he, e_e loketse ho ba ka mokgwa oo. Modimo o re thuse! 313 Jwale, “Mehleng ya ho letsa ha hae,” jwale, hoo ke “HO RIALO MORENA. Re hlakelwa ke hono. Ha a utlwahatsa Molaetsa wa hae, ho tumisa ntwa; jwaloka ha Paulose a entse kerekeng eo ya Molao, jwaloka ha ba bang bohle ba bona ba entse, jwaloka Luthere, Wesele, kgahlano le mokgatlo. Ha a tumisa ntwa, mme a ba bolella, “Ba leshano, mme ha se Nnete! Mme ba thetsa batho!” Ha a letsa Hono, le ke ke la hloleha. Le ke ke la hloleha, hoba o tla be a netefatswa ke Lentswe la Modimo. Le tseba hantle seo Le leng sona. Mme ha a etsa jwalo, o letsetsa, ho bitsetsa ka ntle ho Babilona, “Tswang ho yena, setjhaba sa ka, le se tshohe le kenella dibe tsa hae.” Modimo mo romele! Le se e fose. 314 Jwale, “Ha a qalella ho letsa, diphiri di tla phetheha.” Jwale, hlokomelang, eba jwale ke nako ya mantswe a Tiiso ya Supa, a Tshenolo 10, ho senolwa. Na le a utlwisisa? [Phutheho e re, “Amen.”_Mong.] Ha diphiri tsohle tsa Buka di se di phethilwe! Mme Bibele e boletse, mona, hore o tla phethela diphiri. 315 Ha, banna morao kwana mengwaheng e meng ba lwanetse Nnete. Ba ile ba lwanela tokafatso. Ba tswela pele ho se ho kae. Kgalaletso! Ba lwanetse hona, mme ba lwanela hwane. Ba NA EE KE PONTSHO YA BOFELO, MONGHADI? 45 lwanetse hona. Ba entse’ng? Ba kgutlela ho yona hantle ho hlophisetsa ka hara yona, ntho e tshwanang. Mapentekosta, le Mabaptise, Presbeteriene, maLuthere, e nngwe le e nngwe, e entse ntho e tshwanang, ho boela hape le ho etsa ntho e tshwanang. 316 Mme Bibele e boletse, ho Tshenolo 17, ke sona seo ba tlang ho se etsa, mme wa kgale wa seotswa mmoho le baradi ba hae, “SEPHIRI, BABILONA.” Bibele e boletse mona, hore seo e tla ba se seng sa diphiri tse tla manollwa. Maprotestanta, baboki, “ba etsang bohlola ba semoya,” ka ho etella batho ka diphutheho tse hlophilweng, ka “nkgo ya bokgopo,” ya bona ya dithuto tse entsweng ke batho; le ho ba tlosa sedibeng se tletseng Madi, moo Matla a Modimo o Matlaohle a phallang feela ho bonahatsa Jesu Kreste. Ke nnete. Le hona, Modimo o tla E tshehetsa, mme O ho entse, mme O tla nne a tswelle. Empa, ha hoo ho etsahala, Lentswe le phethilwe. 317 Jwale ho na le ntho e le nngwe feela e setseng, ke Diaduma tse Supileng, tseo re sa di tsebeng. Homme ha di a thwathwaretsa lefeela. 318 Modimo ha o ke o etsa letho feela ho bapala. Re ye re bapale re etse bosawana, empa e seng Modimo. Ntho e nngwe le e nngwe ho Modimo ke “E” le “Tjhe.” Ha A bapale feela. Ha A swaswe. O tiile hodima seo A se buang. Mme ha A ke a bolela taba ntle le hore ho be le letho, le bolelwang ke yona. 319 Mme Diaduma tse Supileng, hantle mona tshenolong ya Jesu Kreste, Ke sephiri se itseng. Na Bibele ha e bolele ha Ena e le “Tshenolo ya Jesu Kreste”? [Phutheho e re, “Amen.”_Mong.] Kgele, ho na le sephiri se itseng se patilweng, he, sa Yona. Hum! Ke sefe? Diaduma tse Supileng di se tshwere. Hoba, Johanne o na re wa ngola, mme Lentswe la tswa Lehodimong, ha thwe, “O se ke wa Se ngola. Empa, Se kwahele. Se kwahele. Se bee ka morao ho Buka.” Se loketse ho senolwa. Ke diphiri. 320 Jwale, re rarolotse dintho tsena ka Moya o Halalelang; re boleletswe, “E ne e se diapole. E bile thobalano.” Ho re bolella dintho tsena. Ha ho motho ya kgonang ho ema pela Yona. Ha ke e-so bone moreri, bophelong ba ka, ya ka dumelanang le Yona. Empa, ke ba botsitse. 321 Le a tseba, mane Chicago, mohla re emeng pela bona, bareri ba ka bang makgolo a mararo le mashome a mahlano. Lona basadi ba tswang Chicago mona, le ne le le teng mono, la utlwela kaha yona. 322 Mme Morena o na mpoleletse, masiu a mararo pele, “Ba tlil’o o tjhehela leraba.” Ha thwe, “Ema fensetereng mona mme Ke tla o bontsha.” Ha thwe, “Mong. Carlson le_le Tommy Hicks tlil’o kopana le wena hosane hoseng, ba batla ho ya dijong tsa hoseng. Mme o bolelle Tommy a sale. Empa,” ha 46 LENTSWE LE BUILWENG thwe, “e tla shebahala ka sebopeho sena. Ba bolelle ba ke ke ba tshwarela kopano sebakeng seo ba se nahanneng. Ba tla ba sebakeng se seng.” Ha thwe, “O se tshohe. Ke tla ba le wena.” Hoo ho lokile haholo bakeng sa ka. 323 Tsatsi le hlahlamang Mong. Carlson, tonakgolo ya Borakgwebo ba Evangedi e Tletseng, a tla, ho re,^ho ntetsetsa, ha thwe, “Moena Branham, ke batla ho ya dijong tsa hoseng le wena.” 324 Ka re, “Ho lokile.” (Mme ka re, “Hlokomela hore Tommy Hicks a be teng, le yena.”) 325 Ra theosetsa “Town and Country”, mme a re, “Be, Moena Branham,” a re, “Kgele, ntho e le nngwe^” Ka re, “Tommy na o ka nketsetsa ka mohau?” “Ehlile, Moena Branham.” Ka re, “Ke a ipotsa na o ka bua sebakeng sa ka?” A re, “Oh, nke_nke ke ka etsa hono.” 326 Ka re, “Hobaneng? Ke moithuti wa garata ya maemo a bosupa, mme ke_ke tla re^Ke tla re mmuso bakeng sa molaolapapadi. O a bona? Ha ke tsebe mokgwa wa ho bua ka pele ka mono. Mme ho tla ba le Mokgatlo wa Bareri wa Chicago e Kgolo. Ke tla bua jwang pela bona, ka thuto ya ka ya garata ya maemo a bosupa, Tommy? Wena o Ngaka ya ThutaModimo.” Ka re, “O ka tseba mokgwa wa ho bua. Nna ha ke tsebe.” A re, “Moena Branham, nke ke ka etsa hono.” 327 Ka re, “Hobaneng? Ke o etseditse ka mohau ha ngata.” Mme ka hla ka e toba hantle. 328 Mme Moena Carlson a re, “Oho, Moena Branham, a ke ke a etsa hono.” Ka re, “Hobaneng?” A re, “Be, re, bo_bo_bo_bo^” 329 Ka re, “Le a tseba ke’ng? Le a tseba ke hobane’ng, empa ha le batle ho mpolella. Ba ntjhehetse leraba.” 330 Ka re, “Moena Carlson, le fumane phaposi eo ya hotele, ha ke re, moo re neng re tshwaretse mokete o mong wa dijo?” “E.” Ka re, “Le ke ke la e fumana.” 331 A re, “Be, Moena Branham, ke se ke e ntsheditse diphosite.” 332 Ka re, “Ha ke kgathalle seo le se fumaneng. E ke ke ya eba mono. Ke phaposi e mmala o mo tala. Re tla ba ka phaposing e mmala o mosootho. Ke tla be ke le morao khoneng. Ngaka Mead o tla be a dutse ho ella ho le letona. Monna eo wa mothomotsho le mosadi wa hae ba tla be ba dutse mona, le jwalo-le- NA EE KE PONTSHO YA BOFELO, MONGHADI? 47 jwalo. Ho tla ba le moprista wa Buddah ya tla beng a dutse letsohong la ka le letona le hojana,” le ka moo ba tla beng ba apere. 333 Mme ka re, “O a tseba ke eng, Tommy. Le a^Mokgatlo wa Bareri wa Chicago e Kgolo o tlile ho mphephetsa ka “kolobetso ya Lebitso la Jesu Kreste.’ Mokgatlo wa Bareri wa Chicago e Kgolo o tla mphephetsa ka ‘pontsho ya Moya o Halalelang,’ ho bua ka dipuo. Ba tla mphephetsa ka ‘peo ya noha,’ le ka thero hodima ‘mohau.’” 334 Tommy a thalatsa, “Ehe, mohau, mmalo!” A re, “Ha ke hopole le hore ke tla ya.” Ka re, “E, o tle.” 335 Mme tsatsi le hlahlamang, monna ya neilweng diphosite, a mmuseletsa diphosite, mme a re, “Re na le orekese. Re ne re e beetse ka thoko, mme re ile ra e lebala, mme ra lahlehelwa ke ntho eo. Homme ra lokela ho e fumantsha orekese, mme le ke ke la e fumana.” Yaba re tswela “Town And Country”. 336 Ho keneng, hoseng hoo, mme ke bao moo ba neng ba dutse. Eitse ha ke dula ka morao ho deseke motsheo mane, le ho shebella, hoba ba je dijo tsa hoseng, ka ba ya ka mahlo jwalo. Ra jella dijo tsa hoseng ka phaposing. Ho tswa, le ho dula mono, mme Mokgatlo wa Bareri wa Chicago e Kgolo o ne o le teng. Ka sheba sheba ka ho bona. E mong le e mong a itsebisa e le Ngaka Ph.D., L.L., Q.U.S.T., le dintho tsa mofuta o jwalo. Ka dula feela le ho mamela, ho fihlela ba qeta. Mme Moena_Moena Carlson a ema. A re, “Benghadi^” 337 Mme lona bohle le tseba Hank Carlson. Mme, moo, mmotseng. Tjhe, le na le yona lebanteng hantle mono. Haeba le batla ho reka lebanta, le teng mona. Bashemane ba na le lona. 338 A re, “Benghadi,” a re, “Ke le tsebisa, ya latelang, Moena Branham.” A re, “Le ka hanana le yena Thutong ya hae, empa a nke ke le bolelle ho hong. Matsatsi a mararo a fetileng, re ne re dutse tulong e itseng, mme ha monna eo a sa mpolella ntho e nngwe le e nngwe e etsahetseng hoseng hona, ha se nna ya emeng mona. O mpoleletse ha le ikemiseditse ho mmotsa ka Thuto ya hae. Mme a mpolella hore ke loketse ho phumula tulo eo e nngwe, le ho tla mona. Mme o mpoleletse hantle moo Ngaka Mead le batho bana ba tla be ba dutse, hantle feela, mme ke bana moo ba leng teng.” A re, “Mohlomong le nnile la hanetsana le yena, empa, ntho e le nngwe nka e bua, ha a na tshabo ka seo a se nahanang.” A re, “Jwale, Moena Branham, tema ke ya hao.” 339 Ka re, “Pele re qala^” Ka bala seo ke se badileng hoseng hona, “‘Ha ke a ka ka hanela pono ya Lehodimo.’” Ka re, “A re batalatseng taba ena. Jwale, le ipolela bohle le le Dingaka tsa ThutaModimo; mme nna ke eme mona ka bonna.” Ka re, “Ha 48 LENTSWE LE BUILWENG ho le jwalo, le batla ho mpotsa ka kolobetso ya Lebitsong la Jesu, re tla qala ka yona pele. Ke batla e mong wa lona banna ting a tle ka Bibele ya hae mme a eme pela ka mona, hodima ntho efe kapa efe eo ke e rutileng.” Ka re, “Ema pela ka mona, mme, ka Lentswe la Modimo, o E hanyetse.” Ka lebella. Ha ho motho ya ileng a bua letho. Ka re, “Ke kopa ba bang ba lona banna ting ho tla ema lehlakoreng la ka.” Ho-re, “Molato ke’ng ka lona? Ha ho le jwalo, hlohlolohang mokokotlong wa ka, haeba le tshaba ho ema pela ka mona.” 340 Ha ba tshabe nna; ke Lengeloi leo la Modimo o Matlaohle. Moo, ba tsebang hore, ha A ka mpolella esale pele ho tla^Ba ne ba hlalefile ho feta ka moo ke neng ke nahanne hore ba ka teng. Ba tseba haholwanyane ho ka ema moo. Uh-huh. Le a tseba, le bile dinakong, nakong tseo, le lona. Empa ha ba ka ba ho etsa. Molato ke eng, haeba e le kgolo hakaalo, mme ba tseba hore e tiile hakaalo? 341 Ke e kentse theiping, le hohle feela; ke ikemiseditse ho e qoqa, ka mokgwa wa Sekreste, le moena ofe kapa ofe. Nke ke ka pheha kgang le motho; empa ke batla hore o tle, ho hanyetsa e nngwe le e nngwe ya Tsona, ka Lentswe. E seng ka bukana ya hao, jwale; e seng seo Ngaka Sekete-kete, kapa Mohalaledi Sekete-kete a se boletseng. Ke batla ho tseba seo Modimo a se boletseng. Ke motheo oo. Ke batla ho tseba hore Hoo ke eng. Ha ba e etse. 342 Jwale bonang. Ha nako ya mantswe a supileng e fihla^ Eba ke nako ya mantswe a supileng, ha Buka e phethilwe, a Tshenolo wa 10 ho senolwa. Jwale hlokomelang. Mamelang. 343 Jwale, nke ke ka le tshwarella halelele ho feta. Ke a tseba ke a le kgathatsa; ke metsotso e mashome a mabedi pele ho leshome. [Phutheho e re, “Tjhe. Tswella!”_Mong.] Mamelang ka hlokomelo jwale. Ke a tseba, ho engwe, mme le ntse le fetola madulo le dintho. Ke tla thaba mohla kereke e lokiswang re tle re se futahane. Re ka nka letsheare lohle ho E rera. 344 Jwale hlokomelang. Jwale elang hloko. Mantswe a supileng e ne e le diaduma, diphatlolo. Modimo, re thuse. Ha ke le phoso, Morena, ntshwarele. 345 Ke le botsa potso. Ho phatlohile ka seaduma, ha lentswe lena le ne le utlwahala. Na le hlokometse, hono, hore ha Ditiiso tse Supileng tse latelang mengwaha ya diphutheho tse supileng, nakong eo Tiiso ya Pele e neng e manollwa, hore ho bile le seaduma? Tiiso ya Pele ka Bukeng ha e ne e manollwa, ha eba le seaduma; ana Tiiso ena ya Pele ya bokantle ba Buka e ne e ke ke ya manollwa ka tsela e tshwanang? [Phutheho e re,”Amen.”_Mong.] Modimo ha o fetole leano la Wona. A re phetleng kwana Bukeng ya Tshenolo 6. NA EE KE PONTSHO YA BOFELO, MONGHADI? 49 Mme ka bona Konyana ha e manolla tiiso e nngwe ya tse supileng, mme ka utlwa, mme se seng sa dibopuwa tse phelang tse nne se reng, ka lentswe le ne kang seaduma, Tloo. 346 Jwale, ha ho a ka ha hlola ho eba le seaduma se seng. “Mme Tiiso ya ho qetela ya manollwa, ha kgutsa Lehodimong ka motsotso o ka fihlang bohareng ba hora.” Empa, ha Tiiso ya Pele e ne e manollwa ho bile le ho phatloha ha seaduma. 347 Oho, kereke, na ekaba ke yona? Na re se re le bohole bo bokaalo? Metswalle, nahanang. Mohlomong. Ke a tshepa ha se yona. Empa, ho ka thweng haeba e le yona? Ho phatloha hoo e ne e le eng? Mme ka pela Modimo, le ka Bibele ena e phetlilweng, ha ke bue leshano. Ho phatloha ho sisintseng lefatshe! 348 Mme ha Tiiso ya Pele, ho tse supileng tse butsweng ka Bibeleng, e tlile, e le Nngwe feela, empa ho qhoma ho sisintseng ntho yohle; seaduma. Mme haeba Ditiiso tse ka morao di tla manollwa, na e ke se be seaduma, le teng? Ha ke tsebe. Nke ke ke ka bolela. 349 Ho bile le seaduma, Tiisong ya Pele, mme Tiiso e ne e le seaduma. Terompeta e ile ya manollwa nakong eo. Mme Terompeta e letsitswe Pentekosta, ehlile. Nke ke ke ka kena mono. 350 Jwale, haeba pono e ne e dumellana le Lengolo; pono eo ke buang ka yona, eo ke e boneng Moqebelo wa ho feta hoseng. Ke nako ya veke e fetile jwale. Haeba, jwale hopolang mono, haeba pono e ne e dumellana le Lengolo, e tshwanetse ho hlaloswa ka Lengolo, kapa ho tswella ha Lengolo lona leo. [Moena Branham o a thola_Mong.] Ke ne ke emela feela, e le hore seo se tle se monyele. Haeba^ 351 Sena seo ke se boneng, seo e neng e le sona, ha ke tsebe, empa ke tshohile ho shwa. Na re se re fedile? Na re pheletsong? Hopolang, Lengeloi lena le boletse, hore ha sena se etsahala, O hlapantse, “Nako ha e sa tla ba teng.” Ke a ipotsa hore na ehlile re a e tshwara ena. 352 O ka re, “Be, ho bonahala se tla qhoma kwa-^” Moena, O tla motsotsong oo o sa o hopolang. O tla E utlwa kgetlo la hao la ho qetela. 353 Jwale na E hlakile? Ha Tiiso ya Pele e ne e manollwa, Ditiiso tse neng di le ka hara Buka, diphiri tsena tse ileng tsa utlwahatswa; tokafatso, kgalaletso, kereke ya Roma e Katolike, Maprotestanta! Mme nakong eo dintwanyana tsa bona di neng di siya dintlhana tsena tse lokotsehang Lentsweng la Modimo, Lengeloi la bosupa le a tla le ho di bokella hammoho le ho di hlalosa. Le a bona? Mme ha a qetella. Diaduma tse supileng di a utlwahala. 354 Johanne a re o a ngola; ha thwe, “O se ke wa E ngola. Empa, Se kwahele.” 50 LENTSWE LE BUILWENG 355 “Mme Tiiso ya Pele ya manollwa,” ya Ditiiso tse ka hara Buka, E manolotswe ka seaduma. Uh! 356 Haeba sena e le Lengolo, ke feela ka^Ha ho ena le Lengolo lefe kapa lefe^Ntho efe kapa efe e tlamehileng ho ba ya Bibele^ 357 Ke moka, le ke ke le mpolella ha ho ena le ntho e kang “pelekatori” le ditho tse kang tseo. Ha ho Lengolo ka Bibeleng ho ka e tshehetsa. Le ke ke la mpolella ka dintho tsena, jwaloka Buka ya Makabise, e ka nna yaba ba itoketse. Le, “Buka eo ya bone ya Daniele, moo Lengeloi le ileng la mo qotsa ka moriri wa hlooho, la re^le ho mo dudisa fatshe.” Ha ho ntho tse kang tseo tse kileng tsa etsahala ka Bibeleng. “Moo Jesu wa Nazaretha a entseng nonyana ya letsopa, le ho e kenyetsa maotwana, ha thwe, ‘Whew! Fofa, nonyane,’” ke mepoto. Ha ho letho ka Bibeleng ho e tshehetsa. Ka hona ha e swaswe^Bo_bo bafetoledi, Modimo o hlokometse hore bafetoledi ba se ekeletse melawana eo le mepoto. Ho ka etsahala e ne e le batho ba lokileng, baena ba Makabise. Ba ne ba le jwalo. Ha ke re e ne e le batho ba sa lokang. Empa, e ne e sa dumellane le Lengolo. 358 Ena ke tshenolo e phethahetseng ya Jesu Kreste. “Ha ho letho le ka ekeletswang ho Yona kapa le ka fokotswang ho Yona.” Mme ha re kenya hono ka Mono, ha ho tsamaelane le Lengolo le leng lohle. Ho na le Dibuka tse mashome a tsheletseng a metso e tsheletseng tsa Bibele ena, mme ha ho Lentswe le le leng le ka thulanang le le Leng. 359 Mme ka hona he, ha hona e le tswelliso, ya ho letswa ha diterompeta tsena tsa ho qetela, kapa Diaduma tsena tsa ho qetela tse Supileng tse tla tla, diphiri, Ditiiso tsa ho qetela, se tla tlameha ho hlodisana kapa ho bapa le Lengolo lohle. Mme haeba tseo tsa Pele ka hare ka mono di manolotswe ka ho phatloha ha seaduma, tsa Bobedi, le tsona, tse ka morao di tla etsa jwalo. Hlokomelang se etsahalang. Haeba pono e ne e le Lengolo, e tla lokela ho kwahollwa ka Lengolo, kapa tswelliso ya Lengolo lona leo. 360 Hlokomelang, Tshenolo, 3 le 4, “Diaduma tse Supileng.” Diaduma tse Supileng, mme hape le ntano hlokomela, 3 le 4, e ntano ba (eng?) kano e tswang ho Lengeloi leo le matla, ho re, “Nako e ne e fedile.” Nakong eo Diaduma tsena, le a bona, di utlwahatsang mantswe a tsona, yaba Lengeloi^ 361 Nahanang ka yona feela! “Lengeloi, le apereng leru, le selekane sa mookodi hloohong ya Lona.” Kgele, le a tseba Eo ke mang. “La bea leoto le leng hodima lefatshe, le hodima lewatle, mme la phahamisa letsoho la Lona la hlapanya, ho re, ‘Ha Diaduma tse Supileng tseo di utlwahatsa mantswe a tsona,’ ho re, ‘nako ha e sa tla ba teng.’” NA EE KE PONTSHO YA BOFELO, MONGHADI? 51 362 Hape haekaba thuto ya diphiri tsa Modimo e phethilwe, ho ka thweng ha hoo e le diphiri tseo tse supileng tse tlang? Homme kerekeng e tlase, e nyenyane jwaloka ya rona, ha e le moo Ya Matlaohle a etile le ho hlompha seemo se senyenyane sa batho ba Hae! O ka re, “Kgele, hono, ha ke hopole jwalo.” Mohlomong ha ho jwalo. Empa ha ho le jwalo ho ka thweng? Etlaba nako e fedile. Na le kile la e nahana? Hlokofalang. Ekaba morao ho feta kamoo re lekanyang. 363 Dinaledi tsena tse horomelang senkgomeng morao kwana! Lengeloi leo le tlang, mme le re, “Jwaloka ha Johanne a rometswe ho tlamahanya Testamente ya Kgale le ho tumisa ho tsebahatswa ha Kreste, Molaetsa o tla tlamahanya dintlha tse lokotsehang mme o tla tumisa Messia pejana feela ho ho Tla ha Hae,” Molaetsa wa matsatsi a qetelo. 364 Hlokomelang, Lengeloi le matla le hlapantse, ka kano, ho re, “Nako ha e sa tla ba teng.” 365 Jwale, ha ke batle ho le tshwarella nako e telele. Nahanang ka hona feela, motsotso jwale. 366 Jwale mamelang. Lengeloi lena le theoha Lehodimong. Le a bona? A mang, mangeloi a mang a supileng a diphutheho tse supileng, e ne e le baromuwa ba lefatshe. Empa, Lengeloi lena^Molaetsa ohle o phethilwe; lengeloi la bosupa le lohanya ntho eo yohle. Mme Lengeloi lena le a tla, e seng lefatsheng; Eo ha se monna ya tswang lefatsheng, jwaloka baromuwa bao ba mengwaha ya diphutheho; hoo ho fedile. Empa, Lengeloi lena le tumisa tsebiso e latelang. Mme lengeloi ke ho bolela “moromuwa.” Mme Le theoha Lehodimong, le apere Topallo eo ya Lesedi, Leru, ka mookodi hodima hlooho ya Lona. Mme mookodi ke selekane. E ne e le Kreste, “Ka leoto le leng hodima lefatshe, le le leng hodima lewatle, mme la hlapanya, ka ho re, ‘Nako ha e sa tla teng.’” Re hokae moo re leng teng, benghadi? Tsena tsohle di bolela’ng? Ke botsa lona. 367 Mangeloi a mang e ne e le baromuwa, batho ba lefatshe. Empa Lengeloi lena^Ana, ho itswe, “Ho lengeloi la phutheho ya Laodisea,” “Ho lengeloi la phutheho ya Efese,” baromuwa ba lefatshe; le a bona, banna, baromuwa, baporofeta, le jwalojwalo, kerekeng. 368 Empa, Enwa ha a tswe lefatsheng. O theoha Lehodimong, hobane sephiri sohle se phethilwe. Mme hoba sephiri se phethwe, Lengeloi la re, “Nako ha e sa tla ba teng,” mme Diaduma tse Supileng tsa lahlela mantswe a tsona. 369 Ho ka thweng haekaba e le ntho e itseng ho re tsebisa mokgwa wa ho kena Tumelong e Hlwibilang? Na ke yona? Na re tla matha, mme re tlole marako? Na ho na le ntho e makgatheng a ho etsahala, mme moo mebele ena ya kgale, e 52 LENTSWE LE BUILWENG senyehileng, e soto e seng e tla fetolwa? Na nka phela ho e bona, O Morena? Na e atametse hoo nka e bonang? Na ona ke wona moloko oo? Benghadi, banabeso, ke nako efe? Re ho kae? 370 A re shebeng tshupanako, alamanaka, ho bona tsatsi leo re phelang ho lona. Iseraele e Palestina, lehaeng la bona. Pontsho, naledi ya Davida e kgutlo-tshelela, (dilemong tse dikete tse pedi tse fetileng, eya, dilemo tse ka bang makgolo a mashome a mabedi a metso e mehlano tse fetileng), folaga ya kgale ka ho fetisisa, e a fokaela. Iseraele e kgutletse lehaeng la bona. “Ha sefate sa feiga se hlahisa menoko ya sona, moloko ona o ke ke wa shwa, o ke ke wa feta, ho timela, ho eso phethehe tsohle.” Ditjhaba di a thothomela, Iseraele e a phaphama, Dipontsho tseo baporofeta ba di boletseng; Matsatsi a Baditjhaba a badilwe, ka tsietsi tse phophothang; “Kgutlelang, Oho ba hasaneng, ha’bo lona” Tsatsi la topollo le haufi, Pelo tsa batho di hloleha ke tshabo; Tlalang Moya, lokisang mabone a lona a hlake, Lelalang, topollo ya lona e haufi! Baporofeta ba bohata ba thetsa, Nnete ya Modimo ba e latola, Jesu e leng Kreste ke Modimo’a rona. Le a tseba ke nnete!^?^ Empa re tla tsamaya moo baapostola ba hatileng. Hoba Tsatsi la topollo le haufi, Pelo tsa batho di hloleha ke tshabo; Tlalang Moya, lokisang mabone a lona a hlake, Lelalang topollo ya lona e haufi! 371 Ho ka ba haufi ho feta ka moo mang kapa mang wa lona a nahanang kateng. E ntshositse. Oho, ha ke a sebetsa ka ho lekana. Re hokae? 372 “Nako ha e sa tla ba teng.” O tumisa hore nako e fedile. Ho etsahala eng? Ho etsahala eng? Na ho ka ba jwalo jwale, baena? Nahanang ka ho tiya. Haeba e le yona, etlaba piramite e kwahetswe ke Diaduma tse Supileng. 373 Le sa hopola Molaetsa wa piramite? Ke lejwe la Sekwahelo. Le ile la etsa’ng? Moya o Halalelang o ile wa kwahela motho le ho mo tiiseletsa, ha re ne re ekeletsa tumelong ya rona; ho loka, le borapedi, le tumelo, le jwalojwalo. Ra nna ra ekeletsa ho fihlela re fumana dintho tsena tse supileng. Mme ya bosupa e le lerato, e leng Modimo. Ke ka moo A sebetsang motho, le ho mo kwahela le ho mo tiiseletsa ka Moya o Halalelang. NA EE KE PONTSHO YA BOFELO, MONGHADI? 53 374 Jwale, haeba ho le jwalo, O na le mengwaha e supileng ya dikereke, moo A bileng le diphiri tse supileng tse utlwahaditsweng, homme tseo ba di lwanetseng, ho di kgutlisa. Mme jwale Lejwe la Hloro le a tla, ho kwahela Kereke tu. Na Diaduma di bolela hoo, banabeso? Benghadi, na ke hona moo re leng teng? 375 Junie, ke batla ho nka toro ya hao. Shebang. Junior, le pele piramite e rerwa, dikgwedi pele ho yona, a bona toro ena. O ka re, “Toro e bolela’ng?” 376 Nebukadnesare o na lore toro eo Daniele a e kwaholotseng, ho bolela tshimoloho ya mongwaha wa Baditjhaba le mohla o suthang. Mme ha eba ka tsela eo ka ona hantle feela. Ha ho lethonyana le hlolehileng. 377 Le a hlokomela? Mongolo o leng^o le hodima mafika, ke ne ke ba hlalosetsa Wona. Ba ne ba hloletswe. Hoo ke “sephiri sa Modimo” se sa kang sa utlwisiseha, ka dilemo. Na hoo e ka ba hono? 378 Mme hape hlokomelang. Ka mokgwa o itseng o mohlolo, ra nanabela, moyeng, sebetsa se bohale se ileng sa bula bokahodimo. Mme ka hare ka mono e le kranate e tshweu, empa ha E a ka ya hlaloswa. Ho ne ho se diletere. Ha ke a ka ka hlalosa Hono, Junior. Ka mpa ka Ho sheba feela, le ho bolella baena, “Shebang Hona.” Mme hoo ho phethahetse, bosiung bona. 379 Mme yare ba sa hlahloba Hono, ka thobela nnqa bophirima, (bakeng sa eng?) mohlomong ho utlwisisa tlhaloso ya se ngotsweng hodima ntho ena. Na ekaba ke yona? 380 Mme diphatloho Tseo, hoseng hong, tse ntsukutlileng ho fihlela ke phahamela sebakeng, bophahamong bo lekanang le ba mohaho ona, senkgomeng seo sa Mangeloi, Mangeloi a Supileng sebopehong sa piramite. Na tseo ke Diaduma tseo tse Supileng tse tlang? Na ekaba yona? 381 Hona ho hlalositswe. Ho latela toro ya hae, e ne e phethahetse ka hohle. Ho latela Lentswe la Modimo, lengeloi la bosupa le tla phethela, Molaetsa wa bosupa o tla be o phethilwe, mme e ntano ba Diaduma tse Supileng. Mme yaba o bona lejwe la sekwahelo le thetheha. 382 Moo e leng hore, batho ba bangata ha ba tsebe ho ena le Ditiiso tse Supileng tse tla senolwa. Ke badile dibuka tsa banna ba bangata hodima Tshenolo, le ka mohla ha ke eso ka ke utlwa ho buuwa ka tsona. Ba tlola Hono. Empa le boleletswe hore Hono ho teng mono. 383 Ha ke tsebe hore ke eng. Na ekaba hono? Modimo o re hauhele! Haeba ho le jwalo, re horeng e mahlonoko. Jwale, motsotso feela, bonang; ha ho le jwalo, mme sephiri se phethilwe, se neng se ngotswe mafikeng ana! 54 LENTSWE LE BUILWENG 384 Ke thabetse ha ke dutse ka kerekeng e nang le batho bao Modimo a ka ba fang ditoro. Ke thabetse ho tsebisa ho banna bana le basadi ba tsamayang kereke ya Junior, le kerekeng ena, ho Moena Neville, le bao, hore ho na le batho ba dutseng ka phuthehong ena, mme Bibele e boletse, “Ba tla lora ditoro matsatsing a qetelo.” Mme ke ena moo e leng teng. Mme, e shebeng, e tsamaelana le Lentswe. 385 Ntle le ho tseba letho ka yona, ha hlaha ho qhoma, mme Mangeloi a supileng ke ana a etswa Bosafeleng. Ka re, “Morena, O rata ha ke etsa’ng?” Ha ho a ka ha bolelwa. Mohlomong ke tla lokela ho ya, pele, ho fumana. Ha ke tsebe. Mohlomong ha se le ntho eo. Ha ke tsebe. Ke mpa ke re feela, “Ho ka thweng haeba e le yona?” Haeba E dumellana le Lengolo, hoo ho utlwahala ho le haufi le yona. Na ha le hopole jwalo? [Phutheho e re, “Amen.”_Mong.] 386 Shebang. Hape, shebang, lejwe la hloro ha le a hlaloswa. Le a bona? “E ya bophirima, mme o ntano kgutla.” Kapa, na ke ntho ena na, ke Mangeloi ana a supileng ka senkgome sena a tlileng ho nna? 387 Mme ha ke kopana le lona Tsatsing la tsoho, le tla bona hore ha ke bue leshano; Modimo, Moahlodi wa ka. 388 Kapa, na sena ke sehlohlolo seo sa bobedi seo ke buileng ka sona tsatsi le leng? Na ke mabapi le ntho e itseng e tlelang Kereke? Ha ke tsebe. Ne nka dula nakwana tabeng eo, empa ke tla tswela pele. 389 Na ekaba hono, seaduma se matla, kapa Lengeloi la bosupa ho a supileng, senkgomeng, senkgomeng sa lekgathe-supa, piramite ya wona e hahilwe sebopehong (a mararo lehlakoreng ka leng, le le leng ka hodimo), mme a rothela fatshe ho tswa Bosafeleng? Na ekaba yona? 390 Na hona ke sephiri, sa Diaduma, tse tla kgutlisetsa Lejwe la Hloro? Le a tseba, le a tseba hore le ka mohla piramite e ne e sa kwahela. Lejwe la Hloro le sa ntse le tla tla. Haesale le nyediswa. Na ekaba hono, baena, dikgaitsedi? 391 Kapa, na ke Kgulo eo ya Boraro eo A mpoleletseng ka yona, dilemong tse tharo kapa tse nne tse fetileng? 392 Kgulo ya Pele, le hopola se etsahetseng? Ke ile ka leka ho E hlalosa. A re, “O se etse hono.” 393 Kgulo ya Bobedi, A re, “O se leke.” Mme ka hoballa leha ho le jwalo. Le a e hopola? Lona bohle le a hopola. E theiping le dinthong tsohle. 394 Mme yaba O re, “Jwale ho na le Kgulo ya Boraro e tlang, empa o se leke ho E hlalosa.” Le bona ka moo ke atametseng tabeng Ena ka teng, bosiung bona? Ha ke tsebe. Empa, ke ikutlwa ke tlameha, kerekeng yaka, ho bua ntho e itseng. Lona le etse qeto ya lona ka sebele. NA EE KE PONTSHO YA BOFELO, MONGHADI? 55 395 Jwale, na etlaba sephiri se tla manollwa, se tla tlisa Kreste, ho tlisa matla Kerekeng? Le a bona, re se re^ 396 Re dumela pakong, ho kolobetswa ka Lebitso Jesu Kreste. Re dumela ho amoheleng Moya o Halalelang. Re na le dipontsho, mehlolo, meeka, ho bua ka dipuo, le dintho tseo kereke ya pele e neng e ena le tsona. Mme, hantle-ntle, ho bile le tse ngata tse entsweng, hantle mona, ho fetisa tse ngotsweng Bukeng ya Diketso, sehlotshwaneng sena se le seng sa batho, molaetseng ona o monyenyane wa rona mona. Ho ka thweng ka lefatshe bophara? Le a bona? Ho feta kamoo ho ngotsweng Bukeng ya Diketso, mofuta o tshwanang! Ho tsoswa ha bafu! Hopolang, ho bile le ba ka bang bararo feela ba batho ba tsositsweng, ba bafu, ke Jesu Kreste. Mme ditlalehong re na le, rekotong ya dingaka, ba bahlano. Le a bona? 397 “Mesebetsi eo Ke e etsang, le tla etsa le e mengata ho ena.” Ke a tseba King James e re, “e meholo,” empa le ke ke la etsa ntho efe kapa efe e kgolwanyane. E mengata ya yona! O ne a le Mothong a le mong lekgatheng leo; O ka hara Kereke yohle jwale. Le a bona? “Le e fetisang ena le tla e etsa, hoba Ke ya ho Ntate wa Ka.” 398 Haeba e le Kgulo ya Boraro, etlaba ho na le thuto e kgolo e dutseng ka pele. Ha ke tsebe. Ha ke kgone ho bolela. Ke_ke ha ke tsebe. 399 Hlokomelang. Kgulo ya Boraro, a re emeng mono, motsotso. Ponong, ho fofeng ha pele e ne e le baromuwa ba banyenyane dinonyana; hoo e ne e le ha re ne re qala pele. Ya hola, ho tloha feela ho tshwareng motho ka letsoho. 400 Mme na le hopola seo A mpoleletseng sona? “Ha o ka tshepahala, ho tla etsahala hore o tsebe merero ya dipelo tsa bona.” Ke ba ba kae ba hopolang ha ntho eo e ne e tsebiswa ho tswa mona, ho phatlalla le matjhaba. [Phutheho e re, “Amen.”_Mong.] Mme na e etsahetse? [“Amen.”] Hantle. Ha ntano thwe, “O se tshohe. Ke tla ba le wena.” Le a bona? Mme e tla tswela pele. 401 Jwale, Kgulo ya Pele e ne e le dinonyana, tse nyenyane; masihla ao a fofafang. Tsa tswella ho teana le nako, ho teana le ho Tla ha Morena; Molaetsa wa pele. 402 Kgetlong la bobedi, merero ya pelo. Ho tloha ho tshwareng motho ka letsoho, le ho ema mono feela le ho bolela seo ba neng ba ena le sona; kgetlong le latelang, ya senola dibe tsa bona le ho ba bolella seo ba loketseng ho se etsa. Mme bo^Na ho nepahetse? [Phutheho e re, “Amen._Mong.] Yaba, hoo ho a etsahala, ka ho phethahala, jwalo feela kaha Modimo o boletse. Mme le dipaki, mme ho jwalo le ka lefatshe, ho jwalo le ka kereke. 403 Ha ke ne ke re, “Ke bone Lengeloi, mme E ne e le Mollo o mosehla [“emerald”_Moft.], o tukang”; batho ba tsheha mme 56 LENTSWE LE BUILWENG ba re, “Billy, o imamele.” Leihlo la mahlale le makatsang la khamera le Le nkile setshwantsho. Ke ne ke sa bue leshano. Ke ne ke bolela Nnete. Modimo wa netefatsa. 404 Ka re, “Lefifi le a sira; ke lefu, botsho. Mme Hona ho ho sweu. Ho hong ke Bophelo; ho hong ke lefu.” Mme ke eo moo E leng teng, setshwantshong morao mane. Mono hodima^ 405 Jwaloka ha George J. Lacy_Lacy a boletse, “Leihlo la motjhini la khamera ena le ke ke la nka malepa saekholoji. Na le ntse le ntatela. [Phutheho e re, “Amen.”_Mong.] 406 Hlokomelang, lesihla la pele le le nyenyane; letsoho. La bobedi le le holwanyane, bosweu bo feta-fetang, maeba; Moya o Halalelang o senola merero ya pelo. Mme lesihla la boraro e le Mangeloi (e seng dinonyana), Mangeloi; mme hoo ke nako ya qetelo, ke phetho ka yona. Na ena etlabe e le nako, moena. Na ena ke nako? 407 Jwale mamelang ka hlokomelo haholo, mme le se toloke hona ka phoso. Ke batla ho le botsa ho hong. 408 A re kgutleleng morao motsotso feela. Kereke e a tseba hore ke nnete. Lefatshe la mahlale le a tseba ke nnete. Mme batho ba dutse ka hare ka mona, bosiung bona, mme ba bangata ba sa ntse ba phela, ba neng ba eme mona nokeng mohla Lentswe leo le buang seo, le ho re, “Jwaloka Johanne a rometswe ka molaetsa wa ho tla ha pele, ka mokgwa o tshwanang ona ke Molaetsa wa bobedi, wa ho Tla kgetlo la bobedi.” Le a hopola? [Phutheho e re, “Amen.”_Mong.] 409 Mme, haeba O phethilwe, Johanne o entseng? Johanne ke yena ya itseng, “Bonang, ke eo Konyana ya Modimo e tlosang sebe sa lefatshe. Ke Yena!” Na hora, na e se e fihle, banabeso? Ha ke re e se e entse jwalo. Ha ke tsebe. Empa, ke botsa lona. Ke batla le nahane. Kapa, na ena etlaba nako eo mohla hape etlabang, “Bonang Konyana ya Modimo”? 410 Kapa, nako ya Malakia 4, “Ho busetsa dipelo tsa bana morao Tumelong ya Bontate ba rona”? Na e tlaba ho phatloha ho hokaalo ho tla_ho tla etsa dintho tse matla hakana, ho fihlela ho theilwe Kereke, e nnileng ya thetheha mme e sa kgone ho utlwisisa, le ntho tse jwalo? Ha ba bona ho phatloha hoo ho hoholo ho haola, na ho tla busetsa dipelo tsa bona ho Ntate, jwaloka ha Bibele e boletse hore e tla ho etsa? Kapa, na wona e ne e le Molaetsa, o seng o fetile, o neng o loketse ho etsa hono? Ha ke tsebe. 411 Ena ke pontsho ya nako ya bofelo, benghadi. Kapa, na ena ke pontsho ya hore ho fedile? E shebahala e dumellana le Lengolo, ho nna. Ha ke tsebe. Mangeloi ke ao moo a neng a le teng. Ho hlahile ho phatloha, ho kang seaduma, ho sisintseng lefatshe lohle. Modimo o a tseba ke bolela Nnete. 412 Hopolang feela, ntho e nngwe e mothating wa ho etsahala. Ha ke tsebe ke eng. Empa, na ekaba ntho ena na? Lebaka leo NA EE KE PONTSHO YA BOFELO, MONGHADI? 57 ke bolelang hona, itokiseng! A re rapeleng, (ho rapela jwang?) ho nka dibaka tsa rona lebothong la badumedi ba Hae, mme re itokiseng, hoba ekaba morao ho feta ka moo re nahanang kateng. 413 Le a ntseba, mme ha ke eso ho le bolelle leshano, le jwale, ho ya kamoo ke tsebang. Mme jwaloka Samuele a ba boleletse, “Na nkile ka le bolella taba ka Lebitso la Morena, e sa etsahalang?” Jwale, ke a le bolella jwale. Ha ke tsebe hore na hona ke eng. Ha ke kgone ho bolela seo e leng sona. Ha ke tsebe. Empa, ke tla le bolella Nnete. Ke tshohile. Jwaloka moena lona, esale ke tshohile ho tloha Moqebelong wa ho feta. 414 Ekaba nako ya qetelo. Ekaba nako eo meokodi e ferallang sebakeng, le mohweletso o tswang mahodimong, o re, “Nako ha e sa le teng.” Haekaba e le yona, a re itokisetseng, motswalle, ho kopana le Modimo wa rona. Ho bile le Dijo tse ngata tse bokeletswang jwale. A re Di sebediseng. A re Di sebediseng jwale. Mme mmoho le nna, ho tswa kalaneng ena, ke bitsa ho Modimo, “Morena Jesu, nkgauhele!” Ke lekile ho phela ka mokgwa o kgabane oo ke neng nka o kgona. Ke lekile ho tlisa Melaetsa ka bokgabane, ho tswa Lentsweng la Modimo. Modimo o tseba pelo ya ka. 415 Empa, ha senkgome sena sa Mangeloi se ne se haola mobung oo, ke ne ke shwele bohatsu. Ke sa kgone le ho utlwa, nako e telele. Esitile ke utlwile eka, nako e telele ka morao ho moo, ha ke leka ho tsamaya ka phaposing, ekasita le ho tloha lesapong la mokotlo wa ka, ho nyolosa-le-ho-theosa molala wa ka, o ne o shwele bohatsu ka ho phethahala, yaka, mme ho se le maikutlo. Ke sa kgone le ho utlwa, matsohong a ka. Ke le maidi-iding, letsatsi lohle. Ka_ka kena feela ka phaposing le ho dula fatshe. 416 Sontaha, ka theohela mona ho bua, mme ka_ka leka ho itlosa ho yona, ka ho bua. Mantaha, keha e le teng hape. Mme e teng le jwale. 417 Mme ha ke tsebe. Ha ke tsebe, benghadi. Ke mpa ke tshepahala ho lona, jwaloka baena ba ka. Ha ke tsebe. Na ke_ na ke nako? Na thu-^sephiri se phethilwe sohle? Na ho letswa ho se ho qetilwe ka hohle? Na hoo ruri ke Diaduma tseo tse Supileng, tse itokisetsang ho bua ho hong, moo sehlotshwana se bokaneng hammoho se tlang ho amohela Tumelo e Hlwibilang, ho kena Tlhwibilong ha A etla? “Hoba re tla fetolwa,” ka potlako e kaa ka eo Mangeloi ao tlang ka yona, “ka motsotso, ka ho panya ha leihlo; mme re tla nkelwa hodimo hammoho le bao ba robetseng, ho kopana le Morena sebakeng.” Thapelo ya ka ke ena: 418 Modimo, haekaba ho le jwalo, ha ke tsebe, Morena. Ke ne ke mpa ke bolella kereke feela. Ha ho le jwalo, Morena, lokisa dipelo tsa rona. Re hlophe, Morena, bakeng sa hora eo e kgolo; 58 LENTSWE LE BUILWENG eo nalana yohle ya nako, baporofeta bohle be le bahale, ba nnileng ba shebella nako eo. Morena, ha ke tse be hore ke reng. Nka tshaba ho re, “O se ke wa tla, Morena.” Ke utlwa ke itshwabela ha ke tadima mme ke bona lefatshe maemong; ha ke a etsa ho feta kamoo ke entseng ka hona. Ke a itshwabela. Haeba ho ena le moso, Morena, tlotsa pelo ya ka. Ntlotse haholwanyane, Ntate, hore ke tle ke etse ntho e nngwe le e nngwe nka e kgonang, ho tlisa ba bang ho Wena. Nna ke wa Hao. 419 Ke ikutlwa jwaloka Esaia, ka tempeleng tsatsing leo, ha a ne a bona Mangeloi a fofela morao-le-pele, ka mapheyo difahlehong tsa Wona, le hodima maoto a Wona, mme a fofa ka mapheyo, “O a halalela, o a halalela, o a halalela!” Oh, kamoo mohlankanyana eo wa moporofeta a ileng a sisisnyeha. O ne a sa tswa hola-hola dilemong ho se hokae. Mme yare ha a bona hona, leha a ne a bone dipono, a hweletsa, “Ho madimabe nna!” 420 Ntate, mohlomong ke ikutlwile ka mokgwa o kang oo, ha ke ne ke bona Mangeloi ao bosiung bo bong, kapa hoseng ho hong, ke batla ho rialo. Ho madimabe nna, hoba ke motho ya melomo e ditshila, mme ke ahile hara batho ba sa hlwekang. Mme, Ntate, ntlhwekise. 421 Mme ke nna enwa. Roma nna, Morena, seo e ka bang sona feela. Mme ke ema sefaleng sena moo ke qetileng dilemo tse mashome a mararo. Haeba ho ena le ho hong, Morena, O batlang ke se etse, ke nna emwa. Ke itokisitse, Morena. Empa, a nke ke fumane mohau mahlong a Hao. Ke a rapela, ka boikokobetso. 422 Ke rapella mohlatswana oo Moya o Halalelang o mpeing molebedi wa wona, hoba fepa. Mme ke entse hohle kamoo ke tsebang ho etsa, Morena, ho ba fepa ka Bohobe ba Bophelo. Jwaloka ponong eo, dilemo-lemong tse fetileng, moo lesirahadi leo leneng le le ka Bophirimela, le thaba ya Bohobe ba Bophelo; buka e nyenyane, “Ha Ke A Ka Ka Hanela Pono Ya Lehodimo.” Mme ke ena e phethahala yohle, ho senolwa hantle sefahlehong sa rona. 423 O Modimo, ha ho e mong ha e se Wena. Re amohele, Morena. Re tshwarele dibe tsa rona. Ke a baka ho se dumeleng hohle ha ka, bakeng sa bokgopo bohle ba ka. Ke rapedisisa aletareng ya Modimo. 424 Jwaloka ha ke etla bosiung, le kereke ena e nyenyane ka pela ka, ka tumelo re tloha mohahong wona, re kena tlhwibilong, “re sa dutse mmoho dibakeng tse Mahodimong,” ho pota-pota Terone ya Modimo. Dipelo tsa rona di futhumaditswe hangata, dinthong tseo re di boneng O di etsa, le ho re phuthollela diphiri tsa Hao. Empa, Morena, bosiung bona, ke kgathetse ka hohle. Ho madimabe nna! NA EE KE PONTSHO YA BOFELO, MONGHADI? 59 425 Le_le Jakobo, ha a ne a bona Mangeloi ao a theoha sehlwelellong le ho kgutlela morao, a re, “Ena ke nnqalo e tshabehang, ha se letho empa ke ntlo ya Modimo.” Mme teng Bethele ya thewa. 426 Modimo, batho ha ba utlwisise hono. Ba nahana hore ekaba thaba e kgolo hakakang. Empa, Morena, kamoo ho kgathatsang, ke ntho e tshabehang hakakang ho motho ho kena Boteng ba Sebopuwa se seholo, se matla sa Lehodimo. 427 Ke rapella tshwarelo kerekeng ya ka e nyenyane mona, eo O nthometse ho_ho_ho_ho e tataisa le ho e supisa tsela. Bahlohonolofatse, Morena. Ke entse ho latela seo dipono le ditoro le dintho di se boletseng, ka baka leo, bokgabaneng ba tsebo ya ka. Ke bokeletse Dijo tsohle kamoo ke tsebang kateng, bakeng sa bona, Morena. Seo e ka bang sona, Morena, re ba Hao. Re ipea matsohong a Hao, Morena. Re hauhele; re tshwarele. Mme re be dipaki tsa Hao ha feela re sa le lefatsheng. Hape, ha bophelo bo fetile, re amohele Mmusong wa Hao. Hoba re kopa Lebitsong la Jesu. Amen. 428 E mong le e mong wa lona, hlwekisa pelo ya hao yohle. Beella ka thoko ntho e nngwe le e nngwe, boima bo bong le bo bong; bo suthise tseleng ya hao. O se dumelle letho ho o sitisa. O se tshohe. Ha ho letho le ka tshabjwang. Haeba Jesu a etla, ke yona^Ke motsotso oo lefatshe esale le o fehellwa le ho o tsetselela. Ha e le ntho e itseng e hlahellang jwale, bakeng sa_sa ho tla ha ntho e ntjha, ho tla ho ho tjha ha neo e ntjha kapa ho hong, etlaba ntho babatsehang. Haeba ho etla nako eo tshenolo ya Diaduma tse Supileng e tla senolelwa Kereke, hore ho tsamauwe jwang, ha ke tsebe. Ke mpa ke tlalehile feela seo ke se boneng. Oho, kgidi, ke nako e kakang! Ke mohopolo o mahlonoko le o hlabehisang. 429 Ha e tla be e le nako ya ka ya ho tsamaya, ke wa^ Morena, ke wa Hao. Ha O se o qetile, tloo, Morena Jesu. 430 Hohle moo e ka bang teng, kapa nako eo e ka bang yona, ke wa Hae. Ha ke re ke lakatsa ho tsamaya; ha ke etse jwalo. Ke na le lelapa leo ke loketseng ho le baballa. Ke na le Evangedi eo ke loketseng ho e rera. Empa, hoo ke ho latela thato ya Hae, e seng ya ka. Ke thato ya Hae eo. Ha ke tsebe. 431 Ke mpa ke le tlalehela seo e leng sona. Seo e ka bang sona, Modimo o tla se phetha. Empa, ke le bolella seo ke se boneng le se etsahetseng. Se bolelwang ke sona, ha ke se tsebe. Empa, benghadi, na ena ekabe e le pheletso? Uh! 432 Batho ba teng jwale, batho ba tsheletseng ba bileng le ditoro tseo. Na ha se ntho e makatsang ha ho sa ba le tse supileng? Na ha se ntho e makatsang ha tse tsheletseng di latetse hantle, mme hang-hang ya ntano ba pono eo? Batho bao ba teng mona. Moena Jackson, mona, e ne e le e mong; Moena Parnell e le e mong; Kgaitsedi Collins e le e mong; Kgaitsedi 60 LENTSWE LE BUILWENG Steffy e le e mong; Moena Roberson e ne e le e mong; le Moena Beleer e ne e le e mong. Mme, Ntate ya Mahodimong o a tseba, ha ho a ka ha hlola ho eba le e nngwe e amanang le hono. Mme qetellong ya ntho eo, ya bosupa^eo e neng e le Kgaitsedi Steffy, hang-hang pono ya hlahela. Le a bona? Le a bona hobaneng ke tsamaya? Le a bona hobaneng ke lokela ho tsamaya? Ke tshwanetse ho e etsa. 433 Mme, metswalle, le se shebe ho nna. Ke moena lona. Le se tsepamise maikutlo ho nna, hoba ke motho wa nama feela. Ke loketse ho shwa jwaloka motho e mong le e mong feela. Le se utlwe nna; empa mamelang seo ke se boletseng. Seo ke se boletseng ke Molaetsa. Le se tsepamise maikutlo a letho ho moromuwa; hlokomelang Molaetsa. Beang mahlo a lona, e seng ho moromuwa, empa hodima Molaetsa. Seo O se boletseng, ke yona ntho e loketseng ho shebjwa. 434 Mme, Modimo o re thuse, ke thapelo ya ka. Ha ke batle^ Ke ne ke sa batle ho tla, ho le bolella sena, empa nke ke ka le patela letho. 435 Jwale, ho latela kamoo ke tsebang, a nke ke le bolelle. Ho latela kamoo ke tsebang, ke tlile ho tsamaya matsatsing a mmalwa a latelang a mabedi kapa a mararo, Laboraro hoseng, ho ya^Tucson. Nke ke ka ya Tucson ho rera. Ha ke ye mono ho rera. Ke ya Tucson, ho thea lelapa sekolong, mme ke ntano fetoha mophaphathehi. 436 Ke nyolohela Phoenix, ho tshwara letotonyana leo la dikopano, moo mohlomong e tla ba Melaetsa e menyenyane feela ho potoloha. Mme_mme hape, mohlomong, ha ke^ 437 Ke nahana hore ba batla ke rere sebokeng bosiu bo le bong. Ha ba bua letho ka hona, ba boletse feela hore ke tla ba teng mono. Le a bona, hoo ha ho utlwahale hantle haholo, ho nna. 438 Mme ke na le polelo, HO RIALO MORENA ho Moena Shakarian, le yena. Uh-huh. Ha ke tsebe o tla etsang ka hona, empa ke na le puo eo ke loketseng ho mmolella yona. Ha ke tsebe seo a tla se etsa. Ho ho yena. Na le eleletswe Lentswe la ho qetela? Ha e a lokela ho ba mokgatlo, empa ba tumisitse tumelo tsa bona. Haele mokgatlo, ke tla tswa he. Ke ka thoko le tse jwalo. 439 Jwale, mohlomong, Moena Argabright le Moena Role, modiplomate wa Washington tlasa Dipresidente tse supileng, ba loketse ho ya Afrika. Mme Moena Role, le nna, le Moena Argabright re tla ya Afrika hang-hang, bakeng sa dikopano tse mmalwa tlase Afrika Borwa le Tanganyika, mmoho le Moena Boze. Le ho feta le tlase mono, mme mohlomong ho haola le hodimo Australia, le tseleng eo ho feta jwalo, ho kgutleng, ha Morena a sa etse ntho e nngwe e fapaneng. Empa, pele ke tsamaya, ke tla kgutlela mona. NA EE KE PONTSHO YA BOFELO, MONGHADI? 61 440 E ntano re he, ha ke kgutla mono, ha Modimo o eso bue le nna, ka mokgwa o itseng, ke tla nka lelapa mohlomong ke nyolohele hodimo Anchorage, Alaska. Mona ke borwabophirima; mono etlabe e le leboya-bophirima. Mme ke re ba dule mono lehlabula lohle, nakong eo ho tjhesang hakana Tucson hoo le ka o tlabolang letlalo. Ha ke kgolwe ba ka o mamella. Ba ne ba tla hlolohela lapeng hona le ho nyahama! Ha re rekise sebaka. Se dula hona mona hantle, ka thepa ka tlung. Ha ke tsebe seo nka se etsang. 441 E ntano re, nakong hoba lehlabula le fete, ha Morena a rata, ke batla ho tloha Alaska, mme ke theohele mohlomong Denver, bophirima bo hare; borwa-bophirimela, leboyabophirimela, bophirimela bo hare, ke ntse ke bitsa, “O Morena, O rata ha ke etsang?” 442 Nakong ya jwale, Molaetsa o mong le o mong, ho ya kamoo ke tsebang, o tla rerwa, e tla ba mona hantle, tabernakeleng ena. Mona ke hona moo ditheipi di tla ba teng. Mona ke hona moo ntlokgolo e leng teng. 443 Ha ke a ikemisetsa ho dula le lelapa la ka, ka Bophirimela. Ke tla fuputsa ho fihlela ke fumana seo Modimo a batlang ke se etse. 444 Selemo sena ha se sa ho lokise, ha ho le jwalo, isao, ka ntle ho metsi kapa dijo, ke tla tswela ntle ho kena lehwatateng, mme ke tla lebella ho fihlela A mpitsa. Nke ke ka tswella ka mokgwa wona. O loketse ho tlala tjheseho. O loketse ho fihla sebakeng seo o batlang ho tseba hore thato ya Modimo ke efe. Mme o ka etsa thato jwang ha o sa tsebe thato? 445 Ke a farasa, ka baka la motheo wa pono eo, “Seo o se entseng.” Le a bona? Ho potoloha jwalo boromuweng le boevangeding ho fihlela pitso eo e fihla. Le hopola ya pele, mohla re hlomang lejwe leo la sekgutlo? “Phethisisa tshebeletso ya boboledi ba evangedi,” A rialo. Ha ho a thwe, “O moefangedi.” Empa, “Phethisisa tshebeletso ya e mong,” mohlomong ho fihlela nako e fihla bakeng sa hong ho sele, phethoho e nngwe ya mosebetsi. E ka ba ntho e itseng e fapaneng; ha ke tsebe. 446 Le a Mo rata? [Phutheho e re, “Amen.”_Mong.] Fumanang bonnete ba taba eo ruri. Ebang le bonnete ba ruri ka yona, bao ba ratang Morena. Ba emelang Morena, ba tla bona matla a matjha, Ba tla fofa ka mapheo jwaloka ntsu, Ba tla matha mme ba sa kgathale, ba tloha mme ha ba we; Oho, nthute, Morena, nthute Morena, ho ema. 62 LENTSWE LE BUILWENG Ke a Mo rata. Ke a tseba le etsa jwalo, le lona. Jwale, hosasa bosiu^ 447 Ke kgolwa hore ke e hlakisitse haholo. Na ke ho entse? [Phutheho e re, “Amen.”_Mong.] Ka ho hlaka kamoo ke tsebang ho e etsa kateng, ke phetho seo ke se tsebang. Ke phetho ntho eo ke tsebang ho e bua. Mme haeba ke e senoletswe, bakeng sa ho hong, ke tla le bolella kapele. Ke a tseba le thahasella ho tseba. Ke thahasella ho tseba le nna. Ha ke tsebe seo e neng e se bolela. Ha ke tsebe ke hokae_hokae moo ke yang. Ke_ke ha ke tsebe se tla etsahala. Ke_ke mpa^Ntho feela eo ke e tsebang, ke ya feela, ka mohau wa Modimo. Mme he, O tla mpolella ha ke fihla mono, mohlomong. Empa, kabelo ya ka jwale ke hore, tsamaya. Mme mohlomong nke ke ka dula mono diveke tse pedi, ke be ke se ke le sebakeng se seng, mme nka nna ka kgutlela mona hape. Ho jwalo. Ha ke tsebe. Empa ke a^ 448 Pono eo e ne e kentse mofumahadi wa ka le bana ba ka ka hara ntho eo. Mme hantle ntho eo e neng e le yona, ke ne ke le ka hara koloi e kgurumeditsweng, mme motsotsong oo ke neng ke kena ka mono, ho ne ho ena le^Ke ne ke le kahara seteishewekone [koloi e kwahetsweng_Moft.] sa ka. Mme ke kamoo kere tsamayang, matsatsing a mmalwa, ntle le ho tseba moo re yang, ntle le ho tseba seo re tla se etsa ha re fihla mono; ho tsamaya feela. 449 Modimo o a hlolla, ho rona, hoba ditsela tsa Hae di hole le ho fihlelwa. O batla kutlo. “O ya kae?” “Ha e batle wena. Nn’o tsamaye.” “O batla ke etse’ng, Morena?” 450 “Hoo ha se letho ho wena. Wena, Ntatele.” Uh-huh. Uh-huh. “Nn’o tsamaye.” “Ke tla emisa kae?” “Ekaba eng ho wena? Nn’o tsamaye feela.” Ka baka leo, ke nna enwa ke tloha, ka Lebitso la Jesu Kreste. Uh-huh. Amen. Ke a Morata, ke a Mo rata Hoba A nthatile pele O lefeletse pholoho ya ka Fateng sa Golgotha Ke^ (Yena ke bophelo baka), Ke^ (le sohle ke se pheletseng!) Hoba A nthatile pele O lefeletse pholoho ya ka Fateng sa Golgotha. NA EE KE PONTSHO YA BOFELO, MONGHADI? 63 451 Benghadi, na ee ke nako? [Moena Branham le phutheho ba binela lehlaso lohle ka marameng, mmoho, Ke A Mo Rata_Mong.] Mme re sa e bina hape, tshwaranang ka matsoho le motho ya pela hao. E reng, “Moena, kgaitsedi, nthapelle. Ke tla o rapella.” “Ke^” 452 [Moena Branham o a reteleha_Mong.] Nthapelle, Moena Neville. [Moena Neville o re, “Ke tla etsa jwalo, moena. O nthapelle, moena. Ke a leboha.”] Ka botshepehi ruri! Modimo a o hlohonolofatse, Moena^?^Nthapelle,^?^Nthapelle, ^?^Nthapelle. [Moena Branham o binela ka marameng_Mong] O lefe-^ 453 Nthapelle,^?^Nthapelle,^?^Nthapelle^?^ Nthapelle. Nthapelle^?^Nthapelle. ^sa Golgotha. Hoba ke^ A re phahamisetseng matsoho a rona ho Yena jwale. ^Mo rata^(Lerato la nnete!) Hoba A nthatile pele O lefeletse pholoho ya ka Fateng sa Gologotha. E, ke a Mo rata,^(Ka pelo ya ka yohle!) 454 O ka latela, Moena Neville. Ke a kgutla. Tsebisa nako ya tshebeletso. [Moena Neville o tswelapele ho bina le phutheho, Ke A Mo Rata, mme a ntano kwala tshebeletso_Mong.] ` Na Ee Ke Pontsho Ya Bofelo, Monghadi?, Vol. 4 No. 5 (Is This The Sign Of The End, Sir?, Vol. 2 No. 11) Molaetsa wona o tlileng ka Moena William Marrion Branham, o rerilweng tshimolohong ka Senyesemane ka Sontaha mantsiboya, Tshitwe 30, 1962, mane Tabernakeleng ya Branham, Jeffersonville, Indiana, U.S.A., o ntshitswe mabanteng a kgatiso a makenete mme o ngotswe o sa kgutsufatswa ka Senyesemane. Phetolelo ena ya Sesotho sa Borwa e phatlaladitswe ka 1996 ke ba ha: VOICE OF GOD RECORDINGS P.O. Box 950, Jeffersonville, Indiana 47131 U.S.A. Temoso Ea Tokelo Ea Qopitso Litokelo tsohle li babaletsoe. Buka ena e ka porintoa ka porintara ea lelapa molemong oa motho eo kapa ea abjoa, ntle ho tefiso, e le thepa e jalang Evangeli ea Jesu Kreste. Buka ena e ke ke ea rekisoa, ea boela ea hlahisoa ka bongata, ea manehoa leboteng la website, ea bolokoa ka tsela eo e ka boelang ea ntšoa, ea fetoleloa ka lipuo lisele, kapa ea sebelisoa ho qela matlole ntle le tumello e ngotsoeng ea Voice Of God Recordings®. Ho fuoa boitsebiso bo bong kapa bakeng sa thepa e nngoe e ka fumanoang, ka kopo ikopanye le: VOICE OF GOD R ECORDI NGS P.O. BOX 950, JEFFERSONVILLE, I NDIANA 47131 U.S.A. www.branham.org
Documenti analoghi
Copyright, Voice Of God Recordings
Ka Lebitso la Jesu Kreste, rea e kopa. Amen.
7 Morena a le hlohonolofatse, ho aba kopo eo le nang le yona
pelong tsa lona e be e arabelwe.
8 Jwale, kea kgolwa Billy o itse Moena Wheeler o na nkile
...